Pale ea Bophelo
Re Ile ra Beha Jehova Tekong
JOALOKAHA HO BOLETSE PAUL SCRIBNER
“Lumela, Mofumahali Stackhouse. Hoseng hona ke ntse ke nka liodara tsa likuku tsa Easter, ’me ke tšepa hore u tla thabela ho fumanela lelapa la hao e le ’ngoe.” E ne e le mathoasong a selemo ka 1938, ke ne ke le Atco, New Jersey, U.S.A., ke buisana le e mong oa bareki ba ka ba molemohali ha ke le tseleng ke rekisetsa General Baking Company. Ke ile ka makala ha Mofumahali Stackhouse a hana ho reka.
OILE a re: “Ke bona eka ke tla hlōleha. Ha re keteke Easter.”
Ke ne ke sa tsebe hore na ke nahane eng. Ha ba keteke Easter? Ke ’nete hore molao oa pele oa ho rekisa ke o reng kamehla moreki o nepile. Joale ke ne ke lokela ho etsa eng? Ke ile ka iteta sefuba ’me ka re: “Ha e le hantle, ke kuku e monate, ’me kea tseba hore u rata lihlahisoa tsa rōna. Na ha u nahane hore le hoja uena u sa keteke Easter, lelapa la hao lona le ka e thabela?”
O ile a pheta: “Ha ke nahane joalo, empa Monghali Scribner, ke ne ke ntse ke batla ho buisana le uena ka taba e itseng, ’me ke nahana hore hona joale ke nako e loketseng ea ho etsa joalo.” Moqoqo oo o ne o tla fetola bophelo ba ka ka ho feletseng! Mofumahali Stackhouse, e ne e le setho sa Sehlopha (kapa phutheho) ea Lipaki tsa Jehova tsa Berlin, New Jersey, ’me o ile a hlalosa hore na ho ketekoa ha Easter ho qalile kae eaba o mpha libukana tse tharo. Lihlooho tsa tsona e ne e le Safety, Uncovered le Protection. Ke ile ka ea lapeng le libukana tseo, ke tletse bohelehele empa ke batla ke belaela. Ho ne ho e-na le ho hong ho tloaelehileng ka seo Mofumahali Stackhouse a neng a se buile, ho hong ho tloaelehileng ho tloha bongoaneng ba ka.
Ho Kopana ka Lekhetlo la Pele le Liithuti Tsa Bibele
Ke hlahile ka la 31 January, 1907, ’me ka 1915 ha ke ne ke le lilemo li robeli, Ntate o ile a bolaoa ke kankere. Ka lebaka leo, ’na le ’Mè re ile ra ea lula le batsoali ba hae ntlong e khōlō Malden, Massachusetts. Malome Benjamin Ransom, le mosali oa hae le bona ba ne ba lula moo, mokatong oa boraro. Malome Ben e ne e le e mong oa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng, ho tloha le pele ho lekholo la bo20 la lilemo. Ke ne ke rata Malome Ben haholo, empa ha e le litho tsohle tsa lelapa la bo-’mè oa ka, e ne e le Mamethodiste, a neng a mo nka e le motho ea makatsang. Lilemo tse ngata hamorao, pele mosali oa hae a mo hlala, o ile a atleha ho etsa hore a isoe setsing sa mafu a kelello hakhutšoanyane ka lebaka la litumelo tsa bolumeli ba hae! Kaha lingaka sepetleleng seo li ile tsa lemoha ka potlako hore ha ho letho le phoso kelellong ea Malome Ben, li ile tsa mo lokolla tsa ba tsa kōpa tšoarelo.
Malome Ben o ne a e-ea le ’na libokeng tsa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba Boston, haholo-holo haeba ho ne ho e-na le libui tse etileng kapa liketsahalo tse khethehileng. Nakong e ’ngoe sebui se etileng e ne e le Charles Taze Russell ka boeena, ea neng a hlokomela mosebetsi oa boboleli mehleng eo. Ka lekhetlo le leng, ketsahalo e khethehileng e ne e le ha ho bontšoa “Photo-Drama of Creation.” Le hoja e ne e le morao koana ka 1915, ke sa hopola ka ho hlaka setšoantšo sa Abrahama ha a isa Isaka thabeng ho ea mo etsa sehlabelo. (Genese, khaolo 22) Ke sa ntse ke bona Abrahama le Isaka ba tsamaea butle leralleng ba jere patsi, ha Abrahama a itšepetse Jehova ka ho feletseng. Kaha ke ne ke le moshanyana ea se nang ntate, seo se ile sa nkhahla haholo.
Ka mor’a moo, Malome Ben le mosali oa hae ba ile ba fallela Maine, ’me ’Mè o ile a nyaloa hape eaba re fallela New Jersey. Kahoo ke ile ka qeta nako e telele ke sa bone Malome Ben. Lilemong tsa bocha ba ka New Jersey, ke ile ka kopana le Marion Neff, e mong oa bana ba robeli lelapeng la Mapresbitheri leo ke neng ke thabela ho le etela. Ke ne ke etela lelapa leo Sontaha se seng le se seng ebile ke qeta nako le sehlopha sa bacha sa kereke eo hoo le ’na ke ileng ka fetoha Mopresbitheri. Leha ho le joalo, tse ling tsa lintho tseo ke neng ke ithutile tsona libokeng tsa Liithuti tsa Bibele ha lia ka tsa hlakoha. Ka 1928 ’na le Marion re ile ra nyalana, ’me barali ba rōna ba babeli Doris le Louise ba ile ba hlaha ka 1935 le 1938. Kaha re ne re e-na le ngoana e monyenyane le lesea le qetang ho hlaha ka lapeng, ka bobeli re ile ra bona ho hlokahala hore re be le tataiso ea moea bakeng sa ho hōlisa bana ba rōna.
Ho Fumana ’Nete Libukaneng Tsane
’Na le Marion re ne re batla kereke eo re ka eang ho eona ’me re ile ra loha leano. Ka ho chenchana Sontaha se seng le se seng, e mong oa rōna o ne a sala le bana hae ha e mong eena a etela kereke eo ho ka etsahalang hore re ee ho eona. Ka Sontaha se seng e ne e le lekhetlo la Marion la ho sala hae, empa ho e-na le hoo ke ile ka ithaopela ho sala e le hore nka bala bukana e bitsoang Safety, ea pele ho tse tharo tseo ke neng ke li fuoe ke Mofumahali Stackhouse. Hang ka mor’a hore ke qale ho e bala, ha kea ka ka khona ho tlohela! Ke ne ke kholisehile ka ho feletseng hore ke fumane ntho e ’ngoe eo ho seng kereke e neng e ka fana ka eona. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang le bekeng e hlahlamang, ke ne ke le motho ea ikemiselitseng ho sala le bana ha ke ntse ke bala bukana ea bobeli, e bitsoang Uncovered. Ke ne ke bala ntho eo ke neng ke batla ke e tloaetse. Na see e ne e le seo Malome Ben a neng a se lumela? Lelapa leso le ne le nahana hore bolumeli ba hae ha bo na kelello. Marion o ne a tla nahana’ng? Ke ne ke sa tlameha ho tšoenyeha. Ka mor’a matsatsi a ’maloa ha ke e-tsoa mosebetsing ka mor’a hore ke bale Uncovered, ke ile ka makatsoa ke Marion ha a re: “Ke balile libukana tsane tseo u ileng ua tla hae le tsona. Li thahasellisa e le kannete.” Ha ba ha re kokololo!
Leqepheng la ho qetela la libukana tsena ho ne ho e-na le boitsebiso bo mabapi le buka e sa tsoa lokolloa ea Lira, eo ka bohale e neng e pepesa bolumeli ba bohata. Re ile ra etsa qeto ea ho e batla. Leha ho le joalo, le pele re kenya kōpo ea rōna posong, Paki e ile ea kokota ’me ea re fa eona buka eo. Buka eo e ile ea re thusa ho etsa qeto! Re ile ra khaotsa ho etela likereke ’me ra qala ho kopanela Camden, New Jersey, Sehlopheng sa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a likhoeli tse seng kae feela, ka Sontaha sa la 31 July, 1938, re ile ra kopana re le sehlopha sa batho ba 50 mohloeng ha Morali’abo rōna Stackhouse—ntlong eo ke neng ke ile ka leka ho rekisa likuku tsa Easter ho eona—’me ra mamela puo ea kolobetso e rekotiloeng e neng e fanoa ke Judge Rutherford ka kolobetso. Eaba re chencha liaparo ka tlung, ’me ra kolobetsoa re le 19 molatsoaneng o haufi.
Ho Ikemisetsa ho ba Pula-maliboho
Kapele ka mor’a hore ke kolobetsoe, morali’abo rōna e mong sehlopheng o ile a mpolella ka batho ba bitsoang bo-pula-maliboho, ba neng ba nka tšebeletso ea phatlalatsa e le mosebetsi oa bona o ka sehloohong. Ke ile ka labalabela ho tseba ’me ka mor’a moo ka tloaelana le lelapa leo ho lona bohle e leng bo-pula-maliboho. Monna ea hōlileng, Mor’abo rōna Konig, mosali oa hae, le morali oa bona ea hōlileng e ne e le bo-pula-maliboho phuthehong e haufi. Joaloka ntate oa lelapa le lecha, ke ne ke khahluoe ke thabo e khōlō eo lelapa la Konig le neng le e-na le eona tšebeletsong. Ke ne ke ba etela ka makhetlo a mangata, ke paka koloi eo ke rekisang likuku ka eona, le ho qeta nako e itseng le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Kapele le ’na ke ile ka batla ho ba pula-maliboho. Empa joang? ’Na le Marion re ne re e-na le bana ba babeli ba banyenyane, ’me mosebetsi oa ka o ne o hloka nako. Ha e le hantle, ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma Europe ’me banna ba bacha ba bangata ba ea sesoleng United States, ho ile ha e-ba le menyetla e eketsehileng ea mosebetsi bakeng sa rōna baahi ba neng ba setse morao. Ke ne ke khothalletsoa ho rekisa le libakeng tse hōle, ’me ke ne ke tseba hore ho ne ho ke ke ha khoneha hore ke bule maliboho ka lebaka la mosebetsi o mongata hakaalo.
Ha ke buisana le Mor’abo rōna Konig ka hore ke batla ho bula maliboho, o ile a re: “U ’ne u tsoele pele ho sebetsa ka matla tšebeletsong ea Jehova, ’me u mo bolelle pakane ea hao ka thapelo. O tla u thusa ho e finyella.” Ho ile ha feta selemo, ke ntse ke etsa joalo feela. Hangata ke ne ke nahana ka mangolo a tšoanang le Matheu 6:8, e re tiisetsang hore Jehova o tseba lintho tseo re li hlokang le pele re li kōpa. ’Me ka ’na ka leka ho latela temoso ea Matheu 6:33, e mabapi le ho batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae. Ke ile ka boela ka khothatsoa ke Mor’abo rōna Melvin Winchester, eo e neng e le mohlanka oa libaka (eo hona joale a bitsoang molebeli oa potoloho).
Ke ile ka buisana le Marion ka lipakane tsa ka. Re ile ra bua ka mantsoe a Malakia 3:10, e re khothalletsang ho beha Jehova tekong le ho bona hore na ebe a ke ke a re tšollela tlhohonolofatso. Ke ile ka khothatsoa ke kamoo a ileng a arabela kateng: “Haeba u batla ho bula maliboho, u se ke ua lieha ka lebaka la ka. Ke tla hlokomela banana ha u ntse u bula maliboho. Ha re hloke letho le lekaalo le bonahalang.” Ka mor’a lilemo tse 12 tsa lenyalo, ke ne ke se ke tseba hore Marion ke ’mè oa lelapa ea baballang le ea seli. Ho theosa le lilemo, e bile pula-maliboho-’moho le ’na ea ikhethang, ’me lekunutu la katleho ea rōna lilemong tse ka bang 60 tšebeletsong ea nako e tletseng e bile bokhoni ba hae ba ho khotsofalla ho honyenyane hoo a neng a e-na le hona le ho ho etsa hore ho bonahale eka ho hongata.
Lehlabuleng la 1941, ka mor’a likhoeli tse ngata tsa ho rapela le ho rera, ’na le Marion re ne re bolokile chelete e itseng, eaba re reka k’haravene e boholo ba limithara tse 5,5 eo lelapa la rōna le neng le ka lula ka har’a eona. Ka July 1941 ke ile ka tlohela mosebetsi ’me ka ba pula-maliboho oa kamehla, ’me ke bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka nako eo. Kabelo ea ka ea pele e ile ea e-ba liemelo tse leshome tsa libese tseleng e bitsoang Route 50 lipakeng tsa New Jersey le St. Louis, Missouri, moo re neng re tla ea tšoarela kopano ea rōna teng ka August. Ke ile ka romelloa mabitso le liaterese tsa barab’abo rōna ba libakeng tseo ke neng ke tla feta ho tsona, ’me ke ile ka ba ngolla esale pele ka ba bolella hore na ke tla fihla neng. Ha re fihla kopanong, ke ne ke lokela ho batla lefapha la bo-pula-maliboho ’me ke fumane kabelo e ncha.
“Ke Il’o Beha Jehova Tekong”
Re ile ra tlatsa k’haravene ea rōna e nyenyane eo re tsamaeang ka eona ka lingoliloeng ’me ra ea sebokeng sa rōna sa ho qetela Camden e le hore re ka ea salisa barab’abo rōna hantle. Re ne re lokela ho hlokomela bananyana ba rōna ba babeli ba banyenyane ’me re sa tsebe moo re tla ea teng ka mor’a kopano, mohlomong merero ea rōna e ne e bonahala e le e sa utloahaleng ho ba bang ba barab’abo rōna, ’me ba bang ba bona ba ile ba re: “Ka mor’a nakoana feela le tla be le le mona.” Ke sa hopola ke re: “Che, ha ke re nke ke ka khutla. Jehova o itse o tla ntlhokomela, ’me ke il’o beha Jehova tekong.”
Ka mor’a lilemo tse 60 re le bo-pula-maliboho litoropong tse 20 ho tloha Massachusetts ho ea fihla Mississippi, re ka hla ra re Jehova o entse ho fetang ho boloka tšepiso ea hae. Litlhohonolofatso tseo a ileng a li tšollela holim’a ka le Marion, le barali ba rōna ba babeli li feta hōle ntho leha e le efe eo ke neng nka e nahana morao koana ka 1941. Li akarelletsa ha barali ba rōna ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla liphuthehong tse haufi, ’me (ha re bala ea ho qetela) li akarelletsa ho ba le bara le barali ba moea ba ka bang lekholo ba jalaneng le Lebōpo le ka Bochabela la United States. Ke ile ka ithuta le batho ba 52 ba ileng ba nehela bophelo ba bona ho Jehova Molimo, ha Marion eena a ile a ithuta le ba 48.
Ka August 1941, re ile ra fihla St. Louis, ’me ha re le moo re ile ra kopana le Mor’abo rōna T. J. Sullivan ea tsoang Bethele. O ne a tšoere lengolo la ka la ho khethoa ke le mosebeletsi, leo ke neng ke le hloka ka lebaka la ntoa e neng e se e larile ka pele e le hore ke se ke ka qobelloa ho kenela sesole. Ke ile ka bolella Mor’abo rōna Sullivan hore mosali oa ka o qeta nako eo ke e qetang a le tšebeletsong ’me o rata ho bula maliboho le ’na. Le hoja lefapha la bo-pula-maliboho le ne le e-s’o ka le buloa, Mor’abo rōna Sullivan o ile a ngolisa Marion e le pula-maliboho hang-hang eaba oa botsa: “Ka mor’a kopano le tla ea bula maliboho hokae?” Re ne re sa tsebe. Eaba o re: “Le se ke la tšoenyeha, ha le le kopanong, le tla kopana le motho ea tsoang sebakeng se hlokang bo-pula-maliboho, ’me bothata ba lōna bo tla rarolloa. Le mpe le re ngolle le re tsebise moo le leng teng, ’me re tla le romella lengolo la kabelo.” Ke sona se ileng sa etsahala. Ho ile ha etsahala hore ebe Mor’abo rōna Jack DeWitt, eo e neng e le mohlanka oa libaka, o tseba batho ba bang New Market, Virginia, ba neng ba e-na le lehae la bo-pula-maliboho moo ho neng ho sa ntse ho e-na le sebaka bakeng sa bo-pula-maliboho ba bang ba eketsehileng. Kahoo ka mor’a kopano re ile ra leba New Market.
Ha re le New Market re ile ra tšoaroa ka tsela e khethehileng. Ke mang ea ileng a tloha Philadelphia ho tla bula maliboho le rōna haese Benjamin Ransom! E, Malome Ben. E ne e le thabo e kaakang ho sebetsa le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo lilemo tse fetang 25 ka mor’a hore a jale peō ea ’nete ka pelong ea ka ha re ne re sa le Boston! Ho sa tsotellehe lilemo tse ngata tseo ka tsona a ileng a tobana le boiphapanyo, ho songoa, haesita le ho hlorisoa ke lelapa, Malome Ben ha aa ka a lahleheloa ke lerato la hae ho Jehova le tšebeletso ea hae.
Re ile ra thabela ho lula hammoho likhoeli tse robeli lehaeng la bo-pula-maliboho New Market. Nakong eo, har’a lintho tse ngata tseo re ileng ra ithuta tsona, re ile ra ithuta ho fapanyetsana likhoho le mahe ka lingoliloeng. Ka mor’a moo, Malome Ben, Marion le ’na, hammoho le ba bang ba bararo, re ile ra abeloa ho ea sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Hanover, Pennsylvania—kabelong ea rōna ea pele ho tse tšeletseng tseo re neng re tla ba le tsona Pennsylvania ho qala ka 1942 ho fihlela ka 1945.
Bo-pula-maliboho ba Khethehileng Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ho bile le linako tseo ka tsona re ileng ra tlameha ho mamella lehloeo ka lebaka la ho se nke lehlakore ha rōna, empa ha ho mohla Jehova a ileng a hlōleha ho re tšehetsa. Ka letsatsi le leng koloi ea rōna ea Buick ea khale e ile ea robeha Provincetown, Massachusetts, ’me ke ile ka tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ’maloa motseng o tletseng bora oa Mak’hatholike ha ke etsa leeto la ho boela. Ke ile ka feta har’a sehlopha sa litlokotsebe tse ileng tsa ntlhokomela eaba se qala ho hoeletsa. Ke ile ka potlaka ha majoe a ntse a feta litsebeng tsa ka, ke rapela feela hore ebe bacha bana ha ba ntelekise. Ke ile ka fihla ntlong ea motho ea thahasellang ke sa tsoa kotsi. Empa mong’a ntlo, eo e neng e bile e le setho se hlomphehang sa Lebotho la Maamerika, o ile a kōpa tšoarelo, a re: “Nke ke ka khona ho lula fatše le uena kajeno, ke lebetse hore kajeno rea toropong re il’o shebella baesekopo.” Pelo ea ka e ile ea tepella ha ke nahana ka sehlopha sane sa bashemane ba neng ba mpetsa ka majoe, ba letetseng hore ke khutle. Leha ho le joalo, ke ile ka hlasimoloha ha mohlomphehi eo a phaella ka ho re: “Ke hobane’ng ha u sa tsamaee le rōna? Re ka ’na ra bua ha re ntse re tsamaea.” Kahoo ke ile ka khona ho mo pakela, ’me ka feta sebakeng seo se kotsi ke sireletsehile.
Ho Leka-lekanya Litlhoko Tsa Lelapa le Tšebeletso
Ka mor’a ntoa, re ile ra ba le likabelo tse ’maloa Virginia, ho akarelletsa ho lula Charlottesville lilemo tse robeli re le bo-pula-maliboho ba khethehileng le ba kamehla. Ka 1956 banana ba ne ba se ba hōlile ebile ba nyetsoe, ’me ’na le Marion re ne re le tseleng hape, re sebeletsa re le bo-pula-maliboho Harrisonburg, Virginia, hape re le bo-pula-maliboho ba khethehileng Lincolnton, Carolina Leboea.
Ka 1966, ke ile ka abeloa ho etsa mosebetsi oa potoloho, ke etela liphutheho ’me ke khothatsa barab’abo rōna, feela joalokaha Mor’abo rōna Winchester a ne a ile a nkhothatsa ha ke sa le koana New Jersey lilemong tsa bo-1930. Ke ile ka sebeletsa potolohong e le ’ngoe ea liphutheho Tennessee ka lilemo tse peli. Ka mor’a moo ’na le Marion re ile ra kōptjoa hore re khutlele thatohatsing ea rōna, e leng bopula-maliboho bo khethehileng. Ho tloha ka 1968 ho fihlela ka 1977, re ile ra sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng United States Boroa, ho pholletsa le Georgia le Mississippi.
Ha re le Eastman, Georgia, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa phutheho (eo hona joale a bitsoang molebeli ea okamelang) e le ha ke nka sebaka sa Powell Kirkland, mor’abo rōna ea ratehang le ea hōlileng, ea ileng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho lilemo-lemo ’me a se a fokolloa ke bophelo. O ne a ananela ka tsela e makatsang ebile e le ea tšehetsang. Tšehetso ea hae e ne e le ntho ea bohlokoa haholo hobane ho ne ho e-na le ho se utloane ho itseng ka phuthehong ’me ho ne ho ameha ba seng bakae ba hlahelletseng. Ho se utloane hoo ho ile ha tota, ’me ke ile ka qeta nako e ngata ke rapela Jehova. Ke ile ka hopola mangolo a kang Liproverbia 3:5, 6: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” Ka ho leka ka matla ho lula re butse mecha ea puisano, re ile ra atleha ho momahanya phutheho molemong oa bohle.
Ka 1977 re ne re se re qala ho utloa liphello tsa lilemo tsa rōna, ’me re ile ra boela ra abeloa sebaka sa Charlottesville, moo barali ba rōna ka bobeli ba neng ba lula teng le malapa a bona. Re thabetse ho sebetsa sebakeng sena ka lilemo tse 23 tse fetileng, moo re ileng ra thusa ho qala phutheho ea Ruckersville, Virginia, moo re ileng ra bona bana le litloholo tsa lithuto tsa rōna tsa pele tsa Bibele li hōla ho fihlela e e-ba baholo ba phutheho, bo-pula-maliboho, le basebeletsi ba Bethele. ’Na le Marion re sa ntse re khona ho tsoela pele ka kemiso e ntle ea tšebeletso ea tšimo, ’me ke na le tokelo ea ho sebeletsa ke le moholo Phuthehong ea East ea Charlottesville, moo ke khannang thuto ea buka le ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa.
Ho pholletsa le lilemo, re ile ra ba le mathata joaloka motho e mong le e mong. Ka mohlala, ho sa tsotellehe boiteko ba rōna, Doris o ile a fokola moeeng ka nakoana pele a e-ba lilemo li 20 ’me a nyaloa ke monna eo e neng e se Paki. Empa ha aa ka a lahleheloa ke lerato la hae ka ho feletseng ho Jehova, ’me mora oa hae Bill hona joale o se a sebelelitse Bethele e Wallkill, New York ka lilemo tse 15. Ka bobeli Doris le Louise e se e le bahlolohali, empa ba sebeletsa ba thabile liphuthehong tse haufi e le bopula-maliboho ba kamehla.
Lintho Tseo re Ithutileng Tsona ho Pholletsa le Lilemo
Ke ithutile ho sebelisa melao e bonolo e le hore ke atlehe ha ke sebeletsa Jehova: Phela bophelo bo itekanetseng. E-ba mohlala litšebelisanong tsohle tsa hao, ho akarelletsa le bophelong ba hao ba boinotšing. Sebelisa keletso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene” linthong tsohle.—Matheu 24:45.
Marion o qapile lethathamo le lekhutšoanyane empa le fanang ka litlhahiso tse sebetsang bakeng sa ho bula maliboho ka katleho ha u ntse u hōlisa bana: Etsa kemiso ’me u e boloke. Etsa tšebeletso ea hao ea bopula-maliboho mosebetsi oa sebele. Ja mofuta oa lijo tse phelisang hantle. Phomola ka ho lekaneng. U se ke ua fetelletsa boikhathollo. Etsa hore ’nete, ho akarelletsa litšobotsi tsohle tsa tšebeletso, e be phihlelo e thabisang bophelong ba bana ba hao. Etsa hore tšebeletso e be phihlelo e thabisang ho bona ka linako tsohle.
Hona joale re lilemong tsa bo-90. Ho se ho fetile lilemo tse 62 ho tloha ha re ne re mametse puo ea rōna ea kolobetso mohloeng oa ha Stackhouse, ’me re qetile lilemo tse 60 tšebeletsong ea nako e tletseng. ’Na le Marion re ka tiisa hore re khotsofetse ka ho feletseng le ka ho tebileng ka boemo ba rōna bophelong. Ke motlotlo ka ho feletseng ka khothatso eo ke ileng ka e fumana ha ke sa le ntate e monyenyane mabapi le ho beha lipakane tsa moea pele le ho batla ho li finyella, ’me ke leboha Marion, mosali oa ka ea ratehang, le banana ka tšehetso ea bona ho theosa le lilemo. Le hoja re se na maruo a bonahalang, hangata ke sebelisa Moeklesia 2:25 ho ’na: “Ke mang ea jang le ea noang hamolemo ho mpheta?”
Ka sebele, boemong ba rōna Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae e ho Malakia 3:10 ka ho fetisisang. Ka sebele, o re ‘tšolletse litlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang’!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]
HO HOPOLA LILEMO TSA NTOA
Ho fetile lilemo tse 60 hoba ntoa e lale, lelapa lohle le ntse le hopola lilemo tseo ka ho hlaka.
Doris oa hopola: “Pennsylvania e ka bata. Ka bosiu bo bong e ne e le likhato tse 35 tsa Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo.” Louise oa phaella, “’Na le Doris re ne re lulana maoto setulong se ka morao sa Buick eso ea khale hore re se ke ra hatsela maoto.”
Doris o re: “Empa ha ho mohla re kileng ra ikutloa re futsanehile kapa re hloka. Re ne re tseba hore re lula re falla ho feta batho ba bangata, empa kamehla re ne re e-ja hantle, ’me re ne re e-na le liaparo tse ntle tseo re neng re li fuoa li ntse li le boemong bo botle ke metsoalle Ohio, e neng e e-na le banana ba baholoanyane ho rōna.”
Louise o re: “Kamehla Ntate le ’Mè ba ne ba etsa hore re ikutloe re ratoa le ho ananeloa, ’me re ne re qeta nako e telele le bona tšebeletsong. Sena se ile sa etsa hore re ikutloe re khethehile ebile re atamelane le bona haholo.”
Paul oa hopola: “Ke ne ke e-na le Buick Special ea 1936, ’me likoloi tseo li ne li tumme ka ho robeha liase. Ke nahana hore enjene e ne e le matla haholo bakeng sa ’mele oohle oa eona. Kamehla sena se ne se etsahala bosiung boo ho batang haholo ka bona khoeling, ’me ke ne ke tla ea sebakeng sa polokelo ea makoloi a robehileng le a khale e le hore nka fumana ase e ’ngoe. Ke ile ka ba setsebi sa ho li busetsa.”
Marion o re: “U se lebale likarete tsa lijo le thepa. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lekanyetsoa—nama, peterole, lithaere tsa koloi, ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kamehla ha re fihla kabelong e ncha, re ne re lokela ho ea liofising tsa ’muso tsa sebaka seo e le hore re ka etsa kōpo bakeng sa karete ea lijo le thepa. Ho ne ho feta likhoeli pele re ka e fumana, ’me ho ne ho bonahala eka lekhetlo le leng le le leng ha re qetella re fumane karete ea rōna, re ne re romeloa kabelong ea rōna e hlahlamang, ’me re ne re lokela ho qala qalong hape. Empa kamehla Jehova o ne a re hlokomela.”
[Setšoantšo]
’Na le Marion re na le Doris (ka ho le letšehali) le Louise, 2000
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Na le ’Mè ka 1918, ha ke le lilemo li 11
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le Louise, Marion le Doris ka 1948 ha banana ba ne ba kolobetsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Setšoantšo sa rōna sa lechato, October 1928
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le barali ba ka (ka ho le letšehali le le letona) Yankee Stadium, 1955