Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 6/1 maq. 4-6
  • U ka Tšepa Litekanyetso Tsa Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Tšepa Litekanyetso Tsa Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto eo re e Fumanang Molaong
  • Ke Hobane’ng ha Litekanyetso li Senyeha Kajeno?
  • Ho Phela ka Litekanyetso Tsa Molimo
  • Sebeletsa Jehova ho ea ka Melao ea Hae e Phahameng
    Lula U Hopola Letsatsi la Jehova
  • U Lokela ho Khetha Hore na U Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Litekanyetso Lia Fetoha, Batho ha ba Tšepahale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 6/1 maq. 4-6

U ka Tšepa Litekanyetso Tsa Mang?

Moeti e mong ea neng a qala ho etela Afrika o ile a khahloa ke ho bona monna e mong ea neng a eme tsoe! ka thōko ho tsela. O ile a hlokomela hore ka mor’a metsotso e meng le e meng e seng mekae monna enoa o ne a chechela hanyenyane ka lehlakoreng le leng a ntse a eme a otlolohile. Hamorao ke hona moo moeti enoa a ileng a hlokomela hore na ke hobane’ng ha monna enoa a etsa joalo. Ha e le hantle, o ne a leka ho ema moriting oa palo ea mohala. Moriti o ne o sutha butle ha letsatsi la thapama le ntse le reteleha.

JOALOKA moriti oo o neng o etsoa ke letsatsi, litaba le litekanyetso tsa batho li fetoha kamehla. Ha ho bapisoa, Jehova Molimo, “Ntate oa maseli a leholimo,” ha a fetohe. Morutuoa Jakobo o ile a ngola ka eena, a re: “Ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” (Jakobo 1:17) Moprofeta oa Moheberu Malakia o tlalehile phatlalatso ea Molimo e reng: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Molimo o ile a re ho sechaba sa Iseraele mehleng ea Esaia: “Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle. Ka sebele ke tla nka bohato.” (Esaia 46:4) Kahoo, ho feta ha nako ha ho fetole tšepo eo re ka bang le eona litšepisong tsa Ea Matla ’Ohle.

Thuto eo re e Fumanang Molaong

Feela joalokaha litšepiso tsa Jehova li tšepahala ebile li sa fetohe, ho joalo le ka litekanyetso tsa hae tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Na u ka tšepa mohoebi ea sebelisang mefuta e ’meli ea lintho tse bekhang boima, tseo e leng mofuta o le mong feela o nepahetseng? Ka sebele u ke ke ua mo tšepa. Ka tsela e tšoanang, “sekala se qhekellang ke ntho e manyala ho Jehova, empa majoe a ho bekha a feletseng aa mo khahlisa.” (Liproverbia 11:1; 20:10) Molaong oo Jehova a ileng a o fa Baiseraele, o ile a akarelletsa taelo ena: “Le se ke la etsa ka ho hloka toka ha le ahlola, ha le lekanya, ha le bekha kapa le lekanya lintho tse metsi. Le lokela ho ba le sekala se nepahetseng, boima bo nepahetseng, efa e nepahetseng le hine e nepahetseng. Ke ’na Jehova Molimo oa lōna, ea le ntšitseng naheng ea Egepeta.”—Levitike 19:35, 36.

Ho mamela taelo eo ho ne ho tlisetsa Baiseraele mohau oa Molimo hammoho le melemo e mengata ea lintho tse bonahalang. Ka ho tšoanang, ho khomarela litekanyetso tse sa fetoheng tsa Jehova, eseng feela tabeng ea ho lekanya empa likarolong tsohle tsa bophelo, ho fella ka litlhohonolofatso ho morapeli ea mo tšepang. Molimo oa phatlalatsa: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17.

Ke Hobane’ng ha Litekanyetso li Senyeha Kajeno?

Bibele e bontša lebaka la ho senyeha ha litekanyetso kajeno. Buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e bua ka ntoa leholimong, eo phello ea eona e ammeng batho bohle ho tla fihlela kajeno. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Phello ea kapele ea ntoa eo e ile ea e-ba eng? Johanne o tsoela pele: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:12.

‘Bomalimabe bakeng sa lefatše’ bo ile ba tla ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914 ’me e felisa nako ea litekanyetso tse fapaneng haholo le tsa kajeno. Rahistori Barbara Tuchman o re: “Ntoa e Khōlō ea 1914 ho ea ho 1918 e tšoana le mola o arolang nako eo le ea rōna. Ka ho bolaea batho ba bangata hakana ba neng ba tla etsa mesebetsi e molemo lilemong tse latelang, ka ho senya litumelo, ho fetola likhopolo le ho siea masisa-pelo a sa phekoleheng a pherekano, e entse phapang ea sebele, ea monahano le ea boikutlo [pakeng tsa nako ea pele ho Ntoa e Khōlō le ka mor’a eona].” Mphato oa hae rahistori Eric Hobsbawm oa lumela: “Ho tloha ka 1914 ho bile le ho senyeha ho hlokomelehang litekanyetsong tseo ka nako eo li neng li nkoa e le tse loketseng linaheng tse tsoetseng pele . . . Ho thata ho utloisisa ho potlaka ha seo ka bomalimabe e leng ho khutlela ho seo baholo-holo ba rōna ba lekholong la leshome le metso e robong la lilemo ba ka beng ba ile ba se bitsa litekanyetso tsa boqaba.”

Bukeng ea hae e bitsoang Humanity—A Moral History of the Twentieth Century, mongoli Jonathan Glover o re: “Ntho e ’ngoe e khethollang nako ea rōna ke ho fela ha molao oa boitšoaro.” Le hoja ka lebaka la ho oa ha bolumeli lefatšeng la Bophirimela, a e-na le lipelaelo ka molao oa boitšoaro oo motho a sa iketsetsang oona, oa hlokomelisa: “Batho ba tšoanang le ’na ba sa lumeleng molaong oa boitšoaro oa bolumeli ba ntse ba lokela ho tšoenyeha ha o fela.”

Ho se tšepahale mehleng ena—ebang ke khoebong, lipolotiking, kapa bolumeling kapa haesita le likamanong tsa batho le tsa malapa—le liphello tse tšosang, ke karolo ea leano le khopo la Diabolose la ho tlisetsa baahi ba lefatše bomalimabe. Satane o ikemiselitse ho loana ho fihlela qetellong le ho timela hammoho le bohle ba lekang ho phela ka litekanyetso tsa Molimo.—Tšenolo 12:17.

Na ho na le tharollo, pheko ea ho se tšepahale ho atileng? Moapostola Petrose oa araba: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Tšepiso eo re ka e tšepa hobane hase feela hore Molimo o na le matla a ho phethahatsa morero oa hae empa hape o fana ka tiiso ea hore o tla phethahala. Mabapi le ‘lentsoe leha e le lefe le tsoang molomong oa hae,’ Jehova o re: “Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.” Ke tšepiso e tšepahalang ka sebele!—Esaia 55:11; Tšenolo 21:4, 5.

Ho Phela ka Litekanyetso Tsa Molimo

Lefatšeng la litekanyetso tse fetohang le tse senyehang, Lipaki tsa Jehova li leka ho phela ka litekanyetso tsa boitšoaro tsa Bibele. Ka lebaka leo, li fapana le bongata, ’me hangata sena se li memela tlhokomelo le litšomo tsa ba bang.

Kopanong ea Lipaki tsa Jehova London, ’muelli oa Lipaki o ile a botsoa ke moqolotsi oa litaba oa TV hore na Lipaki tsa Jehova e hlile ke Bakreste na. O ile a araba ka ho re: “E, haholo kahobane Jesu ke eena ea re behelang mohlala. Ho na le boikhabi bo bongata lefatšeng ’me re lebisa tlhokomelo ho Jesu Kreste e le eena tsela, ’nete le bophelo. Re lumela hore ke Mora oa Molimo, eseng karolo ea Boraro-bo-bong, kahoo, kutloisiso ea rōna ea Bibele e fapana le ea malumeli a tloaelehileng.”

Ha puisano eo e hlahisoa ho thelevishene ea BBC, moqolotsi eo oa litaba o ile a koala lenaneo leo ka ho re: “Ke ithutile ho hongata haholo ka hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li tla ’me li kokota menyakong ea rōna. Ha ke hopole nkile ka bona batho ba 25 000 ba apereng hantle hakaalo le ba itšoereng hantle hakaalo ba bokane sebakeng se le seng ka nako e le ’ngoe.” Ke bopaki bo botle ka sebele ba bohlale ba ho phela ka litekanyetso tse sa fetoheng tsa Molimo, bo tsoang ho moshebelli eo e seng Paki!

Ha ba bang ba ka ’na ba nyahamisoa ke khopolo ea ho phela ka litekanyetso tseo e seng tsa bona, re u khothalletsa ho ichebela ka Bibeleng ea hao ’me u ithute litekanyetso tsa Molimo. Empa u se ke ua khotsofatsoa ke ho hlahloba taba ka ho e okola ka holimo feela. Latela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Etela Holo ea ’Muso e sebakeng sa heno, ’me u tsebe Lipaki tsa moo. U tla fumana hore ke batho ba tloaelehileng ba behileng tšepo ea bona litšepisong tsa Bibele le ba bontšang tšepo ea bona ho Molimo ka ho leka ho phela ka litekanyetso tsa hae.

Ho khomarela litekanyetso tse sa fetoheng le tse ka tšeptjoang tsa Molimo bophelong ba hao joang kapa joang ho tla u tlisetsa thabo. Ela hloko memo ea Molimo: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:18.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Kajeno, botšepehi ha bo eo khoebong, lipolotiking, bolumeling le likamanong tsa lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela