Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Molimo o Hlakotse Meokho ea Hae
BATHO ba phelang tumellanong le melao ea Jehova le melao-motheo ea hae ba hlohonolofatsoa ka tsela e enneng. Le hoja kamehla ho se bonolo ho etsa liphetoho tse hlokahalang, thuso le khothatso li fumaneha habonolo. (Pesaleme ea 84:11) Phihlelo e latelang e tsoang Asia Boroa-Bochabela e bontša sena.
Ha e le nakong ea phomolo, Paki e ’ngoe ea Fora e ile ea buisana le mong’a lebenkele ea bitsoang Kima ka morero oa Jehova ka lefatše. E ile ea boela ea siela Kim buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ha a ntse a phetla buka ena, Kim o ile a bona mantsoe a reng, “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 21:4) Kim oa hopola: “Temana ena e ile ea hla ea nkama maikutlo. Ke ne ke bonahala ke le motho ea thabileng mosebetsing, empa ke mang ea neng a tseba hore hang ha ke fihla hae mantsiboea, ke ne ke lla ho fihlela ke khaleha?” Ha a bua ka lebaka la ho hlonama ha hae, o re: “Ke lutse le monna ka lilemo tse 18 empa ke ne ke sa thaba ho hang hobane o ne a hana ho ’nyala. Ke ne ke batla ho felisa tsela ena ea bophelo, empa erekaha ke ne ke lutse le eena nako e telele hakana, ke ne ke se na sebete.”
Nakoana ka mor’a moo, Kim o ile a lumela ho ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova ea bitsoang Linh. Kim o re: “Ke ne ke ikemiselitse ho etsa se rutoang ke Bibele. Ka mohlala, ke ile ka khaotsa ho rapela balimo, le hoja sena se ile sa baka khanyetso ka lapeng. Ho feta moo, ke ile ka leka ho ngolisa lenyalo la rōna ka molao, empa monna eo ke lulang le eena o ile a hana ho etsa joalo. Nakong ena e boima, Paki ea Fora e ne e ntse e tsoela pele ho nthomella lingoliloeng tsa Bibele, ’me Linh o ne a nkhothatsa haholo. Mamello le lerato la barali bana babo rōna ba babeli li ile tsa nthusa hore ke tiisetse ho fihlela ke lemoha hantle seo monna eo ke lulang le eena a leng sona. Ke ile ka fumana hore o ne a se a ntse a e-na le ‘basali’ ba 5 le bana ba 25! Sena se ile sa mpha sebete sa ho mo tlohela.
“Ho tloha ntlong e khōlō e mabothobotho le ho lula foleteng e nyenyane ho ne ho se bonolo. Ho feta moo, mohlankana oa ka oa pele o ile a nkhatella hore ke e’o lula le eena hape, a bile a ntšosa ka hore o tla nkholofatsa ka asiti haeba ke hana ho ea lula le eena. Ka thuso ea Jehova, ke ile ka khona ho etsa se nepahetseng.” Kim o ile a ’na a tsoela pele ’me qetellong o ile a kolobetsoa ka April 1998. Ho feta moo, banana babo ba babeli le mora oa hae ea lilemong tsa bocha ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.
Kim o re: “Kamehla ke ne ke nahana hore bophelo bo ke ke ba e-ba le morero. Leha ho le joalo, kajeno, ke thabile, ebile ha ke sa lla bosiu. Jehova o se a hlakotse meokho mahlong a ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.