Bo-ntate ba Kereke—Na ke Babuelli ba ’Nete ea Bibele?
Ebang u bolela hore u Mokreste kapa che, pono ea hao ka Molimo oa Bibele, ka Jesu le ka Bokreste ho ka etsahala hore ebe e susumelitsoe ke bona. E mong oa bona o ne a bitsoa Molomo-Monate; e mong eena a bitsoa E Moholo. Ha e le sehlopha, ba ’nile ba bitsoa “baemeli ba baholo ba bophelo ba Kreste.” Ke bo-mang bona baa? Ke bahlalefi, bangoli, baruti le bo-rafilosofi ba bolumeli ba boholo-holo ba susumelitseng haholo tsela eo “Bakreste” ba nahanang ka eona kajeno—ke Bo-Ntate ba Kereke.
MOPROFESA oa lithuto tsa bolumeli oa Orthodox ea Magerike, Demetrios J. Constantelos, o re: “Bibele hase eona feela lentsoe la Molimo. Moea o Halalelang o senolang lentsoe la Molimo o ke ke oa fella feela maqepheng a buka.” Ebe mohlomong mohloli o mong o tšepahalang oa tšenolo e tsoang ho Molimo e ka ba ofe? Constantelos o tiisa sena bukeng ea hae e bitsoang Understanding the Greek Orthodox Church: “Neano e Halalelang le Mangolo a Halalelang li nkoa e le litšobotsi tseo ka bobeli e ntseng e le tšenolo e tsoang ho Molimo.”
Motheo oa “Neano [eo] e Halalelang,” o akarelletsa lithuto le lingoliloeng tsa Bo-Ntate ba Kereke. E ne e le baruti ba thuto ea bolumeli le bo-rafilosofi ba “Bakreste” ba tummeng ba phetseng lipakeng tsa lekholo la bobeli le la bohlano la lilemo C.E. Ba susumelitse tsela eo “Bakreste” ba kajeno ba nahanang ka eona hakae? Na ba ne ba tšoarella ka tieo Bibeleng ha ba ruta? Motheo o tiileng oa ’nete ea Bokreste e lokela ho ba ofe bakeng sa molateli oa Jesu Kreste?
Liketsahalo Tsa Histori
Bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo C.E., Bakreste ka lebitso ba ne ba sireletsa tumelo ea bona ho bahlorisi ba Baroma le ba bakhelohi. Leha ho le joalo, nako eo e ne e le mehla ea maikutlo a mangata haholo a thuto ea bolumeli. Likhang tsa bolumeli mabapi le “bomolimo” ba Jesu le hore na moea o halalelang ke eng le hore na o sebetsa’ng li ne li sa thulanye bahlalefi ka lihlooho feela. Ho se lumellane ho matla le likarohano tse ke keng tsa lokisoa tse bakoang ke thuto ea “Bokreste” li ne li kenella ka matla lipolotiking le setsong, ka linako tse ling li baka merusu, bofetoheli, lintoa tsa lehae, esita le lintoa tsa lichaba. Rahistori Paul Johnson o ngola sena: “Bokreste [ba bokoenehi] bo qalile ka pherekano, likhohlano le lintoa ’me kahoo li ile tsa tsoela pele. . . . Lekholong la pele le la bobeli la lilemo AD, Mediterranean e bohareng le e bochabela li ne li tletse maikutlo a mangata a bolumeli ao beng ba ’ona ba neng ba loanela ho a jala. . . . Ho tloha qalong feela, ho ne ho e-na le mefuta e mengata ea Bokreste e neng e sa tšoane.”
Mehleng eo, lingoli le bahlalefi ba neng ba ikutloa hore hoa hlokahala ho hlalosa lithuto tsa “Bokreste” ka mantsoe a filosofi, ba ile ba qala ho ata. Bahetene ba rutehileng ba sa tsoa sokolohela “Bokresteng” ba ne ba khotsofatsoa ka hore lingoli tse joalo tsa bolumeli li itšetlehe haholo ka lingoliloeng tsa pejana tsa Segerike le Sejuda. Ho qala ka Justin Martyr (oa hoo e ka bang 100-165 C.E.), ea neng a ngola ka Segerike, Bakreste ka lebitso ba ile ba tsoela pele haholo ho amoheleng lefa la filosofi ea Bagerike le setso sa bona.
Phetoho ena e ile ea atleha ka mokhoa o hlokomelehang ka har’a lingoliloeng tsa Origen (oa hoo e ka bang ka 185-254 C.E.), eo e neng e le sengoli sa Mogerike sa Alexandria. Boiteko ba pele bo laolehileng ba ho hlalosa lithuto tsa sehlooho tsa thuto ea bolumeli ea “Bokreste” ka mantsoe a filosofi ea Segerike bo entsoe bukeng ea Origen e bitsoang On First Principles. Bohato bo boholo bo ileng ba fana ka matla a macha tlhalosong ea thuto ea “Bokreste,” e bile Seboka sa Nicaea sa (325 C.E.), seo ho sona ho ileng ha etsoa boiteko ba ho hlalosa le ho theha “bomolimo” ba Kreste. Seboka seo se ile sa tšoaea qaleho ea mehla eo ka eona makhotla a tloaelehileng a kereke a neng a batla ho hlalosa thuto ka mokhoa o qaqileng haholoanyane.
Lingoli le Libui
Eusebius oa Sesarea, eo e neng e le mongoli nakong ea Seboka sa Nicaea sa pele, o ne a ikamahanya le Moemphera Constantine. Ka lilemo tse feta-fetang 100 ka mor’a seboka sa Nicaea, baruti ba thuto ea bolumeli, bao boholo ba bona ba neng ba ngola ka Segerike, ba ile ba qala khang e telele le e matla ka thuto ea Boraro-bo-bong eo e neng e tla ba thuto e khethollang Bokreste-’mōtoana. Ba ka sehloohong e ne e le Athanasius, mobishopo ea sebete oa Alexandria, le baeta-pele ba kereke ba bararo ba Cappadocia, Asia Minor—e leng Basil e Moholo, mor’abo Gregory oa Nyssa le motsoalle oa bona Gregory oa Nazianzus.
Lingoli tsa nakong eo le baboleli ba evangeli ba ile ba fetoha likheleke tsa puo. Gregory oa Nazianzus le John Chrysostom (e bolelang “Molomo-Monate”) ka Segerike, hammoho le Ambrose oa Milan le Augustine oa Hippo ka Selatine, e ne e le libui tse hloahloa le litsebi tsa mofuta o hlomphuoang haholo le tse tummeng tsa mehleng ea bona. Sengoli se neng se e-na le tšusumetso e matla ka ho fetisisa sa nako eo e ne e le Augustine. Libuka tsa hae tsa thuto ea bolumeli li fetotse ka hohle tsela eo “Bakreste” ba nahanang ka eona kajeno. Jerome, serutehi se hlahelletseng ka ho fetisisa sa nakong eo, e ne e le eena ea ka sehloohong ha ho fetoleloa Bibele ea Latin Vulgate ho tloha lipuong tsa pele.
Leha ho le joalo, lipotso tsa bohlokoa ke hore: Na Bo-Ntate bao ba Kereke ba ne ba khomaretse haufi le Bibele? Thutong ea bona, na ba ne ba tšoarella ka tieo Mangolong a bululetsoeng? Na lingoliloeng tsa bona ke tataiso e ntle e isang tsebong e nepahetseng ea Molimo?
Na ke Lithuto Tsa Molimo Kapa Tsa Batho?
Haufinyane tjena, Mobishopo e Moholo oa Greek Orthodox e leng Methodius oa Pisidia, o ile a ngola buka e bitsoang The Hellenic Pedestal of Christianity e le hore a bontše hore setso sa Bagerike le filosofi ea bona e bile motheo oa tsela eo “Bakreste” ba nahanang ka eona hona joale. Bukeng eo, o lumela a sa qeaqee, o re: “Hoo e ka bang Bo-Ntate ba Kereke kaofela ba hlahelletseng, ba ne ba thoholetsa mekhoa ea ho ruta e bonolo ea Bagerike, ’me ba ile ba e nka mokhoeng oa ho ngola oa khale oa Segerike, ba e sebelisa e le mokhoa oa hore linnete tsa Bokreste li utloisisoe le ho hlalosoa ka nepo.”
Ka mohlala, nahana ka khopolo ea hore Ntate, Mora le moea o halalelang ke Boraro-bo-bong. Bo-Ntate ba Kereke ba bangata ba ile ba lumela Thuto ea Boraro-bo-bong ba sa thekesele ka mor’a Seboka sa Nicaea. Libuka tsa bona le litlhaloso e bile tsa bohlokoa hore thuto ea Boraro-bo-bong e etsoe karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea thuto ea Bokreste-’mōtoana. Leha ho le joalo, na thuto ea Boraro-bo-bong e thehiloe Bibeleng? Che. Joale Bo-Ntate ba Kereke ba e fumane hokae? A Dictionary of Religious Knowledge e bolela hore ba bangata ba re thuto ea Boraro-bo-bong “ke tomoso e nkiloeng malumeling a bohetene, eaba e kenngoa tumelong ea Bokreste.” The Paganism in Our Christianity e tiisa se latelang: “[Thuto ea Boraro-bo-bong] e simolohile boheteneng ka ho feletseng.”a—Johanne 3:16; 14:28.
Kapa u ke u nahane ka thuto ea hore moea ha o shoe, e leng tumelo ea hore ho na le karolo ea motho e tsoelang pele e phela ka mor’a hore ’mele o shoe. Le hona mona, ke Bo-Ntate ba Kereke ba kentseng khopolo ena bolumeling bo neng bo sa rute hore moea o tsoela pele o phela ka mor’a lefu. Bibele e bontša ka ho hlaka hore moea o ka shoa: “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Tumelo ea Bo-Ntate ba Kereke ea hore moea ha o shoe e ne e thehiloe ho eng? New Catholic Encyclopedia e re: “Khopolo ea Bokreste ea motho oa moea ea bōpiloeng ke Molimo eaba o kenngoa ’meleng oa nama nakong ea kemolo e le hore motho e be boleng bo felletseng bo phelang, e hlahisitsoe ke phetoho e nkileng nako e telele filosofing ea Bokreste. E bile feela ka mor’a hore ho buisanoe le Origen oa Bochabela le Mohalaleli Augustine oa Bophirimela moo ho ileng ha tiisoa hore motho o na le moea ’me ha tiisoa le maikutlo a sebōpeho sa oona ho latela filosofi. . . . [Thuto ea Augustine] . . . (ho akarelletsa le likoli tse itseng) e ne e thehiloe Filosofing ea Plato e Ntlafalitsoeng.” Makasine e bitsoang Presbyterian Life e re: “Thuto ea ho se shoe ha moea ke khopolo ea Bagerike e qapiloeng ke malumeli a mehlolo a boholo-holo ’me ea qaqisoa ke rafilosofi Plato.”b
Motheo o Tiileng oa ’Nete ea Bokreste
Esita le ka mor’a tlhahlobo ena e khutšoanyane ea liketsahalo tsa histori tsa Bo-Ntate ba Kereke, hammoho le tšimoloho ea lithuto tsa bona, ho ntse ho loketse ho botsa, Na Mokreste ea tšepahalang a ka theha tumelo ea hae lithutong tsa Bo-Ntate ba Kereke? Tlohella Bibele hore e arabe.
Taba ea pele ke hore Jesu Kreste ka boeena o ile a hanela tšebeliso ea tlotla ea bolumeli ea “Ntate” ha a ne a re: “Le se ke la bitsa mang kapa mang ntat’a lōna lefatšeng, kaha Ntat’a lōna o mong, Oa leholimo.” (Matheu 23:9) Tšebeliso ea lentsoe “Ntate” ha ho bitsoa motho leha e le ofe ea hlahelletseng bolumeling e hanana le Bokreste le Mangolo. Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le phethiloe hoo e ka bang ka 98 C.E. ka libuka tsa moapostola Johanne. Kahoo, ha ho hlokahale hore Bakreste ba ’nete ba talime motho ofe kapa ofe e le mohloli oa tšenolo e bululetsoeng. Ba hlokolosi hore ba se ke ba ‘etsa lentsoe la Molimo lefeela’ ka lebaka la lineano tsa batho. Ho tlohella lineano tsa batho hore li nke sebaka sa Lentsoe la Molimo ho kotsi moeeng. Jesu o ile a lemosa: “Haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.”—Matheu 15:6, 14.
Na ho na le tšenolo e ’ngoe eo Mokreste a e hlokang ka ntle ho lentsoe la Molimo joalokaha le le ka Bibeleng? Che. Buka ea Tšenolo e hlokomelisa ka hore ho se ke ha eketsoa letho tlalehong e bululetsoeng: “Haeba mang kapa mang a eketsa linthong tsena, Molimo o tla mo ekeletsa likotlo tse ngotsoeng moqolong ona.”—Tšenolo 22:18.
’Nete ea Bokreste e akarelelitsoe ka Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng, e leng Bibele. (Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16; 2 Johanne 1-4) Kutloisiso e nepahetseng ea lona ha ea itšetleha ka filosofi ea lefatše. Mabapi le batho ba ileng ba leka ho sebelisa bohlale ba motho ho hlalosa tšenolo e tsoang ho Molimo, ho loketse ho pheta lipotso tsa moapostola Pauluse, tse reng: “Monna ea bohlale o kae? Mongoli o kae? Mopheha-khang oa tsamaiso ee ea lintho o kae? Na Molimo ha aa ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla?”—1 Bakorinthe 1:20.
Ho feta moo, phutheho ea ’nete ea Bokreste ke “tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Balebeli ba eona ba sireletsa thuto ea bona hore e be e hloekileng ka phuthehong, ba thibela thuto efe kapa efe e silafetseng hore e se ke ea kena ka bolotsana. (2 Timothea 2:15-18, 25) Ba ntšetsa ka ntle ho phutheho ‘baprofeta ba bohata, mesuoe ea bohata le maquloana a timetsang.’ (2 Petrose 2:1) Ka mor’a lefu la baapostola, Bo-Ntate ba Kereke ba ile ba lumella hore “lipolelo tse bululetsoeng tse khelosang le lithuto tsa bademona,” li amohelehe ka phuthehong ea Bokreste.—1 Timothea 4:1.
Liphello tsa bokoenehi bona li totobetse Bokreste-’mōtoaneng kajeno. Litumelo tsa bona le mekhoa ea bona li fapane hōle le ’nete ea Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Taba e buang ka botebo ka thuto ea Boraro-bo-bong e ka fumanoa bukaneng e bitsoang Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
b Bakeng sa puisano e qaqileng ea thuto ea Bibele ka moea, bona leqephe la 217-223 le 312-316 la Ho Bea Mabaka ka Mangolo e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
BO-NTATE BA CAPPADOCIA
Sengoli sa moitlami oa monna se bitsoang Kallistos, se re: “Kereke ea Orthodox . . . e na le tlhompho e khethehileng bakeng sa lingoli tsa lekholo la bone la lilemo, haholo-holo tseo e li bitsang ‘Babishopo ba bararo ba Baholo,’ e leng Gregory oa Nazianzus, Basil e Moholo le John Chrysostom.” Na Bo-Ntate baa ba Kereke ba ne ba thehile lithuto tsa bona Mangolong a bululetsoeng? Mabapi le Basil e Moholo, buka e bitsoang The Fathers of the Greek Church e re: “Libuka tsa hae li bontša hore bophelong bohle ba hae o ile a boloka kamano e haufi haholo le Plato, Homer le bo-rahistori le lingoli tse hloahloa, ’me ha ho pelaelo hore ba ile ba susumetsa mokhoa oa hae. . . . Basil o ile a lula e le ‘Mogerike.’” Ho bile joalo le ka Gregory oa Nazianzus. “Ponong ea hae, tlhōlo le bophahamo ba Kereke li ne li tla bontšoa hamolemo ka hore e amohele ka ho feletseng lineano tsa Segerike.”
Moprofesa Panagiotis K. Christou o ngola se latelang ka bona ba le bararo: “Le hoja nako le nako ba hlokomelisa ka ‘filosofi le thetso ea lefeela’ [Bakolose 2:8]—e le hore feela ba lumellane le taelo ea Testamente e Ncha—ka nako e tšoanang, ba chesehela ho ithuta filosofi le melao ea boitšoaro e amanang le eona ’me ba bile ba khothalletsa batho ba bang hore ba ithute tsona.” Ho hlakile hore baruti bao ba kereke ba ne ba nahana hore Bibele ha ea lekana ho tšehetsa likhopolo tsa bona. Na ebe ho batla ha bona litšiea tse ling tse ba tšehetsang ho ne ho bolela hore lithuto tsa bona li ne li sa lumellane le Bibele? Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba Baheberu, a re: “Le se ke la nkoa ke lithuto tse sa tšoaneng le tse sa tloaelehang.”—Baheberu 13:9.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Archivo Iconografico, S.A./CORBIS
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
CYRIL OA ALEXANDRIA NTATE OA KEREKE EO HO NGANGISANOANG KA EENA
E mong oa Bo-Ntate ba Kereke bao ho ngangisanoang ka bona ka ho fetisisa ke Cyril oa Alexandria (oa hoo e ka bang ka 375-444 C.E.). Rahistori oa kereke ea bitsoang Hans von Campenhausen o hlalosa hore o ne “a tsitlellela maikutlong a hae, a le mabifi a bile a le mano, mosebetsi oa hae oa boemo bo phahameng le seriti sa setulo sa hae li ne li mo mathela hloohong,” ’me o eketsa ka ho re “ho eena ho ne ho se ntho e nepahetseng ntle le haeba e mo thusa ho ntšetsa pele matla a hae le bolaoli ba hae . . . Ho ne ho se mohla a tšoenngoang ke mekhoa ea hae e sehlōhō le e sa tšepahaleng.” Ha Cyril e ntse e le mobishopo oa Alexandria, o ile a theola mobishopo oa Constantinople setulong ka tjotjo, tšenyo ea lebitso le ketselletso. Ho na le maikutlo a hore ke eena ea ikarabellang polaong e sehlōhō ea rafilosofi ea tsebahalang ea bitsoang Hypatia ka 415 C.E. Campenhausen o bolela se latelang mabapi le libuka tsa thuto ea bolumeli tsa Cyril: “O ile a qalisa mokhoa oa hore ho se ke ha arajoa lipotso tsa tumelo ka Bibele feela empa li arajoe le ka hore ho qotsoe litaba tse loketseng tsa litsebi tse amohelehang le litaba tse qotsitsoeng tse bokelletsoeng ke litsebi tseo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Jerome
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian