Pale ea Bophelo
Boitelo bo Fokolang Boo re bo Entseng bo re Tliselitse Litlhohonolofatso Tse Enneng
JOALOKAHA HO BOLETSE GEORGE LE ANN ALJIAN
Le litorong tsa rōna ha ho mohla ’na le mosali oa ka re neng re kile ra lora hore ka le leng la matsatsi re tla fapanya “tichere” le “toeba.” Ho ne ho bile ho se mohla re kileng ra nahana hore etlare re se re fetile lilemo tse 60 re be re ntse re ithuta ho ngola litlhaku tse kang mantakalatsane e le ha re leka ho buisana le batho ba tsoang Bochabela bo Hōle. Empa sena ke sona seo ’na le Ann re ileng ra se etsa ho elella lilemong tsa bo-1990. E-re re u bolelle kamoo boitelo bo fokolang boo re bo entseng ho theosa le lilemo bo re tliselitseng litlhohonolofatso tse ngata kateng.
KE HLAHETSE lelapeng la Maarmenia ’me ke ne ke kena Kereke ea Armenia. Ann e ne e le Moroma oa K’hatholike. Ka bobeli re ile ra sekisetsa litumelo tsa rōna tsa bolumeli ha re nyalana ka 1950. Ke ne ke le lilemo li 27, ’me Ann a le lilemo li 24. Re ile ra lula foleteng e mokatong o ka holim’a khoebo ea ka ea dry-clean e Jersey City, New Jersey, U.S.A. Ka nako eo ke ne ke bile le khoebo ena ka lilemo tse ka bang ’nè.
Ka 1955 re ile ra reka ntlo e ntle e nang le likamore tse tharo tsa ho robala, Middletown, New Jersey. Ntlo eo e ne e ka ba lik’hilomithara tse 60 ho tloha khoebong ea ka, eo ke neng ke sebetsa ho eona matsatsi a tšeletseng ka beke. Ke ne ke fihla hae bosiu letsatsi le leng le le leng. Makhetlo feela ao ka ’ona ke neng ke kopana le Lipaki Tsa Jehova e ne e le nako le nako ha li tlile khoebong ea ka ’me li ntšiela lingoliloeng tsa Bibele. Ke ne ke bala lingoliloeng tseo ka thahasello e khōlō. Le hoja khoebo ea ka e ne e nkukela nako e ngata ebile e hloka hore ke e fe tlhokomelo e ngata, ke ile ka hlompha Bibele ka ho tebileng.
Ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore seteishene sa seea-le-moea sa Watchtower, sa WBBR, se ne se hasa lipuo tsa Bibele nakong eo ke tsamaeang ka koloi ke ea khoebong ea ka le ha ke khutla. Ke ile ka mamela lipuo tseo ka hloko, ’me thahasello ea ka ea hōla hoo ke ileng ka kōpa Lipaki hore li nketele. Ka November 1957, George Blanton o ile a nketela lapeng ’me a qalisa thuto ea Bibele le ’na.
Lelapa la Rōna le Momahana Borapeling bo Hloekileng
Ann o ile a ikutloa joang ka see sohle? E-re a u phetele.
“Qalong ke ne ke hanyetsa ka matla. Nakong ea ha George a ithuta Bibele ke ne ke ba ferekanya hoo a ileng a ba a etsa qeto ea hore a ithutele sebakeng se seng, a qeta likhoeli tse robeli a etsa seo. Nakong eo, George o ile a qala ho ea libokeng ka Sontaha Holong ea ’Muso. Ke ile ka hlokomela hore o fela a lomahantse meno ka ho ithuta Bibele kaha leo e ne e le lona feela letsatsi leo a sa sebetseng ka lona. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho ba monna le ntate ea molemo—a ba molemo le ho feta—’me boikutlo ba ka ba qala ho fetoha. Ha e le hantle, ka linako tse ling ha ke ne ke phumola tafole ho se motho ea nchebileng, ke ne ke ee ke nke makasine ea Tsoha! eo George a neng a atisa ho e beha moo, ebe kea e bala. Ka linako tse ling, George o ne a mpalla lihlooho tsa Tsoha! tse sa amaneng ka ho toba le thuto e itseng ea bolumeli empa li lula li totobatsa ’Mōpi.
“Mantsiboeeng a mang ha George a il’o ithuta Bibele le Mor’abo rōna Blanton, ke ile ka nka khatiso e ’ngoe eo mor’a rōna ea lilemo li peli, George, a neng a e behile tafoleng pel’a bethe ea ka. E ne e bua ka tšepo bakeng sa bafu. Le hoja ke ne ke khathetse, ke ile ka qala ho e bala kaha Nkhono o ne a sa tsoa hlokahala, ’me ke nyahame haholo. Ho ile ha re etlo! ’me ka qala ho utloisisa ’nete ea Bibele ea hore bafu ha ba hlokofatsoe kae-kae le hore ba tla boela ba phela tsohong e tlang. Ho e-s’o fete le nako e kae ka be ke se ke lutse fatše betheng, ke bala ka cheseho ke bile ke sehella lintlha tseo ke batlang ho li bontša George ha a khutla thutong ea hae ea Bibele.
“Mohats’a ka o ile a thatafalloa ho lumela hore efela e le ’na. Ha a tloha hae, ke ne ke hanyetsa, ’me hona joale ke ne ke nyakaletse haholo ke linnete tse babatsehang tsa Bibele tseo ke ithutileng tsona! Re ile ra lula ho fihlela ka matjeke re ntse re buisana ka Bibele. George o ile a ntlhalosetsa morero oa Molimo ka lefatše. Hona bosiung boo ke ile ka mo kōpa hore na a ka tšoarela thuto ea hae lapeng e le hore le ’na nka kopanela ho eona.
“Mor’abo rōna Blanton o ile a etsa tlhahiso ea hore bana ba be teng thutong ea rōna. Re ne re nahana hore ba sa le banyenyane haholo, kaha e mong o ne a le lilemo li peli feela ’me e mong a le lilemo li ’nè. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Blanton o ile a re bontša Deuteronoma 31:12, e reng: ‘Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane . . . , e le hore ba mamele le hore ba ithute.’ Re ile ra thabela tataiso eo ra ba ra lokisetsa hore bana ba arabe nakong ea thuto ea Bibele. Re ne re lokisetsa likarabo tsa rōna hammoho, empa le ka mohla re ne re sa ba bolelle hore na ba re’ng. Re lumela hore sena se ile sa thusa ho tataisa bana ba rōna hore ba etse hore ’nete e be ea bona. Re tla lula re ananela tataiso eo Mor’abo rōna Blanton a ileng a re fa eona ho thusa lelapa la rōna ho hōla moeeng.”
Liphephetso Tse Hlokang Boitelo
Kaha joale re ne re se re momahane ho ithuteng Bibele, re ile ra tobana le liphephetso tse ncha. Kaha khoebo ea ka e ne e le hōle, ke ne ke atisa ho fihla lapeng ka mor’a hora ea borobong bosiu. Ka hona, ke ne ke sa khone ho ba teng libokeng tsa har’a beke, le hoja ke ne ke e-ba teng ka Lisontaha. Ka nako eo, Ann o ne a e-ba teng libokeng tsohle a bile a etsa tsoelo-pele e potlakileng. Le ’na ke ne ke batla ho ba teng libokeng tsohle le ho tsamaisa thuto ea lelapa e nang le sepheo. Ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa boitelo bo itseng. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho fokotsa lihora tsa ka tsa mosebetsi, le hoja seo se ne se ka ’na sa bolela ho lahleheloa ke ba bang ba batho bao ke ba hlatsoetsang liaparo.
Tokisetso eo e ile ea sebetsa hantle haholo. Re ne re nka thuto ea lelapa ka ho teba feela joalokaha re ne re nka liboka tse ling tse hlano tsa beke le beke tse tšoareloang Holong ea ’Muso ka ho teba. Re ne re e bitsa seboka sa rōna sa botšelela. Kahoo re ile ra beha letsatsi le nako e tobileng—Laboraro la beke e ’ngoe le e ’ngoe ka 8:00 bosiu. Ka linako tse ling ka mor’a lijo tsa mantsiboea, ha re qeta ho phutha lijana re li isa ka kichineng, u ne u tla utloa e mong oa rōna a re, “E se e le nako ea ‘seboka’ joale!” Ann o ne a ee a qale thuto haeba ke lieha ho fihla, ebe ke tsoela pele ka eona hang ha ke fihla.
Ntho e ’ngoe e neng e re boloka re le matla re bile re momahane re le lelapa e ne e le ho bala temana ea letsatsi re le hammoho hoseng. Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le bothata ha re lokisetsa sena. E mong le e mong o ne a itsohela ka nako ea hae. Re ile ra buisana ka taba ena ’me ra etsa qeto ea hore re tla tsoha ka nako e le ’ngoe, re je lijo tsa hoseng ka 6:30 hoseng, ebe re hlahloba temana ea letsatsi re le hammoho. Sena se ile sa re tsoela molemo haholo. Ha bara ba rōna ba hōla, ba ile ba khetha ho kenela tšebeletso ea Bethele. Re lumela hore puisano ena ea kamehla e ile ea tlatsetsa bomoeeng ba bona.
Litokelo Tsa Tšebeletso Tse Ileng Tsa Hlaha ka Mor’a Kolobetso li ne li Hloka Boitelo bo Eketsehileng
Ke ile ka kolobetsoa ka 1962, ’me ka mor’a lilemo tse 21 ke sebetsa khoebong ea ka, ke ile ka e rekisa ’me ka batla mosebetsi haufi le hae e le hore ke be haufi le lelapa ’me re khone ho sebeletsa Jehova hammoho. Sena se ile sa tlisa litlhohonolofatso tse ngata. Re ile ra ipehela pakane ea hore kaofela ha rōna re tla kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Seo se ile sa qala mathoasong a lilemo tsa bo-1970, ha mora oa rōna e moholo, e leng Edward, e e-ba mosebeletsi oa nako e tletseng, kapa pula-maliboho oa kamehla, hang feela ha a qeta sekolong se phahameng. Nakoana ka mor’a moo, mora oa rōna George o ile a qala ho bula maliboho, ’me Ann le eena a latela ka mor’a nakoana. Ka boraro ba bona ba ne ba nkhothatsa haholo, kaha ba ne ba mphetela liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba le tšebeletsong ea tšimo. Re ile ra buisana re le lelapa hore na re ka nolofatsa bophelo ba rōna joang e le hore kaofela ha rōna re ka ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Re ile ra etsa qeto ea ho rekisa ntlo. Re ne re qetile lilemo tse 18 re lula ntlong eo ’me bana ba rōna ba hōletse moo. Re ne re rata ntlo eo e le kannete, empa Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea rōna ea ho e rekisa.
Edward o ile a memeloa Bethele ka 1972, ’me George eena ka 1974. Le hoja ’na le Ann re ne re ba hloloheloa, ha rea ka ra lulela ho nahana kamoo ho neng ho tla ba monate kateng haeba ba ne ba lula haufi le rōna, ba nyala ’me ba e-ba le bana. Ho e-na le hoo, re ile ra thaba hore ebe bara ba rōna ba sebeletsa Jehova Bethele.a Re lumellana le mantsoe a Liproverbia 23:15, a reng: “Mora oa ka, haeba pelo ea hao e hlalefile, esita le pelo ea ka e tla thaba.”
Re Kenela Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Khethehileng
Ha bara ba rōna ka bobeli ba se ba le Bethele, re ile ra tsoela pele ka bopula-maliboho. Eaba ka letsatsi le leng ka 1975, re fumana lengolo le re memelang ho kenela mosebetsi oa bopula-maliboho bo khethehileng tšimong e sa abuoang Clinton County, Illinois. Re ne re sa lebella seo ho hang! Seo se ne se bolela hore re lokela ho tloha New Jersey, moo re neng re le haufi le bara ba rōna, New York, ebile e le moo metsoalle le beng ka rōna ba leng teng. Leha ho le joalo, re ile ra nka seo e le kabelo e tsoang ho Jehova ’me ra etsa boitelo, e leng ho ileng ha tlisa litlhohonolofatso tse ncha.
Ka mor’a likhoeli tse seng kae re sebetsa tšimo eo e sa abuoang, re ile ra qala ho tšoarela liboka holong ea sechaba e Carlyle, Illinois. Empa re ne re batla sebaka seo re ka tšoarelang liboka ho sona kamehla. Mor’abo rōna e mong oa moo le mosali oa hae ba ile ba fumana setša se nang le ntlo e nyenyane eo re ileng ra khona ho e hira. Re ile ra e hloekisa—ka hare le ka ntle—eaba re e etsa sebaka se senyenyane sa liboka. Re sa hopola ka thabo pere e ’ngoe e neng e rata litaba tjee. E ne e atisa ho nyarela ka fensetere ho bona se etsahalang ha seboka se ntse se tsoela pele!
Ha nako e ntse e ea, ho ile ha thehoa Phutheho ea Carlyle, ’me re ile ra thaba hore ebe re kentse letsoho ho seo. Re ne re thusoa ke banyalani ba bang ba bacha ba bo-pula-maliboho, e leng Steve le Karil Thompson, bao le bona ba neng ba tlile ho tla sebetsa tšimo e sa abuoang. Ba ha Thompson ba ile ba lula moo lilemo tse ’maloa ’me hamorao ba ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower eaba ba ea kabelong ea boromuoa Afrika Bochabela, moo ba ntseng ba sebeletsa teng mosebetsing oa potoloho.
Ka mor’a nakoana sebaka sa rōna se senyenyane sa liboka se ile sa tlala, ’me ra hloka holo e khōloanyane. Mora eloa oabo rōna le mosali oa hae ba ile ba boela ba e loana ’me ba reka setša se neng se loketse haholoanyane bakeng sa Holo ea ’Muso. Re ile ra thaba hakaakang ha ka mor’a lilemo tse seng kae, re memeloa ho ba teng ha ho neheloa Holo e ncha ea ’Muso e hahiloeng Carlyle! Ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka puo ea nehelo. Ho sebeletsa ha rōna moo e bile phihlelo e babatsehang, tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.
Re Buleheloa ke Tšimo e Ncha
Ka 1979 re ile ra amohela kabelo e ncha, ra ea Harrison, New Jersey. Re ile ra sebeletsa moo ka lilemo tse ka bang 12. Nakong eo re ile ra qalisa thuto ea Bibele le mosali e mong oa Lechaena, ’me sena se ile sa lebisa lithutong tse ngata tseo re ileng ra ba le tsona le Machaena. Nakong eo, re ile ra utloa hore ho na le liithuti tse likete tsa Machaena le malapa a lulang sebakeng seo sa rōna. Ka hona, re ile ra khothalletsoa ho ithuta Sechaena. Le hoja seo se ile sa bolela hore re tlameha ho qeta nako e itseng letsatsi ka leng re ithuta puo eo, se ile sa fella ka hore re be le lithuto tse ngata tsa Bibele tse thabisang le Machaena a lulang sebakeng seo sa rōna.
Lilemong tseo, re ile ra hlaheloa ke lintho tse ngata tse qabolang, haholo-holo ha re leka ho bua Sechaena. Ka letsatsi le leng Ann o ile a re ho motho e mong ke “toeba” ea Bibele ho fapana le ho re ke “tichere” ea Bibele. Mantsoe ao a batla a tšoana. Mong’a ntlo o ile a bososela ’me a re: “U ka kena. Esale e le ’na kea qala ho buisana le toeba ea Bibele.” Le joale re ntse re sokola ho bua puo eo.
Ka mor’a moo re ile ra abeloa sebakeng se seng New Jersey moo re ileng ra khona ho tsoela pele re sebetsa tšimo ea Machaena. Hamorao re ile ra kōpuoa ho fallela Boston, Massachusetts, moo ho neng ho e-na le sehlopha sa Machaena se hōlang, se bileng teng ka lilemo tse tharo. Re bile le tokelo ea ho tšehetsa sehlopha sena lilemong tse supileng tse fetileng le thabo ea ho bona se fetoha phutheho ka la 1 January, 2003.
Litlhohonolofatso Tse Tlisitsoeng ke Bophelo ba Boitelo
Ho Malakia 3:10, re bala ka memo eo Jehova a e fang batho ba hae ea hore ba tlise linyehelo le mahlabelo a bona e le hore a tle a ba tšollele litlhohonolofatso tsa hae ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang. Re ile ra tela khoebo eo ke neng ke e rata haholo. Re ile ra rekisa ntlo ea rōna, eo re neng re e rata haholo. ’Me re ile ra tela le lintho tse ling. Empa boitelo boo boa fokola ha bo bapisoa le litlhohonolofatso tseo re li fumaneng.
Ruri ke litlhohonolofatso tse enneng hakaakang tseo Jehova a re tšolletseng tsona! Re bile le khotsofalo e tlisoang ke ho bona bana ba rōna ba amohela ’nete, re bile le thabo e tlisoang ke ho kopanela ka nako eohle tšebeletsong e pholosang bophelo, ’me re bone ha Jehova a hlokomela litlhoko tsa rōna. Ha e le hantle, boitelo bo fokolang boo re bo entseng bo re tliselitse litlhohonolofatso tse enneng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ba ntse ba sebeletsa Bethele ka botšepehi—Edward le mosali oa hae, Connie, ba Patterson ’me George le mosali oa hae, Grace, ba Brooklyn.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Louise le George Blanton ba na le Ann, ka 1991
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Holo ea ’Muso e Carlyle, e ileng ea neheloa ka la 4 June, 1983
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Re na le Phutheho ea Sechaena ea Boston e sa tsoa thehoa
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Re na le Edward, Connie, George le Grace