Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 2/1 leq. 3
  • Ho Phela Har’a Likotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Har’a Likotsi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sireletseha Lefatšeng le Tletseng Likotsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Likarabo Tse Sebetsang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ba Nang le AIDS—ke ba Bakae ba ka Shoang?
    Tsoha!—1988
  • Bophelo bo Botle U ka Etsa Eng ka Bona?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 2/1 leq. 3

Ho Phela Har’a Likotsi

“Ha ho letho leo u ka le etsang letsatsi le leng le le leng—ha re akarelletsa le ho robala—le seng kotsi hoo le ke keng la beha bophelo ba hao kotsing.”—Makasine ea Discover.

BOPHELO bo ’nile ba tšoantšoa le ho tsamaea sebakeng se nang le maraba a fatše, kahobane ho tsoa kotsi kapa lefu li ka tla neng kapa neng, hangata li sa rerisa. Lintho tse bakang likotsi li fapana ka linaha. Li akarelletsa likotsi tse bakoang ke sephethephethe, lintoa tsa lehae, tlala, AIDS, kankere, lefu la pelo le lintho tse ling tse ngata. Ka mohlala, Afrika e ka boroa ho Sahara, AIDS e fetohile ’molai ea ka sehloohong, ’me ka selemo se seng morao tjena, kamoo ho bolelang U.S.News & World Report “e bolaile batho ba limilione tse 2,2, ’me palo ena e feta ea batho ba bolaoang lintoeng tsohle tsa lehae tsa Afrika ka makhetlo a 10.”

Khabareng, lefatše le sebelisa chelete e ngata haholo ho lelefatsa bophelo le ho fokotsa kotsi ea maloetse le ea kholofalo. Mekhoa e mengata e khothalletsoang, e kang ho ja le ho noa ka tsela e matlafatsang ’mele le ho ikoetlisa ’meleng, e ka ba le liphello tse molemo. Leha ho le joalo, ho na le mohloli oa boitsebiso bo tšepahalang o buang ka karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo o ka u thusang ho thabela bophelo bo sireletsehileng le bo batlang bo se na likotsi. Mohloli ona ke Bibele. E na le lintlha tse re tataisang ha re sebetsana le matšoenyeho a mangata a amang ho phela ha rōna hantle ’meleng le a amang boiketlo ba rōna. Ha e le hantle, Bibele ha e sebetsane ka ho qaqileng le bothata bo bong le bo bong. Leha ho le joalo, e fana ka melao-motheo e metle haholo e re tataisang litabeng tse kang mekhoa ea ho ja, ho phela hantle ’meleng, boikutlo ba kelello, ho kopanela liphate, tšebeliso ea joala, koae, le seo ho boleloang hore ke lithethefatsi tsa ho ithabisa le lintho tse ling tse ngata.

Bophelo ba batho ba bangata bo boetse bo tletse ho se tsitse litabeng tsa lichelete. Le hona ntlheng ena Bibele ea re thusa. Ha e khothalletse feela ho ba le pono e bohlale ea chelete le ea tšebeliso ea chelete, empa e boetse e bontša kamoo motho e ka bang mohiruoa kapa mohiri ea molemo. Ka mantsoe a bonolo, Bibele ke tataiso e tšepahalang bakeng sa ho sireletseha licheleteng, ho phela hantle ’meleng le bakeng sa bophelo ka bobona. Na u rata ho bona kamoo Bibele e nang le thuso kateng mehleng ee? Kahoo, re kōpa hore u bale ho ea pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela