Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 8/15 maq. 10-13
  • Filosofi Ea Bagerike Na e Ile ea Ntlafatsa Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Filosofi Ea Bagerike Na e Ile ea Ntlafatsa Bokreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e Entsoeng ea Segerike”
  • “Tsamaiso ea Segerike e Entsoeng ea Bokreste”
  • “Bokreste bo Entsoeng Bogerike” le “Filosofi ea Bokreste”
  • Litšila Tse Silafatsang
  • ’Nete
  • Khopolo Ena e Kena Bojudeng, Bokreste-’mōtoaneng le Boislamong
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Bo-ntate ba Kereke—Na ke Babuelli ba ’Nete ea Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Plato
    Tsoha!—2013
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 8/15 maq. 10-13

Filosofi Ea Bagerike Na e Ile ea Ntlafatsa Bokreste?

“Le hoja Bokreste bo le khahlanong le setso sa bohetene sa Bagerike le Baroma, ha e le hantle bo ile ba amohela boholo ba filosofi ea Bagerike le Baroma ba boholo-holo.”—The Encyclopedia Americana.

HAR’A ba neng ba e-na le tšusumetso e tobileng mohopolong oa “Bokreste,” “Mohalaleli” Augustine o boemong bo sa belaetseng. Ho latela The New Encyclopædia Britannica, “mohopolo [oa Augustine] e ne e le boemo boo ho bona bolumeli ba Testamente e Ncha bo ileng ba tsoakana ka ho feletseng le neano ea filosofi ea Bagerike ea Plato; ’me e ne e boetse e le mokhoa oo ka oona tholoana ea motsoako ona e ileng ea fetisetsoa ho Bokreste-’mōtoana ba Bok’hatholike ba Roma ba mehleng e bohareng le Boprostanta ba Mehleng ea Tsosoloso.”

Ka sebele, lefa la Augustine lea tšoarella. Ha Douglas T. Holden a bua ka hore na filosofi ea Bagerike e susumelitse Bokreste-’mōtoana ho isa kae, o ile a re: “Thuto ea Bokreste e tsoakane le filosofi ea Bagerike hoo e hlahisitseng batho ba nang le motsoako oa likarolo tse robong tsa mohopolo oa Bagerike le karolo e le ’ngoe ea mohopolo oa Bokreste.”

Litsebi tse ling li lumela ka tieo hore tšusumetso e joalo ea filosofi e ile ea ntlafatsa Bokreste qalong ea bona, ea ntlafatsa thuto ea bona, ’me ea etsa hore e be e kholisang haholoanyane. Na ho ne ho le joalo? Tšusumetso ea filosofi ea Bagerike e bile teng joang hona neng? Ha e le hantle, na e ile ea ntlafatsa Bokreste kapa e ile ea bo silafatsa?

Ho latella liketsahalo tse ’maloa tsa ho tloha lekholong la boraro la lilemo B.C.E. ho fihlela lekholong la bohlano la lilemo C.E. ka ho hlahloba lipolelo tse ’nè tse sa tloaelehang, ho beha leseling: (1) “Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e Entsoeng ea Segerike,” (2) “Tsamaiso ea Segerike e Entsoeng ea Bokreste,” (3) “Bokreste bo Entsoeng Bogerike” le (4) “filosofi ea Bokreste.”

“Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e Entsoeng ea Segerike”

Ea pele, “Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e Entsoeng ea Segerike,” ka sebele ke polelo e ikhanyetsang. Bolumeli ba pele ba Baheberu, bo ileng ba thehoa ke Molimo oa ’nete, Jehova, bo ne bo sa lokela ho silafatsoa ka likhopolo tsa bolumeli tsa bohata. (Deuteronoma 12:32; Liproverbia 30:5, 6) Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela, bohloeki ba borapeli bo ile ba sokeloa ke ho senngoa ke mekhoa le likhopolo tsa bolumeli ba bohata tse neng li bo potolohile—tse kang tšusumetso e tsoang mehloling ea Baegepeta, Bakanana le Bababylona. Ka masoabi, Iseraele e ile ea lumella borapeli ba eona ba ’nete hore bo senngoe ka ho teba.—Baahloli 2:11-13.

Makholo a lilemo hamorao, ha Palestina ea boholo-holo e ne e fetoha karolo ea ’Muso oa Bagerike tlas’a Alexandere e Moholo lekholong la bone la lilemo B.C.E., tšenyeho ena e ile ea e-ba matla ka ho fetisisa ’me ea siea lefa le tšoarellang le le senyang. Alexandere o ile a thaothela Bajuda lebothong la hae la ntoa. Kamano pakeng tsa Bajuda le mohapi oa bona e mocha e ile ea e-ba le tšusumetso e tebileng mohopolong oa bolumeli ba Sejuda. Mohopolo oa Bagerike o ile oa kenella thutong ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Moprista ea Phahameng Jason o tumme ka hore o ile a theha sekolo sa thuto e phahameng ea Bagerike Jerusalema ka 175 B.C.E. bakeng sa ho ntšetsa pele thuto ea Homer.

Hoa thahasellisa hore ebe Mosamaria e mong, ea ileng a ngola karolong ea bobeli ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., o ne a batla ho hlahisa histori ea Bibele e le sengoliloeng sa histori e entsoeng ea Segerike. Libuka tsa Sejuda tsa mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele, tse kang Judith le Tobit, ha e le hantle li bua ka lipale tsa Bagerike tse tsosang takatso ea botona le botšehali. Ho ile ha hlaha bo-rafilosofi ba Bajuda ba ’maloa ba neng ba leka ho lumellanya mohopolo oa Bagerike le bolumeli ba Sejuda le Bibele.

Motho ea rorisoang ka ho fetisisa ka sena ke Philo, Mojuda oa lekholong la pele la lilemo C.E. Ntle ho tumello o ile a sebelisa lithuto tsa Plato (oa lekholong la bone la lilemo B.C.E.), tsa balateli ba Pythagoras, le tsa Mastoike. Bajuda ba ile ba susumetsoa haholo ke maikutlo a Philo. Ha a akaretsa ho kenngoa ka bohlale hona ha mohopolo oa Bagerike setsong sa Bajuda, mongoli oa Mojuda Max Dimont o re: “Li matlafalitsoe ke mohopolo oa Plato, mokhoa oa ho nahana oa Aristotle, le saense ea Euclid, litsebi tsa Sejuda li ile tsa atamela Torah ka likofuto tse ncha. . . . Li ile tsa tsoela pele ho kenyelletsa monahano oa Bagerike tšenolong ea Sejuda.”

Ha nako e ntse e feta, Baroma ba ile ba hapa ’Muso oa Bagerike, ba busa Jerusalema. Sena se ile sa bulela liphetoho tse khōloanyane tsela. Lekholong la boraro la lilemo C.E., lithuto tsa motheo tsa filosofi le tsa bolumeli tsa bahlalefi ba ileng ba leka ka matla ho hōlisa le ho momahanya likhopolo tsa Plato li ile tsa nka sebōpeho sa tsona sa ho qetela, seo kajeno ka kakaretso se tsejoang e le filosofi ea Plato. Maikutlo ana a ne a tlameha ho ba le tšusumetso e matla Bokresteng ba bokoenehi.

“Tsamaiso ea Segerike e Entsoeng ea Bokreste”

Makholong a pele a mahlano a mehla ea rōna e tloaelehileng, bahlalefi ba itseng ba ile ba leka ho bontša kamano e itseng pakeng tsa filosofi ea Bagerike le ’nete e senotsoeng ea Bibele. Buka ea A History of Christianity e re: “Litsebi tsa filosofi ea likhopolo-taba tsa Bokreste li ne li lokela ho bontša Bagerike ba mashomeng a lilemo pele ho Kreste e le ba loanang senna empa e le ka bofofu hore ba tsebe Molimo, ka puo ea tšoantšetso e le ba lekang ho qapa Jesu ea inahaneloang le Bokreste ba lefeela.”

Plotinus (205-270 C.E.), eo e neng e le mohlorisi oa bahlalefi ba joalo, o ile a etsa tsamaiso e neng e thehiloe haholo-holo khopolong ea Plato. Plotinus o ile a hlahisa khopolo ea moea o arohaneng le ’mele. Moprofesa E. W. Hopkins o itse ka Plotinus: “Thuto ea hae ea bolumeli . . . e bile le tšusumetso e khōlō haholo ho baeta-pele ba nang le maikutlo a Bokreste.”

“Bokreste bo Entsoeng Bogerike” le “Filosofi ea Bokreste”

Ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E., “Bakreste” ba bahlalefi ba ile ba etsa boiteko bo bontšang hore ba ikemiselitse ho khahlisa bahetene ba bahlalefi. Ho sa tsotellehe temoso e hlakileng ea moapostola Pauluse khahlanong le “lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang” le “likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo,’” thutong ea eona mesuoe e joalo e ile ea kenyelletsa likarolo tsa filosofi tse tsoang setsong sa Bagerike ba e potolohileng. (1 Timothea 6:20) Ho ile ha bonahala eka mohlala oa Philo o bontša hore ho ka khoneha ho lumellanya Bibele le likhopolo tsa Plato.—Bapisa le 2 Petrose 1:16.

Ha e le hantle, ho ne ho hlile ho hlaseloa ’nete ea Bibele. Mesuoe ea “Bokreste” e ile ea leka ho bontša hore Bokreste bo tumellanong le tsela ea bophelo ea Bagerike le Baroma ea ho ameha ka lithahasello tsa botho. Clement oa Alexandria le Origen (lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E.) ba ile ba etsa filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng motheo oa se ileng sa fetoha “filosofi ea Bokreste.” Ambrose (339-397 C.E.), mobishopo oa Milan, o ne a “amohetse thuto ea Bagerike e nakong, ea Bokreste le ea bohetene ka ho tšoanang—haholo-holo lingoliloeng . . . tsa Plotinus eo e leng ’muelli oa filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng ea bohetene.” O ile a leka ho fa Baroma ba rutehileng pono ea Baroma le Bagerike ba boholo-holo ea Bokreste. Augustine o ile a latela mohlala oa hae.

Lilemo tse lekholo hamorao, Dionysius eo e leng Setho sa Areopago (eo hape a neng a bitsoa Dionysius oa bohata), mohlomong e le momonke oa Mosyria, o ile a leka ho kopanya filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng le thuto ea “Bokreste.” Ho latela encyclopedia e ’ngoe, “lingoliloeng [tsa hae] li ile tsa rala motheo bakeng sa tšekamelo e hlakileng ea filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng likarolong tse khōlō tsa thuto ea Bokreste ba mehleng e bohareng le bomoeeng ba bona . . . e susumelitseng likarolo tse sa tšoaneng tsa tšobotsi ea thuto ena ea bolumeli le ea borapeli ho fihlela hona joale.” Ke nyeliso e totobetseng hakaakang temosong ea moapostola Pauluse khahlanong le “filosofi le thetso ea lefeela [tse eang] ka neano ea batho”!—Bakolose 2:8.

Litšila Tse Silafatsang

Ho ’nile ha hlokomeloa hore “Bakreste bao e leng Balateli ba Plato ba ile ba etelletsa tšenolo pele ’me ba nka filosofi ea Plato e le kofuto e molemohali e ka fumanehang bakeng sa ho utloisisa le ho sireletsa lithuto tsa Mangolo le neano ea kereke.”

Plato ka boeena o ne a kholisehile hore ho na le moea o sa shoeng. E ’ngoe ea lithuto tsa bohata tse hlaheletseng ka ho fetisisa tse ileng tsa nyonyobela thutong ea “Bokreste” ke ea ho se shoe ha moea. Ho amohela thuto ena ho ke ke ha lokafatsoa ka hore seo se ile sa etsa hore Bokreste bo ipiletse haholoanyane ho matšoele. Ha moapostola Pauluse a ntse a bolela Athene, khubung ea setso sa Bagerike, ha aa ka a ruta thuto ea Plato ea moea. Ho e-na le hoo, o ile a ruta thuto ea Bokreste ea tsoho, le hoja boholo ba bamameli ba hae ba Bagerike bo ile ba thatafalloa ho amohela seo a neng a se bua.—Liketso 17:22-32.

Ho fapana le filosofi ea Bagerike, ka ho hlakileng Mangolo a bontša hore moea hase seo motho a nang le sona empa ke seo a leng sona. (Genese 2:7) Lefung, moea o khaotsa ho phela. (Ezekiele 18:4) Moeklesia 9:5 ea re bolella: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe.” Thuto ea ho se shoe ha moea ha e rutoe ka Bibeleng.

Thuto e ’ngoe ea bohata e ne e amana le boemo ba Jesu pele e e-ba motho, khopolo ea hore o ne a lekana le Ntate oa hae. Buka ea The Church of the First Three Centuries ea hlalosa: “Thuto ea Boraro-bo-bong . . . e simolohile mohloling o sa amaneng ho hang le Mangolo a Sejuda le a Bokreste.” Mohloli oo ke ofe? Thuto ena “e ile ea hōla, ’me e ile ea kenyelletsoa Bokresteng, ka taelo ea Bo-ntate ba Amohetseng Maikutlo a Plato.”

Ka sebele, ha nako e ntse e feta ’me Bo-ntate ba Kereke ba susumetsoa ke filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng ka ho eketsehileng, batho ba lumelang ho Boraro-bo-bong ba ile ba eketseha. Ho ile ha bonahala hore filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng ea lekholong la boraro la lilemo e ile ea ba nolofalletsa ho lumellanya lintho tse sa lumellaneng—ho etsa hore Molimo oa batho ba bararo a bonahale eka ke Molimo a le mong. Ka ho beha mabaka ho latela filosofi ba ile ba bolela hore batho ba bararo e ka ba Molimo a le mong le hoja e mong le e mong a e-na le sebōpeho sa hae se mo khethollang ho ba bang!

Leha ho le joalo, ’nete ea Bibele e bontša ka ho hlaka hore ke Jehova feela eo e leng Molimo ea Matla ’Ohle, Jesu Kreste ke Mora oa Hae ea bōpiloeng ea tlaasana, ’me moea o halalelang ke matla a Hae a sebetsang. (Deuteronoma 6:4; Esaia 45:5; Liketso 2:4; Bakolose 1:15; Tšenolo 3:14) Thuto ea Boraro-bo-bong e hlompholla Molimo a le mong feela oa ’nete ’me e ferekanya batho, e etsa hore ba furalle Molimo eo ba sa mo utloisiseng.

Ntho e ’ngoe hape eo tšusumetso ea filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng e neng e e hlasela mohopolong oa Bokreste ke tšepo ea lilemo tse sekete e thehiloeng Mangolong. (Tšenolo 20:4-6) Origen o ne a tsebahala ka ho nyatsa ha hae ba lumelang pusong ea Kreste ea lilemo tse sekete. Ke hobane’ng ha a ne a hanyetsa hakaale thuto ee ea Bibele e nang le motheo o motle ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete? The Catholic Encyclopedia ea araba: “Ka lebaka la Filosofi ea Plato e Ntlafalitsoeng eo lithuto tsa hae li neng li thehiloe ho eona . . . , [Origen] o ne a ke ke a tšehetsa batho ba lumelang pusong ea Kreste ea lilemo tse sekete.”

’Nete

Ha ho le e ’ngoe ea lintlafatso tse boletsoeng ka holimo e neng e amana le ’nete. ’Nete ena ke sehlopha sohle sa lithuto tsa Bokreste joalokaha li fumanoa ka Bibeleng. (2 Bakorinthe 4:2; Tite 1:1, 14; 2 Johanne 1-4) Bibele ke eona feela mohloli oa ’nete.—Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16.

Leha ho le joalo, sera sa Jehova, sa ’nete, sa moloko oa batho le sa bophelo bo sa feleng—Satane Diabolose, “’molai” le “ntate oa leshano”—o sebelisitse mekhoa e thetsang e sa tšoaneng ho tsoaka ’nete eo. (Johanne 8:44; bapisa le 2 Bakorinthe 11:3.) Har’a likofuto tse matla ka ho fetisisa tseo a li sebelisitseng ke lithuto tsa bo-rafilosofi ba bahetene ba Bagerike—ha e le hantle ke pontšo ea mohopolo oa hae—ha a leka ho fetola se fuperoeng ke lithuto tsa Bokreste le sebōpeho sa tsona.

Motsoako ona oo e seng oa tlhaho oa thuto ea Bokreste le filosofi ea Bagerike ke boiteko ba ho hlapolla ’nete ea Bibele, ho fokotsa matla a eona le ho ipiletsa ha eona ho babatli ba ’nete ba bonolo, ba tiileng le ba ka rutehang. (1 Bakorinthe 3:1, 2, 19, 20) O boetse o sekamela ho silafatsa thuto ea Bibele e hlakileng ka ho feletseng, o etsa hore moeli pakeng tsa ’nete le bohata o bonahale o le lerootho.

Kajeno, tlas’a tataiso ea Hlooho ea phutheho, Jesu Kreste, thuto ea Bokreste ba ’nete e tsosolositsoe. Hape, batho ba batlang ’nete ka tieo ba ka hlokomela phutheho ea ’nete ea Bokreste habonolo haholo ka litholoana tsa eona. (Matheu 7:16, 20) Lipaki tsa Jehova lia rata li bile li thahasella ho thusa ba joalo ho fumana metsi a sa tsoakoang a ’nete le ho ba thusa ho tšoara ka tieo lefa la bophelo bo sa feleng leo Ntate oa rōna, Jehova, a fanang ka lona.—Johanne 4:14; 1 Timothea 6:19.

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 10]

Greek text: From the book Ancient Greek Writers: Plato’s Phaedo, 1957, Ioannis N. Zacharopoulos, Athens; Plato: Musei Capitolini, Roma

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 11]

Augustine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela