Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/1 maq. 9-11
  • Bacha ba Ratang ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Ratang ’Nete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Leboha Tataiso ea Batsoali
  • Ho Ananela Liboka
  • Ho Iketsetsa Qeto
  • Karolo ea Phutheho
  • Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bolumeli—Ke Ikhethetse Kapa Batsoali ba Nkhethetse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/1 maq. 9-11

Bacha ba Ratang ’Nete

LILEMO tse likete tse fetileng, mopesaleme oa Moheberu o ile a botsa potso a re: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang?” (Pesaleme ea 119:9) Potso ena e ntse e sebetsa le ho rōna kajeno hobane bacha ba tobane le mathata a mangata lefatšeng. Boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali bo pepeselitse bacha ba bangata AIDS, ’me karolo e ka holimo ho halofo ea ba tšoaelitsoeng ke boloetse bona bo tšabehang e lipakeng tsa lilemo tse 15 le 24. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le eona e baka mathata a mangata, ’me e bolaea bacha ba bangata pele ho nako. ’Mino o sa hloekang; libaesekopo tse bontšang pefo le boitšoaro bo litšila, mananeo a TV le livideo; le litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe tsa Internet li na le tšusumetso e senyang bacha. Ka lebaka leo, kajeno batsoali ba bangata le bacha ba amehile haholo ka potso ena e ileng ea botsoa ke mopesaleme.

Mopesaleme eena enoa o ikaraba ka ho re: “Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la hao.” Ka sebele, Lentsoe la Molimo, Bibele, le fupere tataiso e molemo bakeng sa bacha, ’me ka ho e latela, bacha ba bangata baa atleha bophelong. (Pesaleme ea 119:105) A re hlahlobeng mehlala e meng ea bacha ba ratang Molimo le ba ileng ba ikemisetsa ho lula ba le matla moeeng lefatšeng le phehellang menyaka le le ratang lintho tse bonahalang.

Ba Leboha Tataiso ea Batsoali

Jacob Emmanuel e ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng oa pula maliboho ka lilemo tse ngata pele a sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea Mexico. O sa ntse a hopola hantle kamoo lerato la hae bakeng sa tšebeletso ea Molimo le ileng la qala kateng: “Batsoali ba ka ke bona ba ileng ba ntšusumetsa haholo, le hoja ke boetse ke thusitsoe haholo ke bara ba bang babo rōna ba hōlileng moeeng bao ke ’nileng ka tloaelana le bona. Ba ile ba ntšusumelletsa ho rata mosebetsi oa boboleli. Ka bonolo ba ile ba ntataisa hore ke tsamaee tseleng ea ho loka; ha ho mohla ke ileng ka utloa eka baa nqobella.”

David, ea seng a qetile lilemo tse ’maloa tšebeletsong ea nako e tletseng, o hopola thabo eo a ileng a ba le eona ha batsoali ba hae ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng nakong eo eena le moena’e ba neng ba le banyenyane. Ka mor’a lefu la ntat’ae, ’m’ae o ile a tsoela pele ka bopula-maliboho bo khethehileng. O ne a ba hlokomela ebile a ntse a bolela litaba tse molemo. David o re: “Ha baa ka ba nqobella ho ba pula-maliboho, empa re ne re thabela bopula-maliboho re le lelapa hoo botsoalle le moea oa eona li ileng tsa ntšusumelletsa ho bula maliboho.” Ha a bua ka bohlokoa ba tataiso le tlhokomelo tseo batsoali ba lokelang ho li fa bana, David o re: “Bosiu bo bong le bo bong, ’Mè o ne a re balla lipale bukeng ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.a Tsela eo a neng a re phetela tsona ka eona e ile ea leotsa takatso ea rōna ea lijo tsa moea.”

Ho Ananela Liboka

Ho thata hore bacha ba bang ba ananele liboka tsa Bokreste. Ba ea libokeng feela hobane ba tsamaea le batsoali ba bona. Leha ho le joalo, haeba ba sa phetse ho ea libokeng, ho ka ’na ha etsa hore qetellong ba thabele liboka. Ak’u nahane ka Alfredo, ea qalileng tšebeletso ea nako e tletseng a le lilemo li 11. O re ha a ne a le lilemo li hlano, o ne a sa batle ho ea libokeng hobane li ne li mo otselisa empa batsoali ba hae ba ne ba sa mo lumelle ho robala nakong ea liboka. Oa hopola: “Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka thahasella liboka hanyane ka hanyane, haholo-holo ka mor’a hore ke ithute ho bala le ho ngola hobane ke ile ka qala ho arabela ka mantsoe a ka.”

Ngoanana e mong ea bitsoang Cintia ea lilemo li 17 ea sebeletsang e le pula-maliboho oa kamehla, o bolela kamoo ho ba le metsoalle e metle ho mo thusitseng hore a rate tšebeletso ea Molimo kateng. O re: “Ho ba le botsoalle bo botle le barab’abo rōna le ho ba teng libokeng kamehla ho nthusitse hore ke se ke ka hlorela metsoalle ea ka ea lefatše le lintho tse ratoang ke bacha, tse joaloka ho ea libakeng tsa li-disco. Ho mamela litlhaloso le liphihlelo libokeng ho nthusitse ho rata ho sebeletsa Jehova ka sohle seo ke nang le sona, ebile ke nahana hore ntho e molemohali eo ke nang le eona ke bocha ba ka. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho bo sebelisa tšebeletsong ea hae.”

Leha ho le joalo, oa lumela: “Pele ke kolobetsoa, ho ne ho e-na le nako eo ka eona ke neng ke sa ee libokeng kamehla ha ho ne ho le bonolo ho qoba ho ea libokeng, ke itšireletsa ka hore ke na le mosebetsi oa sekolo oo ke lokelang ho o etsa. Ke ile ka fosoa ke liboka tse ngata, ’me sena se ile sa qala ho nkama moeeng. Ke ile ka etsa setsoalle le moshemane ea neng a sa ithute Bibele. Ka thuso ea Jehova ke ile ka lokisa lintho ka nako.”

Ho Iketsetsa Qeto

Ha Pablo, mocha e mong ea sebeletsang Jehova ka nako e tletseng a botsoa hore na ke ntho efe ea bohlokoa eo motho a e hlokang e le hore a ka hlaolela lerato bakeng sa Lentsoe la Molimo oa ’nete, o re: “Ke nahana hore ke lintho tse peli: thuto ea botho ea kamehla le ho chesehela mosebetsi oa boboleli. Ke leboha hore ebe batsoali ba ka ba ile ba nthuta ’nete ka Jehova, ebile ke nahana hore ena ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo ba neng ba ka mpha eona. Leha ho le joalo, ’na ka bonna ke lokela ho kholiseha hore na ke hobane’ng ha ke rata Jehova. E le hore ke tsebe seo, ke lokela ho tseba ‘bophara le botebo’ ba ’nete ea Bibele. Ke ka tsela ena feela re ka labalabelang Lentsoe la Jehova, le fehlang ka ho rōna ‘mollo o tukang’ o etsang hore re bue le ba bang ka lona. Ho ba le cheseho e joalo bakeng sa mosebetsi oa boboleli ho tla etsa hore re lule re e-na le kananelo e matla bakeng sa ’nete.”—Baefese 3:18; Jeremia 20:9.

Jacob Emmanuel, eo ho builoeng ka eena pejana, le eena o hopola bohlokoa ba ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. O re ha ho mohla batsoali ba hae ba ileng ba mo qobella hore a kolobetsoe. “Ke nahana hore seo se bile molemo haholo hobane hona joale ke latsoa litholoana tse molemo. Ka mohlala, bacha ba bang bao ke neng ke tloaelane le bona ba ile ba etsa qeto ea ho kolobetsoa hammoho ka nako e le ’ngoe. Le hoja seo se ne se nepahetse, ke ne ke bona hore ba bang ba etsa joalo ka lebaka la ho nkoa ke molumo, ’me nako e khutšoanyane ka mor’a moo cheseho ea bona bakeng sa tšebeletso ea ’Muso e ile ea tapa. Ha kea susumelletsoa ke batsoali ho etsa qeto ea ho inehela ho Jehova. Ke ile ka iketsetsa qeto.”

Karolo ea Phutheho

Bacha ba bang ba ithutile ’nete ea Lentsoe la Molimo ka bobona, ka ntle ho thuso ea batsoali ba bona. Ka sebele ke phephetso ho ithuta ho etsa se nepahetseng ka tlas’a maemo a joalo le ho se phehella.

Noé o sa hopola kamoo ’nete e ileng ea mo ruisa molemo kateng. O ne a halefa habonolo ebile a le mabifi ho tloha bonyenyaneng. Ha a qala ho ithuta Bibele a le lilemo li 14, botho ba hae bo ile ba qala ho ntlafala, ’me batsoali ba hae ba neng ba sa thahaselle Bibele ka nako eo, ba ile ba leboha seo. Ha Noé a ntse a hatela pele moeeng, o ile a batla ho sebelisa bophelo ba hae ka botlalo tšebeletsong ea Molimo. Hona joale o tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ka ho tšoanang, Alejandro o ile a qala ho thahasella ’nete ea Bokreste a le monyenyane le hoja batsoali ba hae ba ne ba sa e thahaselle. Ha a bua ka kananelo ea hae bakeng sa ’nete, o re: “Ke hōletse lelapeng la Mak’hatholike a popota. Ke ile ka qala ho ateloa ke likhopolo tsa Bokomonisi tsa ho latola boteng ba Molimo, hobane kereke e ne e sa khone ho araba lipotso tseo ke ileng ka ipotsa tsona ho tloha bonyenyaneng. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa nthusa hore ke tsebe Molimo. O pholositse bophelo ba ka ka ho toba hobane hoja ke ne ke sa ithuta Bibele, mohlomong ke ne ke tla kopanela boitšoarong bo bobe, ke be lekhoba la tahi kapa la lithethefatsi. Mohlomong ke ne ke tla ba setho sa mokhatlo o mong oa bofetoheli, ka liphello tse utloisang bohloko.”

Mocha a ka phenyekolla ’nete joang le ho e khomarela a sa tšehetsoa ke batsoali ba hae? Ha ho pelaelo hore, baholo le ba bang ka har’a phutheho ba phetha karolo ea bohlokoa haholo. Noé oa hopola: “Ha ho mohla ke ileng ka jeoa ke bolutu, hobane kamehla Jehova o ’nile a ba haufi le ’na. Hape, ke ’nile ka tšehetsoa ke bara le baralib’abo rōna ba lerato ba fetohileng bo-ntate, bo-’mè le baena ba ka ba moea.” Hona joale o sebeletsa Bethele moo a sebelisang nako ea hae tšebeletsong ea Molimo. Ka ho tšoanang, Alejandro o re: “Ho hong hoo ke tla ho leboha kamehla ke hore ebe ke hlohonolofalitsoe ka ho ba ka har’a phutheho eo sehlopha sa eona sa baholo se mpontšitseng thahasello e lerato. Ke leboha ka ho khethehileng hobane ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele ha ke le lilemo li 16, ke ne ke ferekane joaloka mocha e mong le e mong. Ha ho mohla malapa a ka phuthehong a ileng a mphuralla. Kamehla ho ne ho e-na le motho ea nkamohelang ka mofuthu ’me a mpulela lehae la hae, a mpha lijo tsa hae le ho mphetlela sefuba sa hae.” Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 13 Alejandro a le tšebeletsong ea nako e tletseng.

Batho ba bang ba nahana hore bolumeli ke ba batho ba hōlileng feela. Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba ithutile ’nete ea Bibele bonyenyaneng ’me ba rata Jehova ebile ba ntse ba tšepahala ho eena. Mantsoe a Davida a tlalehiloeng ho Pesaleme ea 110:3 a ka sebelisoa ho bacha bana: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa pōpelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.”

Ke phephetso bakeng sa bacha ho ithuta ’nete le ho e khomarela. Ho thabisa hakaakang ho bona hore ba bangata ba ba haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ba ba teng libokeng kamehla ’me ba ithuta Bibele ka hloko! Ka ho etsa joalo, ba ile ba khona ho hlaolela lerato la sebele bakeng sa Lentsoe la Molimo le tšebeletso ea hae!—Pesaleme ea 119:15, 16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova ka 1964; empa ha e sa hatisoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela