Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 2/15 maq. 28-29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litlhaselo Tse Etsoang ka Lik’homphieutha!
    Tsoha!—2012
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Thuso e Molemo ea ho Fetolela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Kannete ke ho se Tšepahale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 2/15 maq. 28-29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Bakreste ba ’nete ba lokela ho talima joang tloaelo e atileng ea batho ba fang ba bang likopi tsa mananeo a khoebo a lik’homphieutha?

Ba bang ba ka leka ho lokafatsa tloaelo ena ka ho qotsa mantsoe a Jesu a reng: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bue ka ho fana ntle ho tefo ka likopi tsa likhatiso tse nang le litokelo tsa bangoli kapa mananeo a k’homphieutha (software), tseo tšebeliso ea tsona e laoloang ke molao. O ne a bua ka ho fana e le karolo ea tšebeletso. Jesu o ile a bolella baapostola ba neng ba e-ea metseng le metsaneng e sa tšoaneng hore ba ne ba lokela ho bolela ka ’Muso, ho folisa ba kulang, le ho leleka bademona. Ho e-na le ho lefisa bakeng sa mosebetsi ona, baapostola ba ne ba lokela hore ba “fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:7, 8.

Kaha palo ea lik’homphieutha tsa batho le tsa khoebo e ntse e phahama, batho ba bangata ba ’nile ba batla ho ba le mananeo a lik’homphieutha. Hangata mananeo ana a lokela ho rekoa. Ke ’nete hore batho ba bang ba ngola mananeo a sa lefelloeng ba be ba hlalose le hore a ka ’na a kopitsoa le ho fetisetsoa ho ba bang. Empa mananeo a k’homphieutha a mangata a rekisoa mabenkeleng. Ebang ba itšebelisetsa ’ona lapeng kapa ba a sebelisa mosebetsing, basebelisi ba mananeo a k’homphieutha ba lebeletsoe ho a reka, le ho a lefella. Haeba e mong a ka nka kapa a kopitsa lenaneo la k’homphieutha ntle le hore a le lefelle, seo e ne e tla ba tlōlo ea molao, joalokaha e ne e tla ba tlōlo ea molao ho kopitsa libuka tse ngata ka mochine, esita le ha u fana ka lintho tse joalo ntle le tefo.

Mananeo a mangata a k’homphieutha (ho akarelletsa le a lipapali) a sebelisoa ka lengolo la tumello, ’me ho hlokahala hore mong’a ’ona kapa motho ea a sebelisang a boloke litekanyetso le lithibelo tse boletsoeng ka ho hlaka tsa mananeo ao. Mangolo a mangata a tumello a hlalosa hore ke motho a le mong feela ea lokelang ho kenya le ho sebelisa lenaneo leo—ka tloaelo lenaneo leo le kenngoa k’homphieutheng e le ’ngoe, ebang ke k’homphieutha ea lapeng kapa ea mosebetsing kapa ea sekolong. Mangolo a mang a tumello a hlalosa hore mosebelisi o lokela ho ba le kopi eo a ipoloketseng eona, empa leha ho le joalo ha aa lokela ho etsetsa batho ba bang likopi. Haeba mosebelisi a batla ho fana ka lenaneo leo la k’homphieutha kaofela (ho akarelletsa le lengolo la tumello le litokomane), a ka etsa joalo. Leha ho le joalo, ka tsela ena o felisa tokelo ea hae ea ho le sebelisa. Mangolo a tumello aa fapana, kahoo motho ea rekang kapa ea rekisetsoang lenaneo leo o lokela ho batlisisa hore na lengolo leo la tumello le na le melao efe.

Linaha tse ngata li kene selekaneng sa tumellano ea ho boloka litokelo tsa bangoli e le hore ho ka sireletsoa “thepa e qapiloeng ka kelello,” e tšoanang le mananeo a lik’homphieutha, ’me li leka ho etsa bonnete ba hore ho bolokoa melao ea litokelo tsa bangoli. Ka mohlala, The New York Times ea la 14 January, 2000, e tlalehile hore “sepolesa sa Jeremane le sa Denmark se ile sa tšoara litho tsa sehlopha se ka hlalosoang e le masholu a ka sehloohong a mananeo a lik’homphieutha” tse neng li etsa likopi tsa mananeo le lipapali tsa lik’homphieutha le ho li aba, esita le ho li rekisa ho Internet.

Phutheho ea Bokreste e nka lehlakore lefe tabeng ee? Ha e le hantle, Jesu o ile a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Sena se bolela hore Bakreste ba lokela ho ikokobelletsa melao ea naha e seng khahlanong le molao oa Molimo. Moapostola Pauluse, ha a bua ka mebuso o ile a ngola: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng . . . Ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo; ba leng khahlanong le eona ba tla iphumanela kahlolo.”—Baroma 13:1, 2.

Hase boikarabelo ba baholo ba phutheho ea Bokreste ho hlahloba lik’homphieutha tsa ba bang, joalokaha eka ba fuoe tumello ea ho hlalosa melao ea litokelo tsa bangoli le ho etsa bonnete ba hore ea phethahatsoa. Empa baa lumela ebile ba ruta hore Bakreste ba lokela ho qoba ho nka lintho tseo e seng tsa bona le hore ba lokela ho leka ka matla ho boloka molao. Sena se sireletsa Bakreste hore ba se ke ba fuoa kotlo ka lebaka la ho tlōla molao, hape se ba nolofalletsa ho ba le matsoalo a matle pel’a Molimo. Pauluse o ile a ngola: “Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lōna.” (Baroma 13:5) Ka mokhoa o tšoanang, Pauluse o hlalositse takatso ea Bakreste ba ’nete ka mantsoe ana: “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

[Lebokose le leqepheng la 29]

Likhoebo tse ling le likolo li reka mangolo a tumello a lumellang palo e itseng ea batho ho sebelisa lenaneo le le leng. Ka 1995, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa buisana ka sehlooho se neng se hatisitsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso (khatisong ea United States) se neng se fana ka keletso ena:

“Lik’hamphani tse ngata tse etsang mananeo a lik’homphieutha le ho a rekisa li ipolokela litokelo tsa bangoli, ’me li fana ka mangolo a tumello a bontšang hore na mananeo ao a ka sebelisoa joang ka molao. Hangata lengolo la tumello le bolela hore motho ea rekileng lenaneo leo la k’homphieutha ha aa lokela ho le kopiletsa ba bang; ha e le hantle, molao oa machaba oa litokelo tsa bangoli o nka ho etsa joalo e le tlōlo ea molao. . . . Lik’hamphani tse ling li rekisa lik’homphieutha tse seng li e-na le mananeo a kentsoeng esale pele le mangolo a tumello. Leha ho le joalo, mabenkele a mang a lik’homphieutha ha a fane ka mangolo a tumello hobane mananeo a kentsoeng esale pele ka har’a lik’homphieutha hase likopi tsa molao, e leng se bolelang hore moreki o tlōla molao ha a sebelisa mananeo ao. Mabapi le sena, Bakreste ba lokela ho qoba ho beha lintho, kapa ho nka boitsebiso bo nang le litokelo tsa bangoli bo fumanehang libotong tsa boitsebiso tsa lik’homphieutha (joaloka lingoliloeng tsa Mokhatlo) le bo kopitsoang ntle le tumello ea beng ba bona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela