Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 6/1 maq. 3-4
  • Litekanyetso Lia Fetoha, Batho ha ba Tšepahale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litekanyetso Lia Fetoha, Batho ha ba Tšepahale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litekanyetso Tsa Lelapa le Tsa Boitšoaro
  • Sebeletsa Jehova ho ea ka Melao ea Hae e Phahameng
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • U ka Tšepa Litekanyetso Tsa Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Itšoare ka Tsela e Khahlisang Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 6/1 maq. 3-4

Litekanyetso Lia Fetoha, Batho ha ba Tšepahale

Mehleng ea Morena Henry I oa Engelane (1100-1135), jarete e le ’ngoe e ne e methoa “ho tloha ntlheng ea nko ea Morena ho fella ntlheng ea monoana o motona oa seatla ha a otlolotse letsoho.” Lirulara tse bolelele ba jarete tsa bafo ba Morena Henry li ne li nepahetse hakae? Ho bonahala tsela feela eo motho a neng a ka metha ka nepo e ne e le hore a etele morena enoa.

KAJENO, litaba tse mabapi le ho metha li etsoa ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane ka litekanyetso. Kahoo, ho hlalosoa hore mithara ke sebaka seo khanya e se tsamaeang nthong e lephaka e se nang moea ka motsotsoana o le mong o aroloang ka 299 792 458. E le hore ho se ke ha e-ba le phoso, khanya ena e tsamaea ka lebelo le sa fetoheng ’me e tsoa lehlaseling le khethehileng. Ha batho ba e-na le thepa eo ka eona ba ka phetang tekanyetso eo, libakeng tsohle ba ka hlahloba ho bona hore na ba metha bolelele ka tsela e tšoanang.

Leha ho le joalo, liphetoho tse bang teng litekanyetsong tsa ho metha, ho sa tsotellehe hore na li nyenyane hakae, li ka baka ho se leka-lekane, ’me ho etsoa boiteko bo boholo ho sireletsa litekanyetso tseo. Ka mohlala, Brithani tekanyetso ea ho bekha boima ke setene sa tšepe sa platinum le iridium se boima ba kh’ilograma e le ’ngoe. Setene sena se bolokiloe National Physical Laboratory. Letsatsi le leng le le leng tšilafalo ea moea e bakoang ke sephethephethe sa likoloi le batho le lifofane tse fetang e eketsa boima ba ntho ena e laolang tekanyetso ea k’hilograma. Leha ho le joalo, setene sena sa tšepe, kapa moqomo, ke kopi ea tekanyetso ea lefatše e behiloeng tlas’a lijana tsa khalase tse tharo ntlong e ka tlaase International Bureau of Weights and Measures ea Sèvres, Fora. Empa boima ba ntho ena le bona boa feto-fetoha ka lebaka la tšenyo eo ho sa fumanoeng hore na e bakoa ke eng. Ho fihlela joale, litsebi tsa lefatše tsa litekanyetso ha li e-s’o etse tekanyetso e hlileng e tsitsitseng.

Le hoja liphetoho tse nyenyane ho bonahala e se tsa bohlokoa ho motho feela, phetoho e feletseng ea tekanyetso e ka baka pherekano. Brithani, phetoho ea ho tloha mokhoeng oa molao oa ho bekha (oa liponto le liaonse) ho ea mokhoeng oa ho bekha oa metric (oa lik’hilograma le ligrama) e ile ea jala ho se tšepane ho hoholo—le teng e le ka lebaka le utloahalang. Kaha batho ka kakaretso ba ne ba se na tsebo e ntle ea mokhoa ona o mocha, bahoebi ba bang ba sa tšepahaleng ba ne ba ithuisa ka ho qhekella bareki.

Litekanyetso Tsa Lelapa le Tsa Boitšoaro

Ho thoe’ng ka phetoho litekanyetsong tsa lelapa le tsa boitšoaro? Liphello tsa liphetoho tse joalo li ka ba kotsi haholo. Litlaleho tsa hona joale tsa ho qhalana ha malapa, bootsoa, le ho hlekahleka bana ho sabaletseng li tšosa ba bangata ’me li tiisa hore re phela mehleng ea ha litekanyetso li senyeha. Malapa a motsoali a le mong, bana ba hōlisoang ke “batsoali” ba tšoanang ka bong, le ho kopanela liphate ho tšosang ho etsoang le bana ba tlhokomelong ea mebuso ea libaka, kaofela ke liphello tsa hore batho ba hana litekanyetso tse amohelehang. Batho ba eketsehileng ba fetoha “baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho, . . . ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo,” joalokaha Bibele e boletse esale pele lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng.—2 Timothea 3:1-4.

Ho senyeha ha litekanyetso tsa boitšoaro ho amana haufi le ho se tšepahale ho hlokang kutloelo-bohloko. Haufinyane tjena ho kheloha litekanyetso tse phahameng tsa bongaka ho totobetseng ho ile ha pepesoa Hyde, toropo e ka leboea Engelane, moo baahi ba neng ba tšepile lingaka tsa bona “tse hlomphehang le tse tšeptjoang.” Empa ba ile ba hlokeloa botšepehi habohloko. Joang? Litlaleho tsa nyeoe li ile tsa bontša hore ngaka e ’ngoe e hlile ea bolaea bakuli ba eona ba basali ba ka bang 15. Ka sebele, mapolesa a ile a tlameha hore a hlahlobe hape taba ea batho ba bang ba fetang 130 ba ileng ba shoa ka lebaka la ngaka eona eo. Hore na ngaka ena e ne e sa tšepahale hakae, ho ile ha totobala ha e ahloloa ’me e kenngoa chankaneng. Basebeletsi ba babeli ba chankana bao e ka ’nang eaba ’m’a bona o bolailoe ke ngaka ena ba ile ba fuoa mesebetsi e meng e le hore ba se ke ba tlameha ho hlokomela ngaka ena e tummeng hampe. Ha ho makatse ha tlaleho ea nyeoe ena e neng e le ho The Daily Telegraph e hlalositse ngaka ena e molato e le “ngaka ‘e khopo ka ho fetisisa.’”

Ka lebaka la litekanyetso tse fetohang le tse senyehang likarolong tse ngata haholo tsa bophelo, ke mang eo u ka mo tšepang ka ho feletseng? Ke hokae moo u ka fumanang litekanyetso tse sa fetoheng, tse tšehelitsoeng ke molaoli ea nang le matla a ho li phethahatsa? Sehlooho se latelang se araba lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela