Mathata le Meputso ea ho Hōlisetsa Bana Naheng Esele
BATHO ba limilione ba fallela linaheng tse ling ba tšepile ho ea qala bophelo bocha. Hona joale Europe e na le bafalli ba fetang limilione tse 20, United States e na le baahi ba tsoaletsoeng linaheng tse ling ba fetang limilione tse 26, ha karolo e ka holimo ho 21 lekholong ea baahi bohle ba Australia e tsoaletsoe linaheng lisele. Hangata, malapa ana a bafalli a loana le bothata ba ho ithuta puo e ncha ’me a lokela ho ithuta mekhoa e mecha.
Hangata bana ba ithuta puo ea naha eo ba falletseng ho eona ka potlako ’me ba qala ho nahana ka puo eo e ncha. Batsoali ba bona ba ka ’na ba lieha ho ithuta. Ha bana ba ntse ba hōlela naheng ena eo batsoali ba bona ba sa e tsebeng, puo e ka ’na ea baka mathata a puisano ao ho leng thata ho a rarolla.
Ho ka ’na ha etsahala hore puo e ncha e ame tsela eo bana ba nahanang ka eona ’me le mekhoa ea naha e ncha e ka ’na ea susumetsa kamoo ba ikutloang kateng. Batsoali ba ka ’na ba thatafalloa ke ho utloisisa tsela eo bana ba itšoarang ka eona. Kahoo, batsoali ba bafalli ba lekang ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” ba thulana le mathata a sa tloaelehang.—Baefese 6:4.
Bothata ba ho Finyella Pelo le Kelello
Batsoali ba Bakreste ba na le takatso le boikarabelo ba ho ruta bana ba bona ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele. (Sofonia 3:9) Leha ho le joalo, haeba bana ba tseba puo ea batsoali ba bona hanyenyane feela ’me batsoali ba sitoa ho itlhalosa hantle ka puo eo bana ba bona ba e tsebang, ba ka kenya molao oa Jehova ka botebo joang lipelong tsa bana ba bona? (Deuteronoma 6:7) Bana ba ka ’na ba utloisisa mantsoe ao batsoali ba bona ba a buang empa haeba se buuoang se sa fihle pelong ba ka ’na ba fetoha balichaba ka malapeng abo bona.
Pedro le Sandra ba ile ba fallela Australia ba tsoa Amerika Boroa, ’me ba thulana le bothata bona ha ba ntse ba hōlisa bashemane ba bona ba babeli ba lilemong tsa bocha.a Pedro o re: “Ha ho buuoa ka litaba tsa moea, pelo le maikutlo lia ameha. Ho hlokahala hore u fetise mehopolo ka mokhoa o tebileng haholoanyane le o nang le moelelo haholoanyane, kahoo, ho hlokahala tsebo e khōloanyane ea mantsoe.” Sandra o phaella ka ho re: “Haeba bana ba rōna ba sa utloisise puo ea rōna ka botlalo, bomoea ba bona bo ka ameha. Ho ka ’na ha etsahala hore ba se ke ba utloisisa ’nete ka botebo le hore ba se ke ba utloisisa seo ba ithutang sona. Ba ka ’na ba sitoa ho lemoha lintho tsa moea, ’me kamano ea bona le Jehova e ka ba kotsing.”
Gnanapirakasam le Helen ba ile ba fallela Jeremane ba tsoa Sri Lanka ’me hona joale ba na le bana ba babeli. Baa lumela ba re: “Re nahana hore ke habohlokoa haholo hore bana ba rōna ba bue puo ea rōna ha ba ntse ba ithuta Sejeremane. Ke habohlokoa hore ba khone ho re bolella maikutlo a bona, ba bue le rōna ka bolokolohi.”
Miguel le Carmen ba ileng ba falla Uruguay ba ea Australia, ba re: “Batsoali ba boemong ba rōna ba lokela ho sebetsa ka thata. Ba lokela ho ithuta puo e ncha hantle hoo ba ka utloisisang le ho hlalosa litaba tsa moea ka puo eo kapa ba rute bana ba bona hore ba tsebe puo ea batsoali ba bona hantle.”
Qeto ea Lelapa
Ntho ea bohlokoa bomoeeng ba lelapa la bafalli ke ho etsa qeto ea hore na lelapa le tla sebelisa puo efe ho ‘rutoa ke Jehova.’ (Esaia 54:13) Haeba phutheho e buang puo ea lelapa leo e le haufi, lelapa le ka khetha ho ba phuthehong eo. Ka lehlakoreng le leng, le ka ’na la khetha ho ba phuthehong e buang puo e buuoang haholo naheng eo le falletseng ho eona. Ke maemo afe a tla susumetsa qeto eo le e etsang?
Demetrios le Patroulla, ba ileng ba fallela Engelane ba tsoa Cyprus ’me ba hōlisa bana ba bahlano moo, ba hlalosa hore na qeto ea bona e ile ea susumetsoa ke eng, ba re: “Qalong lelapa la rōna le ne le kopanela le phutheho e buang Segerike. Le hoja sena e ne e le thuso ho rōna batsoali, e ne e le tšitiso tsoelo-peleng ea bana ba rōna ea moea. Le hoja ba ne ba tseba Segerike, ba ne ba thatafalloa ke ho utloisisa litaba tse tebileng tsa moea. Sena se ile sa bonahala ka ho lieha ha bona ho tsoela pele moeeng. Re ile ra fallela phuthehong e buang Senyesemane re le lelapa, ’me liphello tse ntle ho bana ba rōna li ile tsa bonahala hang-hang. Ba matlafetse moeeng. Qeto ea ho fetola liphutheho e ne e se bonolo, empa tabeng ea rōna, e ne e le bohlale.”
Lelapa le ’nile la bua puo ea batsoali ’me la ba le meputso e mengata. Bana ba bona ba re: “Ho tseba lipuo tse ngata ke thuso. Le hoja puo ea rōna e le Senyesemane, re fumane hore ho tseba Segerike ho entse hore re be le likamano tse matla le tse atamelaneng tsa lelapa, haholo-holo le bo-nkhono le bo-ntate-moholo. Ho boetse ho entse hore re nahanele bafalli, ’me ho re kholisitse hore re ka ithuta puo e ’ngoe. Kahoo, ha re se re le baholoanyane, lelapa labo rōna le ile la ea thusa phutheho e buang Sealbania.”
Christopher le Margarita le bona ba ile ba fallela Engelane ba tsoa Cyprus, ’me ba hōlisetsa bana ba bararo moo. Ba ile ba khetha ho tšehetsa phutheho e buang Segerike. Mora oa bona, Nikos, eo hona joale e leng moholo phuthehong e buang Segerike, o sa hopola: “Re ile ra khothalletsoa ho kopanela le phutheho e buang Segerike. Lelapa leso le ile la nka hore ke kabelo eo re e filoeng ke Molimo.”
Margarita o re: “Ha bashemane bana ba babeli e mong a le lilemo li supileng ’me e mong a le lilemo li robeli, ba ile ba ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Joaloka batsoali, re ne re amehile ka tsebo ea bona e fokolang ea Segerike. Leha ho le joalo, re ne re lokisetsa puo e ’ngoe le e ’ngoe re le lelapa, ’me re ne re qeta lihora tse ngata re ba thusa ho lokisetsa lipuo tsa bona.”
Morali oa bona Joanna o re: “Ke hopola ha Ntate a ne a re ruta Segerike ka ho ngola alfabeta bolekebotong lapeng, ’me re ne re lokela ho ithuta eona ka ho feletseng. Batho ba bangata ba qeta lilemo tse ngata ba ntse ba ithuta puo, empa ka thuso ea ’Mè le Ntate re ile ra ithuta Segerike ntle le ho senya nako.”
Malapa a mang a ea liphuthehong tse buang puo ea batsoali hobane batsoali ba nahana hore e le hore ba tsoele pele ‘kutloisisong ea moea’ le ho hatela pele moeeng, ho hlokahala hore ba ithute ka puo ea bona. (Bakolose 1:9, 10; 1 Timothea 4:13, 15) Kapa lelapa le ka ’na la nka hore ho tseba ha lona puo eo ho tla thusa bafalli ba bang ho ithuta ’nete.
Ka lehlakoreng le leng, lelapa le ka ’na la nahana hore ho molemong oa lona ho kopanela le phutheho e buang puo e buuoang haholo naheng eo le falletseng ho eona. (Bafilipi 2:4; 1 Timothea 3:5) Ka mor’a ho buisana e le lelapa, hlooho ea lelapa e lokela ho etsa qeto ka mor’a ho rapella tataiso ho Molimo. (Baroma 14:4; 1 Bakorinthe 11:3; Bafilipi 4:6, 7) Ebe ke litlhahiso life tse ka thusang malapa aa?
Litlhahiso Tse Ling Tse Thusang
Pedro le Sandra, ba boletsoeng pejana, ba re: “Lapeng re na le molao oa hore ho buuoe Sepanishe feela e le hore re se ke ra lebala puo ea rōna. Ho thata ho boloka molao ona hobane bashemane baa tseba hore re utloisisa Senyesemane. Empa haeba re sa boloke molao ona, ba ka ’na ba lebala Sepanishe kapele.”
Miguel le Carmen, bao le bona ba boletsoeng pejana, ba khothalletsa hore “haeba batsoali ba khanna thuto ea lelapa kamehla ’me letsatsi le leng le le leng ba tšoara temana ea letsatsi ka puo ea bona, bana ba ke ke ba ithuta puo feela, empa ba tla ithuta ho hlalosa litaba tsa moea ka puo eo.”
Miguel o boetse oa khothalletsa: “Lekang ho natefisa mosebetsi oa bopaki. Tšimo ea rōna e nka karolo e khōlō ea motse o moholo, ’me re nka nako e ngata re tsamaea ka koloi re batla batho ba buang puo ea rōna. Nako ena re e sebelisetsa ho bapala lipapali tsa Bibele le ho bua ka litaba tsa bohlokoa. Ke leka ho lokisetsa maeto a ho paka e le hore re khutlele ho batho ba bangata ba thabelang. Joale, ha re chaisa, bonyane bana ba ile ba kopanela puisanong e le ’ngoe e molemo.”
Ho Hlōla Mathata a Mekhoa e sa Tšoaneng
Lentsoe la Molimo le khothatsa bacha le re: “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 1:8) Leha ho le joalo, mathata a ka hlaha ha litekanyetso tsa ntate tsa taeo le “molao” oa ’mè li susumetsoa ke mekhoa e fapaneng le ea tikoloho eo bana ba phelang ho eona.
Ha e le hantle, hlooho ea lelapa le leng le le leng e lokela ho etsa qeto hore na e tla okamela lelapa la eona joang, ’me ha ea lokela ho susumetsoa ke malapa a mang ho sa hlokahale. (Bagalata 6:4, 5) Leha ho le joalo, puisano e ntle pakeng tsa batsoali le bana e ka nolofalletsa batsoali hore ba amohele mekhoa e mecha.
Leha ho le joalo, mekhoa le litloaelo tse ngata tsa linaha tse tsoetseng pele li kotsi bomoeeng ba Bakreste. Hangata ’mino le boithabiso li khothalletsa boitšoaro bo bobe, meharo le borabele. (Baroma 1:26-32) Batsoali ba Bakreste ha baa lokela ho tlohela boikarabelo ba ho laola ’mino le boithabiso tseo bana ba li khethang kahobane feela ba sa utloisise puo. Ba lokela ho fana ka tataiso e tiileng. Leha ho le joalo, sena se ka ’na sa e-ba thata.
Carmen o re: “Hangata ha re utloisise mantsoe a ’mino oo bana ba rōna ba o mamelang. Morethetho o ka ’na oa e-ba monate, empa haeba mantsoe a sa hlaka kapa e le lipolelo tse sa itlhompheng tsa boitšoaro bo bobe, re ke ke ra tseba.” Ba atlehile joang ho loana le boemo boo? Miguel o re: “Re nka nako e ngata re ruta bana ba rōna ka likotsi tsa ’mino oa boitšoaro bo bobe, ’me re leka ho ba thusa hore ba khethe ’mino o amoheloang ke Jehova.” Ho hlakile hore ho hlokahala phalimeho le kahlolo e molemo ho loana ka katleho le mekhoa e sa tšoaneng ea linaha.—Deuteronoma 11:18, 19; Bafilipi 4:5.
Ho Rua Melemo
Ho hōlisetsa bana naheng esele ho hloka nako e eketsehileng le boiteko. Ha ho ’nete e fetang ena. Empa batsoali le bana ba ka rua melemo e eketsehileng ea boiteko ba bona.
Azzam le mosali oa hae, Sara, ba ile ba falla Turkey ba ea Jeremane moo ba ileng ba hōlisetsa bana ba bararo teng. Mora oa bona e moholo hona joale o sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Selters, Jeremane. Azzam o re: “Molemo o moholo oo bana ba o ruang ke hore ba khona ho phela ka mekhoa e amohelehang ho batsoali ba bona le e amohelehang naheng ea bojaki.”
Antonio le Lutonadio ba ile ba falla Angola ba ea Jeremane moo ba hōlisang bana ba robong. Lelapa la bona le bua Selingala, Sefora le Sejeremane. Antonio o re: “Ho bua lipuo tse ngata ho thusa lelapa la rōna ho pakela batho ba tsoang linaheng tse ngata. Sena se re thabisa haholo.”
Bana ba babeli ba lelapa la Majapane le ileng la fallela Engelane ba lumela hore ho molemong oa bona ho tseba Sejapane le Senyesemane. Bana bana ba re: “Ho tseba lipuo tse peli ho ile ha re thusa ho fumana mosebetsi. Re ruile molemo likopanong tse khōlō tsa Senyesemane. Ka nako e tšoanang, re na le monyetla oa ho sebeletsa phutheho ea Sejapane, moo ho nang le tlhokahalo e khōlō.”
Le ka Atleha
Ho hōlisa bana har’a batho bao mekhoa ea bona e fapaneng le ea hao ke phephetso eo bahlanka ba Molimo ba ’nileng ba thulana le eona ho tloha mehleng ea Bibele. Batsoali ba Moshe ba ile ba atleha le hoja a ile a hōlisetsoa Egepeta. (Exoda 2:9, 10) Bajuda ba bangata ba neng ba isitsoe kholehong Babylona ba ile ba hōlisa bana ba ileng ba ikemisetsa ho khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete.—Esdrase 2:1, 2, 64-70.
Le kajeno batsoali ba Bakreste ba ka atleha. Ba ka ’na ba utloa bana ba bona ba bua seo bana ba bang ba ileng ba se bolella batsoali ba bona, ba re: “Re lelapa le momahaneng ka lebaka la tlhokomelo e lerato ea ’Mè le Ntate, bao kamehla re thabelang puisano e monate le bona. Re thabela hore re karolo ea lelapa la lefatše ka bophara le sebeletsang Jehova.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho bua puo ea batsoali feela lapeng ho thusa bana hore ba e tsebe
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho bua puo e tšoanang ho boloka likamano pakeng tsa batsoali ba batsoali le litloholo
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho ithuta Bibele le bana ba lōna ho hōlisa ‘kutloisiso ea bona ea moea’