Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/1 maq. 27-30
  • Mak’hathari—Na e ne e le Bashoela-tumelo ba Bakreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mak’hathari—Na e ne e le Bashoela-tumelo ba Bakreste?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Lumellane ha Bolumeli Europe ea Boholo-holo
  • Baboleli ba Tlohang Sebakeng se Seng ho ea ho se Seng
  • Mak’hathari e ne e le Bo-mang?
  • Boikutlo ba ’Ona ka Bibele
  • E ne e se Bakreste
  • Ntoa e sa Halaleleng
  • Lekhotla le Otlang Bakhelohi le Tlisa Thipitlo
  • Mawaldense ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Nyeoe le Polao ea “Mokhelohi”
    Tsoha!—1997
  • Bokoenehi—Ho Thiba Tsela e Eang ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 15—1095-1453 C.E.—Ho Sebelisa Sabole
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/1 maq. 27-30

Mak’hathari—Na e ne e le Bashoela-tumelo ba Bakreste?

“BA BOLAEENG kaofela; Molimo o tla hlokomela ba Hae.” Letsatsing leo la lehlabula ka 1209, baahi ba Béziers, ka boroa ho Fora, ba ile ba bolaoa la rita. Moitlami oa monna Arnold Amalric, ea ileng a khetheloa ho ba sehloela sa mopapa se eteletseng pele masole a bolumeli a K’hatholike, ha aa ka a bontša mohau. Ha batho ba hae ba botsa hore na ba ne ba tla khetholla joang lipakeng tsa Mak’hatholike le bakhelohi, tlaleho e bontša hore o ile a fana ka karabo e tummeng hampe e qotsitsoeng ka holimo. Bo-rahistori ba Mak’hatholike ba e bebofatsa ka hore: “Le se ke la tšoenyeha. Ke lumela hore ke ba fokolang haholo ba tlang ho sokoloha.” Ho sa tsotellehe hore na ha e le hantle karabo ea hae e bile efe, phello e bile ho bolaoa ha banna, basali, le bana ba 20 000 bonyane, ka matsoho a masole a bolumeli a ka bang 300 000, a neng a eteletsoe pele ke babishopo ba Kereke e K’hatholike.

Ke’ng se ileng sa tlisa polao ena e sehlōhō? E ne e mpa feela e le qaleho ea Ntoa e Halalelang Khahlanong le Maalbigense eo Mopapa Innocent III a neng a e qalisitse khahlanong le ho bitsoang bakhelohi profinseng ea Languedoc, ka boroa-bohareng ho Fora. Pele e fela lilemong tse ka bang 20 hamorao, mohlomong batho ba ka bang milione—Mak’hathari, Mawaldense, haesita le Mak’hatholike a mangata—ba ne ba lahlehetsoe ke bophelo.

Ho se Lumellane ha Bolumeli Europe ea Boholo-holo

Khōlo e potlakileng ea mosebetsi lekholong la bo11 la lilemo C.E. e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō tsamaisong ea tsa kahisano le moruo ea Europe ea boholo-holo. Litoropo li ile tsa e-ba teng bakeng sa ho nka manane a ntseng a eketseha a litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le bo-ramabenkele. Sena se ile sa bulela likhopolo tse ncha sebaka. Ho se lumellane ha bolumeli ho ile ha mela ka metso Languedoc, moo tsoelo-pele eo ka tsela e tsotehang e neng e sa loantše lithuto tseo batho ba sa li lumeleng, le e ipabotseng e neng e atleha ho feta sebakeng leha e le sefe se seng sa Europe. Motse oa Toulouse, Languedoc e ne e le oa boraro ho metse-meholo e ruileng ka ho fetisisa ea Europe. E ne e le lefatše le neng le e-na le liroki tse atlehang tse binang, tseo mantsoe a lithoko tse ling tsa tsona a neng a kobisa ka litaba tsa lipolotiki le bolumeli.

Ha e hlalosa boemo ba bolumeli lekholong la lilemo la bo11 le la bo12, Revue d’histoire et de philosophie religieuses e-ea bolela: “Lekholong la bo12 la lilemo, joalokaha ho ne ho bile joalo lekholong la lilemo le tlileng pele ho lona, boitšoaro ba baruti, leruo la bona, ho ntšetsoa ha bona tjotjo, le boitšoaro ba bona bo bobe, li ile tsa tsoela pele ho belaelloa, empa haholo-holo e bile leruo la bona le matla, tšebelisano ea bona ea sekhukhu le balaoli ba lefatše, le ho itheola maemong ha bona ho neng ho nyatsuoa.”

Baboleli ba Tlohang Sebakeng se Seng ho ea ho se Seng

Esita le Mopapa Innocent III o ile a hlokomela hore bobolu bo atileng ka har’a kereke bo ne bo lokela ho behoa molato mabapi le lenane le eketsehang la baboleli ba nang le bofetoheli, le ba tlohang sebakeng se seng ho ea ho se seng Europe, haholo-holo ka boroa ho Fora le ka leboea ho Italy. Boholo ba bana e ne e le Mak’hathari kapa Mawaldense. O ile a khalemela baprista ka bohale ka lebaka la ho se rute batho, a re: “Bana ba batla bohobe boo le sa tsotelleng ho ba ngoathela bona.” Leha ho le joalo, ho e-na le hore a ntšetse pele thuto ea Bibele ho batho, Innocent o ile a bolela hore “Lengolo la bomolimo le tebile haholo hoo eseng feela batho ba paala le ba sa rutehang, empa haesita le ba bohlale le ba rutehileng, ba ntse ba haelloa ha ba leka ho le utloisisa.” Bohle kantle ho baruti ba ne ba thibetsoe hore ba ka bala Bibele, le teng ho ne ho lumelletsoe ka Selatine feela.

Ho loantša boboleli ba bafetoheli bo etsoang ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, mopapa o ile a amohela ho Thehoa ha Sehlopha sa Bo-forere, kapa Madominica. Ka ho fapaneng le baruti ba ruileng ba K’hatholike, bo-forere bana e ne e lokela ho ba baboleli ba etang ba filoeng taelo ea ho sireletsa thuto e tloaelehileng ea K’hatholike khahlanong le “bakhelohi” ka boroa ho Fora. Mopapa o ile a boela a romela lihloela tsa bopapa ho ea behelana mabaka le Mak’hathari le ho leka ho a khutlisetsa lesakeng la Bok’hatholike. Kaha boiteko bona bo ile ba hlōleha, ’me se seng sa lihloela tsa hae sa bolaoa ke eo ho nahanoang hore ke mokhelohi, Innocent III o ile a laela hore ho be le Ntoa e Halalelang Khahlanong le Maalbigense ka 1209. Albi e ne e le e ’ngoe ea litoropo tseo ho tsona Mak’hathari a neng a le mangata ka ho khethehileng, kahoo batlalehi ba histori ea kereke ba ne ba bitsa Mak’hathari Maalbigense (Albigeois, ka Sefora) ’me ba sebelisa lentsoe leo bakeng sa ho khetholla “bakhelohi” bohle sebakeng seo, ho akareletsa Mawaldense. (Bona lebokose le ka tlaase mona.)

Mak’hathari e ne e le Bo-mang?

Lentsoe “k’hathari” le tsoa lentsoeng la Segerike ka·tha·rosʹ, le bolelang “e hloekileng.” Ho tloha lekholong la bo11 ho isa ho la bo14 la lilemo, Bolumeli ba Mak’hathari bo ile ba ata haholo-holo Lombardy, ka leboea ho Italy, le Languedoc. Litumelo tsa K’hathari e ne e le motsoako oa tumelo ea Bochabela ea hore motho o entsoe ka lintho tse peli tse ke keng tsa fetoha le Bognostic, tseo mohlomong li ileng tsa tlisoa ke bo-ramesebetsi ba tsoang linaheng tse ling le baromuoa. The Encyclopedia of Religion e hlalosa tumelo ea Mak’hathari ea hore motho o entsoe ka lintho tse peli tse ke keng tsa fetoha e le tumelo “melao-motheong e ’meli: o lokileng, o busang tsohle tseo e leng tsa moea, o mong e le o mobe, o ikarabellang bakeng sa lefatše le bonahalang, ho akarelletsa ’mele oa motho.” Mak’hathari a ne a lumela hore Satane o ile a bōpa lefatše le bonahalang, leo kahlolo ea ho timetsoa ha lona e ke keng ea fetoha. A ne a e-na le tšepo ea ho pholoha bobeng, lefatšeng le bonahalang.

Mak’hathari a ne a arotsoe ka lihlopha tse peli, baphethehi le balumeli. Baphethehi ba ne ba behoa boemong ba bona ka tšebeletso ea kolobetso ea moea, e bitsoang consolamentum. Sena se ne se etsoa ka ho behoa matsoho, ka mor’a teko ea selemo. Ho ne ho nahanoa hore tšebeletso e lokolla mokhethoa pusong ea Satane, e mo hloekisa sebe sohle, le ho fetisetsa moea o halalelang ho eena. Sena se ile sa etsa hore ho be le tlotla “mophethehi” e neng e sebelisoa ho batho ba seng ba kae ba phahameng sechabeng ba neng ba sebeletsa e le baruti ba balumeli. Baphethehi ba ne ba nka likano tsa ho itela, tlhoeko le bofutsana. Haeba a ne a le lenyalong, mophethehi o ne a lokela ho tlohela molekane oa hae, hobane Mak’hathari a ne a lumela hore likamano tsa botona le botšehali e bile tsona sebe sa tšimolohong.

Balumeli e ne e le batho bao, le hoja ba ne ba sa amohele mokhoa oa bophelo oa ho itšoara ka thata-thata, ba neng ba amohela lithuto tsa Mak’hathari. Ka ho khumama ho hlompha mophethehi neanong e bitsoang melioramentum, molumeli o ne a kōpa tšoarelo le tlhohonolofatso. Hore ba inolofaletse ho phela bophelo bo tloaelehileng, balumeli ba ne ba etsa convenenza, kapa tumellano le baphethehi, ea hore ha ba se ba le liphateng tsa lefu ba tle ba fuoe kolobetso ea moea, kapa consolamentum.

Boikutlo ba ’Ona ka Bibele

Le hoja Mak’hathari a ne a qotsa Bibele haholo, a ne a e talima haholo-holo e le mohloli oa litšoantšo le litšōmo. A ne a nahana hore karolo e khōlō ea Mangolo a Seheberu e tsoa ho Diabolose. A ne a sebelisa Mangolo a Segerike, joaloka litemana tse bapisang nama le moea, bakeng sa ho tšehetsa filosofi ea ’ona ea hore motho o entsoe ka lintho tse peli tse ke keng tsa fetoha. Thapelong ea Morena, a ne a rapella “bohobe ba rōna bo phahametseng ba nama” (e leng ho bolelang “bohobe ba moea”) ho e-na le ho rapella “bohobe ba rōna ba tsatsi le leng le le leng,” kaha bohobe bo bonahalang e ne e le tlhokahalo e mpe ponong ea bona.

Lithuto tse ngata tsa Mak’hathari li ne li loantšana le Bibele ka ho tobileng. Ka mohlala, a ne a lumela tabeng ea hore soule ha e shoe le tabeng ea ho tsoaloa hangata. (Bapisa le Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4, 20.) A ne a boetse a thehile litumelo tsa ’ona mangolong a neano ao e seng karolo ea Bibele. Leha ho le joalo, ka tekanyo e itseng hore ebe Mak’hathari a ile a fetolela likarolo tse ling tsa Mangolo puong ea moo, ho isa bohōleng bo itseng, a ile a etsa hore Bibele e be buka e tsebahalang hamolemo Mehleng e Bohareng.

E ne e se Bakreste

Baphethehi ba ne ba inka e le bahlahlami ba loketseng ba baapostola ’me ka lebaka leo, ba ipitsa “Bakreste,” ba hatisa sena ka ho phaella ka hore ke ba “’nete” kapa ba “molemo.” Leha ho le joalo, ka sebele litumelo tse ngata tsa Mak’hathari li ne li fapane le Bokreste. Le hoja Mak’hathari a ne a lumela hore Jesu ke Mor’a Molimo, a ne a qhelela thōko taba ea ho tla ha hae ka nama le sehlabelo sa hae se lopollang. A hlalosa hampe kahlolo ea Bibele holim’a nama le lefatše, a ne a nahana hore thepa eohle ea motheo eo lintho tse ka bonoang li entsoeng ka eona e simolotse bobeng. Ka lebaka leo ba ne ba nahana hore e tlameha hore ebe Jesu o ne a e-na le ’mele oa moea feela le hore ha a le lefatšeng o ne a mpa a bonahala eka o na le ’mele oa nama. Joaloka bakoenehi ba lekholong la pele la lilemo, Mak’hathari e ne e le batho “ba sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng.”—2 Johanne 7.

Bukeng ea hae ea Medieval Heresy, M. D. Lambert o ngola hore Bolumeli ba Mak’hathari “bo ile ba nkela boitšoaro ba Bokreste sebaka ka mokhoa o qobellang ho itšoara ka thata-thata, . . . ho qhelela topollo ka thōko ka ho hana ho amohela matla a pholosang a [lefu la Kreste].” O nahana hore “lintlha tse tšoanang e le kannete tsa baphethehi li ne li le matleng a matichere a itšoereng ka thata-thata a Bochabela, baitlami ba Buddha le mafakire a Chaena kapa India, litsebi tsa liphiri tsa Orpheus, kapa matichere a Bognostic.” Tumelong ea Mak’hathari, pholoho e ne e sa itšetleha ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, empa ho e-na le hoo ka consolamentum, kapa kolobetso ea moea o halalelang. Ho ba seng ba hloekisitsoe ka tsela ena, lefu le tla tlisa tokollo thepeng ea motheo eo lintho tse ka bonoang li entsoeng ka eona.

Ntoa e sa Halaleleng

Batho ba tloaelehileng, ba khathetseng ke litlhoko tse hanyapetsang tsa baruti le bobolu bo sabaletseng, ba ile ba khahloa ke tsela ea bophelo ea Mak’hathari. Baphethehi ba ile ba tsebahatsa Kereke e K’hatholike le sehlopha sa eona se phahameng sa puso e le “sinagoge ea Satane” le “’m’a liotsoa” tse ho Tšenolo 3:9 le 17:5. Bolumeli ba Mak’hathari bo ne bo anafala ’me bo nkela kereke sebaka ka boroa ho Fora. Mopapa Innocent III o ile a arabela ka ho qalisa le ho tšehetsa ka lichelete se bitsoang Ntoa e Halalelang Khahlanong le Maalbigense, eo e bileng eona ntoa ea pele e halalelang e hlophisitsoeng ka har’a Bokreste-’mōtoana e bileng khahlanong le batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste.

Ka mangolo le ka lihloela, mopapa o ile a hobosa marena a K’hatholike, batho ba bohlokoa, babusi ba baholo, batlotlehi ba Europe. O ile a tšepisa ho fana ka tšoarelo ea libe le maruo a Languedoc ho bohle ba neng ba tla loantša le ho felisa bokhelohi “ka mokhoa ofe kapa ofe.” Boipiletso ba hae ha boa ka ba oela fatše. Le etelletsoe pele ke babishopo ba K’hatholike le baitlami ba banna, lebotho le ferekaneng la masole a bolumeli a tsoang ka leboea ho Fora, Flanders le Jeremane le ile la theosa le lebile boroa ho pholletsa Phuleng ea Rhône.

Thipitlo ea Béziers e ile ea tšoaea qaleho ea ntoa ea tlhōlo e ileng ea timetsa Languedoc ka thipitlo ea mollo o sa thijoeng le ka polao. Albi, Carcassonne, Castres, Foix, Narbonne, Termes le Toulouse kaofela li ile tsa oela matsohong a masole a bolumeli a nyoretsoeng mali. Liqhobosheaneng tsa Mak’hathari tse kang Cassès, Minerve le Lavaur, baphethehi ba makholo ba ile ba bolaoa ka ho chesetsoa thupeng. Ho ea ka motlalehi oa histori oa moitlami oa monna Pierre des Vaux-de-Cernay, masole a bolumeli ‘a ne a thabela ho chesa baphethehi ba ntse ba phela.’ Ka 1229, ka mor’a lilemo tse 20 tsa ntoa e mabifi le timetso, Languedoc e ile ea e-ba tlas’a Puso ea Fora. Empa polao e ne e ntse e-s’o fele.

Lekhotla le Otlang Bakhelohi le Tlisa Thipitlo

Ka 1231, Mopapa Gregory IX o ile a qalisa Lekhotla le Otlang Bakhelohi la bopapa ho tšehetsa ntoa ea libetsa.a Pele tsamaiso ea lekhotla le otlang bakhelohi e ne e thehiloe holim’a ho nyatsa phatlalatsa le thibelo, ’me hamorao holim’a tlhokofatso e feletseng. Sepheo sa eona e ne e le ho ntša ka metso seo sabole e sa kang ea khona ho se timetsa. Baahloli ba Lekhotla le Otlang Bakhelohi—bao boholo e neng e le bo-forere ba Madominica le Mafrancisca—ba ne ba ikarabella ho mopapa feela. Ho bolaoa ka ho chesoa e ne e le kotlo e lumelletsoeng ka molao bakeng sa bokhelohi. Cheseho e feteletseng le bobatana ba litho tsa lekhotla le otlang bakhelohi li ne li le khōlō hoo ho ileng ha tsoha phetohelo, har’a libaka tse ling, Albi le Toulouse. Avignonet, litho tsohle tsa boahloli tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi li ile tsa bolaoa la rita.

Ka 1244 ho nehelana ka thaba ea qhobosheane ea Montségur, setšabelo sa ho qetela sa baphethehi ba bangata, ho ile ha bolela thipitlo e feletseng ea Bolumeli ba Mak’hathari. Banna le basali ba ka bang 200 ba ile ba bolaoa ka ho chesetsoa thupeng ba le bangata ka nako e le ’ngoe. Ka lilemo-lemo, Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la ’na la tsoma Mak’hathari a setseng. Ho ea ka tlaleho Mok’hathari oa ho qetela o ile a bolaoa ka ho chesetsoa thupeng Languedoc ka 1330. Buka Medieval Heresy e bontša hore: “Ho oa ha Bolumeli ba Mak’hathari e bile katleho e khōlō ka ho ikhethileng bakeng sa Lekhotla le Otlang Bakhelohi.”

Ka sebele Mak’hathari e ne e se Bakreste ho hang. Empa na ho nyatsa ha bona Kereke e K’hatholike ho ne ho lokafatsa ho ripitloa ha bona ka sehlōhō ke ho bitsoang ka hore ke Bakreste? Bahlorisi le babolai ba bona ba Mak’hatholike ba ne ba hlompholla Molimo le Kreste ’me ba emela Bokreste ba ’nete hampe ha ba hlokofatsa le ho bolaea ba mashome a likete ba sa lumellaneng le bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso a eketsehileng mabapi le Lekhotla le Otlang Bakhelohi la mehleng e bohareng, bona “Lekhotla le Otlang Bakhelohi le Tšosang” ho Awake! ea April 22, 1986, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, maqepheng a 20-3.

[Lebokose le leqepheng la 28]

MAWALDENSE

Ho elella qetellong ea lekholo la bo12 la lilemo C.E., Pierre Valdès, kapa Peter Waldo, mohoebi ea ruileng oa Lyons, o ile a tšehetsa ka chelete liphetolelo tsa pele tsa likarolo tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng tsa Seprovençal, puo ea sebakeng seo e buuoang ka boroa le ka boroa-bochabela ho Fora. E le Mok’hatholike ea tiileng, o ile a nehelana ka khoebo ea hae ’me a inehela ho boleleng Kosepele. A khopehile ka lebaka la baruti ba bolileng, Mak’hatholike a mang a mangata a ile a mo latela ’me a fetoha baboleli ba tlohang sebakeng se seng ho ea ho se seng.

Kapele Waldo o ile a thulana le baruti ba sebakeng seo ba tletseng bora, ba ileng ba susumetsa mopapa hore a thibele bopaki ba hae ba phatlalatsa. Karabo ea hae e ileng ea tlalehoa e bile hore: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Bapisa le Liketso 5:29.) Ka lebaka la ho phehella ha hae, Waldo o ile a khaoloa. Balateli ba hae, ba neng ba bitsoa Mawaldense, kapa Batho ba Futsanehileng ba Lyons, ba ile ba ikitlaetsa ka cheseho ho latela mohlala oa hae, ba tsamaea ba bolela ka bobeli ka bobeli malapeng a batho. Sena se ile sa fella ka hore lithuto tsa bona li hasane kapele ho pholletsa ka boroa, bochabela le likarolong tse ling tsa Fora, hammoho le ka leboea ho Italy.

Ka kakaretso ba ne ba buella ho khutlela litumelong le mekhoeng ea Bokreste ba pele. Har’a lithuto tse ling, ba ile ba hanyetsa, pelekatori, lithapelo bakeng sa bafu, borapeli ba Maria, lithapelo tse isoang ho “bahalaleli,” ho rapela sefapano, tšoarelo ea libe, Sakramente le kolobetso ea masea.b

Lithuto tsa Mawaldense li ne li fapane ka ho totobetseng le lithuto tsa Mak’hathari, ao hangata a neng a ferekanngoa le ’ona, tseo e seng tsa Bokreste tsa hore motho o entsoe ka lintho tse peli tse ke keng tsa fetoha. Haholo-holo pherekano ena e bile ka lebaka la bahlaseli ba litumelo ba Mak’hatholike bao ka boomo ba ileng ba leka ho amahanya boboleli ba Mawaldense le lithuto tsa Maalbigense, kapa Mak’hathari.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Mawaldense, bona sehlooho “Mawaldense—Bakoenehi kapa Babatli ba ’Nete?” ho Molula-Qhooa oa January 15, 1982, maqepheng a 12-16.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ba likete tse supileng ba ile ba shoela Kerekeng ea St. Mary Magdalene e Béziers, moo masole a bolumeli a ileng a bolaea la rita banna, basali le bana ba 20 000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela