Pale ea Bophelo
Ke Thabile Ebile Kea Leboha ho sa Tsotellehe Tahlehelo e Utloisang Bohloko
JOALOKAHA HO BOLETSE NANCY E. PORTER
E ne e le ka la 5 June, 1947, nakong ea mantsiboea a futhumetseng Bahamas, lihlekehlekeng tse hōle le lebōpo le ka boroa-bochabela ho United States. Ofisiri ea litaba tsa bojaki e ile ea fihla ho ’na le monna oa ka George, re sa e lebella. E ile ea re fa lengolo le bolelang hore boteng ba rōna lihlekehlekeng tseo ha bo sa amoheleha le hore re ne re lokela “ho tsoa koloneng eo hang-hang!”
’NA LE George re ne re le baromuoa ba pele ba Lipaki tsa Jehova ba tlileng Nassau, e leng motse o moholo ka ho fetisisa Bahamas. Re ile ra abeloa mona ha re qeta ho fumana mangolo sehlopheng sa borobeli sa Gileade, e leng sekolo sa baromuoa se ka leboea New York. Re ne re entse’ng e bakileng khalefo e kaalo ka mor’a ho lula sebakeng see ka likhoeli tse tharo feela? Hona ho tla joang hore ebe ka mor’a lilemo tse fetang 50 hamorao, ke ntse ke le hona moo?
Ho Koetlisetsoa Tšebeletso
Ntate, e leng Harry Kilner, o bile le tšusumetso e matla tseleng eo ke phetseng bophelo ba ka ka eona. O ile a mpehela mohlala o motle haholo, a itela haholo hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova. Le hoja a ne a khathatsoa ke ho kula, o ne a kopanela boboleling hoo e ka bang ka mafelo-beke a mang le a mang, ka cheseho a beha lithahasello tsa ’Muso pele. (Matheu 6:33) Re ne re haelloa ke chelete haholo, empa kamore eo a neng a lokisetsa lieta ho eona e ne e le setsi sa mosebetsi oa moea Lethbridge, Alberta, Canada, lilemong tsa bo-1930. Lintho tsa khale tseo ke sa ntseng ke li hopola ke ha basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova, ba bitsoang bo-pula-maliboho, ba etela lapeng ’me ba re qoqela liphihlelo.
Ke ile ka qala tšebeletso ea ka ea bopula-maliboho ka 1943 haufi le Fort Macleod le Claresholm, Alberta. Ka nako eo mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o thibetsoe Canada ka lebaka la liketselletso tsa bahanyetsi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Tšimo ea rōna e ne e sabaletse ka lik’hilomithara tse 100 ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, empa kaha re ne re le bacha ’me re le sehlahlo, re ne re sa tšoenngoe ke ho palama libaesekele kapa ho tsamaea ka maoto ho ea metseng e menyenyane le lipolasing tse sebakeng seo. Nakong ena ke ile ka ba le monyetla oa ho qoqa le ba bang ba fumaneng mangolo Gileade, ’me liphihlelo tsa bona li ile tsa ntšusumelletsa hore ke lakatse ho ba moromuoa.
Ka 1945, ke ile ka nyaloa ke George Porter, ea neng a tsoa Saskatchewan, Canada. Batsoali ba hae e ne e bile Lipaki tse chesehang ho tloha ka 1916, ’me le eena o ne a ikhethetse mosebetsi oa tšebeletso ea nako e tletseng. Kabelo ea rōna ea pele e ne e le Lynn Valley e ntle e Vancouver Leboea, Canada. Nakoana ka mor’a moo re ile ra memeloa ho ea Gileade.
Ha lilemo li ntse li feta ke ’nile ka bua le batho ba fumaneng mangolo liseminaring tse sa tšoaneng tsa thuto ea bolumeli ’me ke hlokometse kamoo koetliso ea bona ea thuto ea bolumeli e fokolisitseng tumelo ea bona ho Molimo le Lentsoe la hae, Bibele kateng. Ha ho bapisoa, seo re ithutileng sona Gileade se chorisitse bokhoni ba rōna ba ho nahana ’me habohlokoa ka ho fetisisa, se matlafalitse tumelo ea rōna ho Jehova Molimo le Lentsoe la hae. Bao re neng re le sehlopheng se le seng le bona ba ile ba abeloa Chaena, Singapore, India, linaheng tsa Afrika, Amerika Boroa, le libakeng tse ling. Ke sa hopola thabo e bileng teng ha re fumana hore re abetsoe lihlekehlekeng tsa linaha tse chesang tse mongobo tsa Bahamas.
Kamoo re Ileng ra Khona ho Lula
Leeto la rōna la ho ea Bahamas le ne le le lekhutšoanyane ha le bapisoa le maeto ao bao re neng re le sehlopheng se le seng le bona ba ileng ba a nka ho ea likabelong tsa bona. Ka mor’a nako e khutšoanyane re ne re se re thabela boemo bo futhumetseng ba leholimo, sepakapaka se seputsoa, metsi a boputsoa bo botala, mehaho e mebala-bala le libaesekele tse se nang palo. Leha ho le joalo, ntho eo ke sa ntseng ke e hopola ka botebo ke sehlotšoana sa Lipaki tse hlano tse neng li re emetse ha sekepe sa rōna se fihla. Kapele re ile ra fumana hore mokhoa oa mona oa bophelo o fapane haholo le oo re o tloaetseng. Ka mohlala, monna oa ka o ile a kōptjoa hore a khaotse ho mpitsa moratuoa ha batho ba le teng, kaha ka tloaelo lentsoe leo le sebelisoa feela ho nyatsi.
Kapele, baruti bao ka ho totobetseng ba neng ba sokeloa ke ho itsamaela ha rōna ka bolokolohi har’a batho, ba ile ba re qosa ka bohata hore re Makomonisi. Ka lebaka leo, re ile ra laeloa hore re tsoe ka har’a naha. Empa Lipaki—tseo matsatsing ao li neng li le ka tlaase ho 20 lihlekehlekeng tseo—ka potlako li ile tsa fumana batho ba likete ba ileng ba lumela ho saena kōpo ea hore re lumelloe ho lula. Kahoo, taelo ea ho re leleka e ile ea hlokomolohuoa.
Ho ea Tšimong e Ncha
’Nete ea Bibele e ile ea mela ka potlako lipelong tse ratang Molimo, kahoo baromuoa ba eketsehileng ba Gileade ba ile ba romeloa Bahamas. Joale, ka 1950, ho ile ha thehoa ofisi ea lekala. Lilemo tse leshome hamorao, Milton Henschel, eo e leng setho sa basebetsi ba ntlo-khōlō Brooklyn, New York, o ile a etela Bahamas ’me a botsa baromuoa hore na ho na le ea ratang ho ea qala mosebetsi oa boboleli sehlekehlekeng se seng sa Bahamas. ’Na le George re ile ra ithaopa, eaba ho qaleha se ileng sa fetoha ho lula Long Island ka lilemo tse 11.
Sehlekehleke sena, e leng se seng sa tse ngata tse etsang Bahamas, se bolelele ba lik’hilomithara tse 140 le bophara ba lik’hilomithara tse 6, ’me morao koo, se ne se se na litoropo tsa sebele. Motse-moholo o bitsoang Toropo ea Clarence, o ne o e-na le mahae a ka bang 50. Ho ne ho pheloa bophelo ba boholo-holo haholo—ho se motlakase, ho se metsi a pompo, ho se moo ho ka pheheloang teng ka tlung, ho se lipeipi tsa tsamaiso ea metsi. Kahoo re ile ra tlameha ho lumellana le bophelo ba se bitsoang sehlekehleke sa mahaeng. Sebakeng sena batho ba ne ba rata haholo ha ho buisanoa ka bophelo ba bona. Re ile ra ithuta hore tumelisong ea rōna re se ke ra kenyelletsa potso e reng, “U phela joang kajeno?” kaha hangata karabo e ne e tla ba tlaleho e telele ea histori e feletseng ea boloetse ba motho.
Karolo e khōlō ea bopaki ba rōna e ne e etsoa ho tloha kichineng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe hobane hangata batho ba ne ba fumaneha likichineng tsa bona tse ka ntle tse ruletsoeng ka joang tse nang le leifo la patsi. Baahi ba bangata e ne e le balemi kapa batšoasi ba litlhapi ba futsanehileng empa ba le mosa haholo. Boholo ba bona bo ne bo sa sekamela linthong tsa bolumeli feela empa hape bo ne bo sebelisa tumela-khoela haholo. Hangata liketsahalo tse sa tloaelehang li ne li nkoa e le lipontšo.
Baruti ba ne ba sa tšabe ho kena malapeng a batho ba sa mengoa ebe ba tabola lingoliloeng tsa Bibele tseo re neng re li siile. Kahoo ba ne ba tšosa ba boi, empa hase e mong le e mong ea neng a tšosoa ke bona. Ka mohlala, mosali-moholo e mong ea mahlahahlaha ea lilemo li 70 ha aa ka a lumella litšoso tseo. O ne a batla ho utloisisa Bibele molemong oa hae, ’me qetellong o ile a fetoha Paki hammoho le ba bang ba bangata. Ha re ntse re fumana batho ba eketsehileng ba thahasellang, George o ne a lokela ho khanna koloi lik’hilomithara tse 300 ka Lisontaha tse ling, a ba thusa hore ba be teng libokeng tsa rōna.
Likhoeling tse qalang ha ho ne ho e-s’o be le Lipaki tse ling, ’na le George re ne re boloka bomoea ba rōna ka ho tšoara liboka tsohle tse tloaelehileng tsa Bokreste. Ho phaella moo, re ne re latela lenaneo le etsoang ka mafolofolo bosiu bo bong le bo bong ba Mantaha la ho ithuta thuto e makasineng ea Molula-Qhooa le ho etsa ’malo oa rōna oa Bibele. Hape re ne re bala litokollo tsohle tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hang ha re li fumana.
Ntate o ile a hlokahala ha re ntse re le Long Island. Lehlabuleng le hlahlamang, ka 1963, re ile ra lokisetsa hore ’Mè a tl’o lula haufi le rōna. Le hoja a ne a hōlile lilemong, o ile a lumellana le maemo ka ho lekaneng ’me o ile a lula Long Island ho fihlela lefung la hae ka 1971. Kajeno, Long Island e na le phutheho e nang le Holo e ncha ea ’Muso.
Phephetso e Utloisang Bohloko
Ka 1980, George o ile a lemoha hore o qala ho fokolloa ke bophelo. Ka tsela ena ho ile ha qaleha e ’ngoe ea liphihlelo tse bohloko ka ho fetisisa bophelong ba ka—ho shebella ha monna oa ka ea ratoang, mosebetsi-’moho le motsoalle a hlōloa ke lefu la Alzheimer. Botho bohle ba hae bo ile ba fetoha. Karolo ea ho qetela le e sithabetsang ka ho fetisisa e ile ea nka lilemo tse ka bang ’nè pele ho lefu la hae ka 1987. Ha ho khoneha o ne a tsamaea le ’na ho ea tšebeletsong le libokeng, le hoja ka matsatsi a mangata boiteko ba hae bo ne bo etsa hore ke lle. Lerato le leholo la barab’eso ba Bakreste e bile le tšelisang e le kannete, empa ke ntse ke mo hopola haholo.
E ’ngoe ea litšobotsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa lenyalo la ka le George e ne e le puisano ea rōna e neng e etsoa khafetsa ’me e le monate. Kaha joale George ha a sa phela, ke leboha ho feta leha e le neng pele hore ebe Jehova o mema bahlanka ba hae hore ba ‘rapele ba sa phetse,’ hore ba ‘phehelle thapelong,’ le hore ba sebelise “thapelo ea mofuta o mong le o mong.” (1 Bathesalonika 5:17; Baroma 12:12; Baefese 6:18) Ho tšelisa haholo ho tseba hore Jehova o amehile ka boiketlo ba rōna. Ka sebele ke ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a bina a re: “Ho bokoe Jehova, eo letsatsi le leng le le leng a re jarelang mojaro.” (Pesaleme ea 68:19) Ho shebana le letsatsi le le leng ka nako, ho amohela mefokolo ea ka, le ho leboha litlhohonolofatso tseo letsatsi ka leng le li tlisang feela joalokaha Jesu a elelitse, ruri ke eona tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela.—Matheu 6:34.
Meputso e Thabisang ea Tšebeletso
Ho tšoareha tšebeletsong ea Bokreste ho nthusitse hore ke se ke ka nahana haholo ka lintho tse fetileng. Kahoo ke khona ho hlōla maikutlo a ka lebisang ho tepelleng maikutlo. Ho ruta ba bang ’nete ea Bibele e bile mohloli o khethehileng oa thabo. Ho fana ka kemiso e laolehileng ea moea e etsang hore bophelo ba ka bo hlophisehe ’me bo be le botsitso.—Bafilipi 3:16.
Nkile ka fumana thelefono e tsoang ho mofumahali eo ke neng ke mo bolelle molaetsa oa ’Muso lilemong tse fetileng tse ka bang 47. Ke morali oa e mong oa liithuti tsa pele tsa Bibele tseo re bileng le tsona ha re fihla Bahamas ka 1947. ’Mè oa hae, ntate oa hae, le banab’abo kaofela ba bashemane le ba banana e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova joalokaha boholo ba bana ba bona le litloholo tsa bona e ile ea e-ba Lipaki tsa Jehova. Ha e le hantle, litho tse fetang 60 lelapeng labo mosali enoa ke Lipaki. Empa ha ho mohla eena a kileng a amohela ’nete ea Bibele. Empa joale, qetellong o ne a ikemiselitse ho ba mohlanka oa Jehova Molimo. E bile thabo e kaakang ho shebella ha Lipaki tse seng kae tse neng li le Bahamas ha ’na le George re fihla, li eketseha ho ba ka holimo ho 1 400!
Ka linako tse ling batho ba mpotsa hore na ha ke ikoahlaee hore ebe ha kea ka ka ba le bana. Ruri ho ba le bana e ka ba ntho e thabisang. Leha ho le joalo, lerato leo kamehla ke le bontšoang ke bana ba ka ba moea, litloholo le litloholoana, ke ntho eo mohlomong e sa fumanoeng ke batsoali bohle ba bileng le bana. Ka sebele, ba ‘sebetsang se molemo’ ’me ba ‘ruile mesebetsing e metle’ ke bona batho ba thabileng ka ho fetisisa. (1 Timothea 6:18) Ke ka lebaka leo ke lulang ke tšoarehile tšebeletsong ho latela kamoo bophelo ba ka bo ntumellang kateng.
Ka letsatsi le leng ha ke le ngakeng ea meno, mosali e mong e mocha o ile a nkatamela ’me a re, “Ha u ntsebe, empa ’na kea u tseba, ’me ke mpa ke batla ho u tsebisa feela hore kea u rata.” Eaba o tsoela pele ho pheta kamoo a ileng a tseba ’nete ea Bibele kateng le kamoo a lebohang kateng hore ebe rōna baromuoa re tlile Bahamas.
Ka lekhetlo le leng ha ke tsoa phomolong, ke ile ka fumana rosa e le ’ngoe monyako oa moo ke lulang teng hona joale ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Nassau. E ne e e-na le mantsoe a reng, “Re thabela hore ebe u fihlile lapeng.” Pelo ea ka e khaphatseha teboho, ’me e etsa hore ke rate Jehova haholo ha ke bona hore na Lentsoe la hae, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, le moea oa hae li hlahisitse batho ba mofuta ofe! Kannete letsoho la Jehova le matlafatsang le bonahatsoa hangata ka ba re pota-potileng.
Ho ba le Teboho e Khaphatsehang
Hase kamehla bophelo bo ’nileng ba ’nolofalla, ebile le hona joale ha bo bonolo. Empa ho na le lintho tse ngata tseo ke li lebohang—thabo ea tšebeletso, lerato le boikutlo bo mofuthu ba bara le barali beso ba bangata ba Bakreste, tlhokomelo e lerato ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, linnete tse babatsehang tse tsoang ka Bibeleng, tšepo ea ho ba le baratuoa ha ba tsosoa bafung, le mehopolo ea lilemong tse 42 ke nyetsoe ke mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. Pele re nyalana, ke ne ke ile ka rapela hore kamehla ke ’ne ke khone ho thusa monna oa ka hore a lule tšebeletsong ea nako e tletseng eo a neng a e rata haholo. Ka mosa Jehova o ile a araba thapelo eo. Kahoo ke lakatsa ho bontša teboho ea ka ho Jehova ka hore kamehla ke tšepahale ho eena.
Bahamas ke sebaka se ratoang ke bahahlauli, ba sebelisang liranta tse likete hore ba tle linaheng tse chesang tse mongobo ’me ba thabele menyaka ea teng. Ka lebaka la ho etsa khetho ea ho sebeletsa Jehova kae kapa kae moo mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o nkisang teng, ke bile le phihlelo e thabisang ea ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lihlekehleke tsena ho ea ho e ’ngoe, ke phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Empa habohlokoa ka ho fetisisa, ke latsoitse ka ba ka ananela lerato la batho ba molemo ka ho fetisisa ho batho ba nang le botsoalle ba Bahamas.
Ke leboha haholo batho ba ileng ba tlisetsa batsoali ba ka ’nete, ’me batsoali ba ka ba ile ba jala takatso ea ho batla ’Muso oa Molimo pele kelellong ea ka e nyenyane le pelong ea ka. Kajeno bahlanka ba banyenyane ba Jehova ba ka amohela litlhohonolofatso ka ho tšoanang haeba ba kena ka “monyako o moholo” o lebisang menyetleng e meholo ea tšebeletso e atolositsoeng. (1 Bakorinthe 16:9) Le uena u tla ba le teboho e khaphatsehang haeba u sebelisa bophelo ba hao ho hlompha Jehova, “Molimo oa melimo.”—Deuteronoma 10:17; Daniele 2:47.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Mosebetsing oa seterateng Victoria, B.C., ka 1944
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
’Na le George re bile Sekolong sa Gileade ka 1946
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ke na le George ka pel’a lehae la baromuoa Nassau, Bahamas, ka 1955
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lehae la baromuoa Deadman’s Cay, moo re ileng ra sebeletsa teng ho tloha ka 1961 ho fihlela ka 1972