Mawaldense ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng
E ne e le ka selemo sa 1545 sebakeng se setle sa Lubéron, Provence, Fora ka boroa. Lebotho le ne le khobokane ho phethahatsa thōmo e tšabehang e bakiloeng ke leeme bolumeling. Ho ile ha latela beke ea tšollo ea mali.
METSE e ile ea heletsoa, ’me baahi ba kenngoa chankaneng kapa ba bolaoa. Masole a khopo a ile a etsa liketso tse sehlōhō polaong ea masetla-libete e ileng ea tšosa Europe. Banna ba ka bang 2 700 ba ile ba bolaoa, ’me ba 600 ba isoa likepeng tsa ntoa ho ea sebetsa teng, ho phaella ho utloisoeng bohloko ha basali le bana. Molaoli oa sesole ea ileng a phethahatsa phutuho ena e sehlōhō o ile a rorisoa ke morena oa Fora le mopapa.
Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike e ne e se e tsekolotse Jeremane ha Morena Francis I oa Fora, oa Mok’hatholike, ka lebaka la ho ameha ka ho nama ha Boprostanta, a fuputsa bao ho neng ho thoe ke bakhelohi ’musong oa hae. Ho e-na le ho fumana bakhelohi ba seng bakae, ba boholong Provence ba ile ba sibolla metse e tletseng bafetoheli ba bolumeli. Ho ile ha ntšoa taelo ea hore ho felisoe bokhelohi bona ’me qetellong e ile ea phethahatsoa polaong e sehlōhō ea 1545.
Bakhelohi baa e ne e le bo-mang? Hona ke hobane’ng ha ka mabifi ba ne ba bontšoa leeme la bolumeli?
Ho Tloha Menonong ho ea Maharasoeng
Ba ileng ba bolaoa ka sehlōhō e ne e le ba bolumeli bo qalileng lekholong la bo12 la lilemo ’me bo akarelletsa karolo e khōlō ea Europe. Tsela eo bo ileng ba nama le ho pholoha ka eona ka makholo a ’maloa a lilemo e etsa hore bo ikhethe litlalehong tsa histori ea bafetoheli ba bolumeli. Bo-rahistori ba bangata baa lumela hore bolumeli bona bo qalile hoo e ka bang ka selemo sa 1170. Motseng oa Fora oa Lyons, mohoebi ea ruileng ea bitsoang Vaudès o ile a thahasella ka botebo ho ithuta tsela ea ho thabisa Molimo. A susumelitsoe ka ho totobetseng ke keletso ea Jesu Kreste ea hore monna e mong oa morui a rekise thepa ea hae ’me a fe mafutsana, Vaudès o ile a tiisa hore lelapa la hae le tla hlokomeloa licheleteng eaba o fana ka maruo a hae e le hore a bolele Kosepele. (Matheu 19:16-22) Ka potlako o ile a ba le balateli bao hamorao ba ileng ba tsejoa e le Mawaldense.a
Bofutsana, boboleli, le Bibele e ne e le lintho tsa sehlooho bophelong ba Vaudès. Ho ipelaetsa ka moeno oa baruti ho ne ho se hocha. Ka nako e itseng, baruti ba bangata ba fetohileng bahanyetsi ba ne ba nyatsitse litloaelo tse bolileng tsa kereke le tšebeliso ea eona e mpe ea bolaoli. Empa Vaudès e ne e se moruti, joalokaha le balateli ba hae ba bangata e ne e se baruti. Ntle ho pelaelo sena se hlalosa lebaka leo ka lona a ileng a fumana ho hlokahala hore ho be le Bibele ka puo ea moo, e leng puo e neng e buuoa ke batho ba sebaka seo. Kaha phetolelo ea Bibele ea Selatine ea kereke e ne e fumanoa ke baruti feela, Vaudès o ile a lefella hore ho fetoleloe Likosepele le libuka tse ling tsa Bibele ka Sefranco-Provençal, e leng puo e neng e utloisisoa ke batho ba tloaelehileng ba Fora ka bochabela-bohareng.b E le ha Mafutsana a Lyons a sebelisa taelo ea Jesu ea ho bolela, a ile a bolela molaetsa oa ’ona phatlalatsa. (Matheu 28:19, 20) Rahistori Gabriel Audisio o hlalosa hore ho phehella ha ’ona boboleling ba phatlalatsa e ile ea e-ba motheo oa qeto mabapi le boikutlo ba kereke ka Mawaldense.
Ho Tloha ho Mak’hatholike ho ea ho Bakhelohi
Matsatsing ao, boboleli bo ne bo etsoa feela ke baruti, ’me kereke e ne e inketse matla a ho fana ka matla a ho bolela. Baruti ba ne ba nka hore Mawaldense a hloka tsebo ebile ha aa ruteha, empa ka 1179, Vaudès o ile a batla tumello ea molao ea hore a bolele ho Mopapa Alexander III. O ile a fuoa tumello—empa le teng e le haeba baruti ba sebakeng seo ba lumela. Rahistori Malcolm Lambert o re sena “e ne e le mokhoa o sa tobang oa ho mo hanela.” Ha e le hantle, Moarekabishopo Jean Bellesmains oa Lyons o ile a thibela ka molao boboleli ba batho bao e seng baruti. Vaudès o ile a arabela ka ho qotsa Liketso 5:29: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Kaha ha aa ka a ikokobelletsa thibelo eo, Vaudès o ile a lelekoa kerekeng ka 1184.
Le hoja Mawaldense a ile a lelekoa sebakeng se taolong ea mobishopo oa Lyons le ho lelekoa motseng, ho bonahala eka kahlolo ea pele ha ea ka ea lateloa ka thata-thata. Batho ba bangata ba tloaelehileng ba ne ba rata Mawaldense ka lebaka la ho tiea ha ’ona le tsela eo a neng a phela ka eona, esita le babishopo ba ne ba tsoela pele ho bua le ’ona.
Ho latela rahistori Euan Cameron, ho bonahala eka baboleli ba Mawaldense ba ne ba se “khahlanong hakaalo le Kereke ea Roma.” Ba ne ba mpa “ba batla ho bolela le ho ruta.” Bo-rahistori ba bolela hore sehlopha sena ha e le hantle se ile sa etsoa bakhelohi ke letoto la litaelo tseo ka ho tsoelang pele le ka ho sa feleng li ileng tsa hatella tšusumetso ea sona. Likahlolo tsa kereke li ile tsa fella ka hore Lekhotla la Bone la Lateran le nehele Mawaldense anathema ka 1215. See se ile sa ama boboleli ba ’ona joang?
A Etsa Mosebetsi ka Sekhukhu
Vaudès o ile a shoa ka selemo sa 1217, ’me mahloriso a ile a qhalakanyetsa balateli ba hae likhohlong tsa Alps Fora, Jeremane, Italy ka leboea, le Europe Bohareng le Bochabela. Mahloriso a ile a boela a etsa hore Mawaldense a lule mahaeng, ’me sena se ile sa fokotsa boboleli ba ’ona libakeng tse ngata.
Ka 1229 Kereke e K’hatholike e ile ea phetha Phutuho ea eona khahlanong le Mak’hathari, kapa Maalbigense, Fora ka boroa.c Joale ho ile ha latela Mawaldense. Ka potlako Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ne le tla hlasela bahanyetsi bohle ba kereke. Tšabo e ile ea etsa hore Mawaldense a etse lintho ka sekhukhu. Ka 1230 a ne a se a sa bolele phatlalatsa. Audisio oa hlalosa: “Ho e-na le ho ea batla linku tse ncha . . . , a ile a inehela tabeng ea ho hlokomela ba sokolohileng, a ba hlokomela tumelong ho sa tsotellehe khatello le mahloriso.” O phaella ka ho re “boboleli bo ile ba sala e le ba bohlokoa empa bo se bo etsoa ka tsela e fapaneng ka ho feletseng.”
Litumelo le Mekhoa ea ’Ona
Ho e-na le hore banna le basali ba kopanele boboleling, lekholong la bo14 la lilemo Mawaldense a ne a se a entse phapang pakeng tsa baboleli le balumeli. Ka nako eo, mosebetsi oa bolisa o ne o etsoa feela ke banna ba koetlisitsoeng hantle. Hamorao basebeletsi bana ba neng ba tsamaea haholo ba ile ba tsejoa e le bo-barba (bo-malome).
Bo-barba, ba neng ba etela malapa a Mawaldense mahaeng a ’ona, ba ne ba sebeletsa ho boloka mokhatlo oo o ntse o le teng ho e-na le ho o phatlalatsa. Bo-barba bohle ba ne ba tseba ho bala le ho ngola, ’me koetliso ea bona e neng e nka lilemo tse tšeletseng, e ne e thehiloe Bibeleng. Ho sebelisa Bibele ka puo ea bona ho ile ha ba thusa hore ba e hlalosetse mohlape oa bona. Esita le bahanyetsi ba ile ba lumela hore Mawaldense, ho kopanyelletsa le bana ba ’ona, a ne a sebelisa Bibele haholo ’me a ne a khona ho qotsa likarolo tse ngata tsa Mangolo.
Har’a lintho tse ling, Mawaldense a pele a ne a nyatsa leshano, pelekatori, Limmisa tse etsetsoang bafu, tšoarelo e fanoang ke bapapa le mangolo a tšoarelo ea libe, le borapeli ba Maria le “bahalaleli.” A ne a boetse a keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena selemo le selemo, kapa Lijo tsa Mantsiboea a ho Qetela. Ho latela Lambert, borapeli ba ’ona “ha e le hantle e ne e le bolumeli ba batho ba tloaelehileng bao e seng baruti.”
“Bophelo bo Habeli”
Mawaldense a ne a momahane. Litho tsa mokhatlo ona li ne li nyalana, ’me ka makholo a lilemo, sena se ile sa etsa hore ho be le lifane tsa Sewaldense. Leha ho le joalo, ha a ntse a loanela ho pholoha, Mawaldense a ile a leka ho pata pono ea ’ona. Kaha litumelo tsa bolumeli ba ’ona le mekhoa ea ’ona li ne li patiloe, sena se ile sa nolofalletsa bahanyetsi hore ba a qose ka ho sa utloahaleng, ka mohlala ba re a kopanela borapeling ba Diabolose.d
Tsela e ’ngoe eo Mawaldense a neng a sebetsana le liqoso tse joalo ka eona e ne e le ho sekisetsa le ho etsa seo rahistori Cameron a reng ke “ho lumellana ho seng hokae” le borapeli ba K’hatholike. Mawaldense a mangata a ne a ipolela ho baprista ba K’hatholike, a ea ’Miseng, a sebelisa metsi a halalelang, esita le ho nka maeto a bolumeli. Lambert o re: “Linthong tse ngata a ne a etsisa baahelani ba ’ona ba Mak’hatholike.” Audisio o bolela ka ho hlakileng hore hamorao Mawaldense a ile “a phela bophelo bo habeli.” Oa phaella: “Ka lehlakoreng le leng, ka ntle a ne a itšoara joaloka Mak’hatholike bakeng sa ho sireletsa khotso ea ’ona e lekanyelitsoeng; ka lehlakoreng le leng, a ne a boloka litšebeletso le mekhoa har’a ’ona e neng e tiisa hore mokhatlo oa ’ona o tsoela pele o le teng.”
Ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng
Lekholong la bo16 la lilemo, Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike e ile ea fetola boemo ba bolumeli haholo Europe. Ba bontšitsoeng leeme ba ne ba ka loanela hore ba amoheloe ka molao naheng ea habo bona kapa ba falle ho ea batla maemo a molemo ka ho eketsehileng. Le khopolo ea bokhelohi ha ea ka ea e-ba ea bohlokoa hakaalo, kaha batho ba bangata haholo ba ne ba qalile ho belaella lithuto tsa bolumeli bo tloaelehileng.
Khale ka 1523, Raliphetoho ea tsebahalang Martin Luther o ile a bua ka Mawaldense. Ka 1526 e mong oa bo-barba ba Mawaldense o ile a tla Alps ka litaba tse mabapi le se neng se etsahala bolumeling Europe. Sena se ile sa lateloa ke nako ea phapanyetsano eo ka eona mekhatlo ea Boprostanta e ileng ea arolelana maikutlo le Mawaldense. Maprostanta a ile a khothalletsa Mawaldense hore a tšehetse ka lichelete phetolelo ea pele ea Bibele ka Sefora ho tsoa lipuong tsa mathomo. Phetolelo ena e hatisitsoeng ka 1535 hamorao e ile ea tsejoa e le Bibele ea Olivétan. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore Mawaldense a mangata a ne a sa tsebe Sefora.
Ha mahloriso a Kereke e K’hatholike a tsoela pele, palo e khōlō ea Mawaldense e ile ea lula sebakeng se sireletsehileng sa Provence se Fora ka boroa, joalokaha bajaki ba Maprostanta le bona ba ile ba etsa joalo. Ka potlako ba boholong ba ile ba lemosoa ka ho falla hona. Ho sa tsotellehe litlaleho tse ngata tse ntle ka mokhoa oa bophelo oa Mawaldense le boitšoaro ba ’ona, batho ba bang ba ne ba belaella botšepehi ba ’ona ’me ba a qosa ka hore a ka ’na a baka moferefere. Ho ile ha ntšoa taelo ea Mérindol, e ileng ea fella ka tšollo e tšabehang ea mali e boletsoeng qalong ea sehlooho sena.
Likamano pakeng tsa Mak’hatholike le Mawaldense li ile tsa tsoela pele ho senyeha. Ha Mawaldense a arabela tlhaselong eo a e etsetsoang, a bile a sebelisa sesole ho itšireletsa. Ntoa ena e ile ea a susumelletsa hore a ikopanye le Maprostanta. Kahoo, Mawaldense a ile a ikopanya le Boprostanta bo ka sehloohong.
Ho theosa le makholo a lilemo, likereke tsa Mawaldense li ’nile tsa thehoa linaheng tse hōle haholo le Fora tse kang Uruguay le United States. Leha ho le joalo, bo-rahistori ba bangata ba lumellana le Audisio, ea bolelang hore “Bowaldense bo ile ba fela nakong ea Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike,” ha bo ne bo “koenngoa” ke Boprostanta. Ha e le hantle, mokhatlo oa Mawaldense o ne o se o sa chesehe joalokaha o ne o cheseha makholong a lilemo a fetileng. Sena se etsahetse ha litho tsa ’ona ka tšabo li lahla boboleli ba tsona le ho ruta ha tsona ho thehiloeng Bibeleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Vaudès o tsejoa ka mekhoa e sa tšoaneng e le Valdès, Valdesius kapa Waldo. Lebitso lena le qetellang ke lona le entseng hore ho be le lentsoe “Mawaldense.” Mawaldense, kapa Mawaldensian, a ne a boetse a tsejoa e le Mafutsana a Lyons.
b Khale ka 1199, mobishopo oa Metz, Fora ka leboea-bochabela, o ile a ipelaetsa ho Mopapa Innocent III hore batho ba ne ba bala le ho buisana ka Bibele ka puo ea sebaka seo. Ho ka etsahala hore ebe mobishopo o ne a bua ka Mawaldense.
c Bona “Mak’hathari—Na e ne e le Bashoela-tumelo ba Bakreste?” ho Molula-Qhooa oa September 1, 1995, leqepheng la 27-30.
d Liketselletso tse phehellang tse etsetsoang Mawaldense li ile tsa etsa hore ho be le lentsoe vauderie (le tsoang lentsoeng la Sefora la vaudois). Le hlalosa batho ba belaelloang ka hore ke bakhelohi kapa barapeli ba Diabolose.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Libaka tse susumelitsoeng ke Mawaldense
FORA
Lyons
PROVENCE
Lubéron
Strasbourg
Milan
Roma
Berlin
Prague
Vienna
[Setšoantšo]
Mawaldense a ile a tšehetsa ka lichelete phetolelo ea Bibele ea Olivétan ka 1535
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bible: © Cliché Bibliothèque nationale de France, Paris
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
VAUDÈS
Ho chesoa basali ba babeli ba hōlileng ba Mawaldense
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pages 20 and 21: © Landesbildstelle Baden, Karlsruhe