Na Bakreste ba Lokela ho Boulela?
POULELO—na ke tšobotsi eo Bakreste ba lokelang ho leka ho ba le eona? Joaloka Bakreste, re khothalletsoa ho ‘phehella lerato,’ ’me re bolelloa hore “lerato ha le boulele.” (1 Bakorinthe 13:4; 14:1) Ka lehlakoreng le leng, re boetse re bolelloa hore “Jehova . . . ke Molimo ea boulelang” ’me re laeloa hore re “be baetsisi ba Molimo.” (Exoda 34:14; Baefese 5:1) Ke hobane’ng ha ho bonahala eka lipolelo tsee lia ikhanyetsa?
Ke hobane mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “poulelo” ka Bibeleng a ka bolela lintho tse ngata. A ka bolela lintho tse ntle kapa tse mpe, ho itšetlehile ka hore na a sebelisoa joang. Ka mohlala, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “poulelo” le ka bolela ho “tsitlella boinehelo bo khethehileng; ho se mamelle tlhōlisano; cheseho; poulelo [e lokileng kapa e mpe]; mohono.” Lentsoe la Segerike le tšoanang le lona le na le moelelo o tšoanang. Mantsoe ana a ka bolela maikutlo a sothehileng le a khopameng mabapi le eo ho belaelloang hore ke sera kapa eo ho lumeloang hore o na le lintho tse ntle. (Liproverbia 14:30) A ka boela a bolela tšobotsi e ntle eo re e filoeng ke Molimo ea ho batla ho sireletsa ea ratoang.—2 Bakorinthe 11:2.
Mohlala o Motle ka ho Fetisisa
Jehova o beha mohlala o motle ka ho fetisisa oa poulelo e loketseng. Sepheo sa hae se hloekile, se susumetsoa ke takatso ea hore batho ba hae ba lule ba sa silafala moeeng le boitšoarong. Mabapi le batho ba hae ba boholo-holo, bao ka puo ea tšoantšetso ba bitsoang Sione, o ile a re: “Ke tla boulella Sione ka poulelo e khōlō, ’me ke tla mo boulella ka khalefo e khōlō.” (Zakaria 8:2) Joalokaha ntate ea lerato a falimehetse ho sireletsa bana ba hae kamehla, Jehova o falimehetse ho sireletsa bahlanka ba hae linthong tse kotsi nameng le moeeng.
Jehova o fane ka Lentsoe la hae Bibele hore a sireletse batho ba hae. E na le khothatso e ngata e ba thusang hore ba tsamaee ka bohlale, ’me e na le mehlala e mengata ea ba ileng ba tsamaea ka bohlale. Ho Esaia 48:17, rea bala: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore poulelo ea hae e mo susumelletsa hore a re hlokomele a be a re lebele! Haeba a ne a sa boulele ka tsela ena e molemo, re ne re tla hlaheloa ke likotsi tsa mefuta-futa ka lebaka la ho hloka tsebo. Poulelo ea Jehova hase ea boithati ho hang.
Kahoo, phapang pakeng tsa poulelo ea bomolimo le poulelo e sa lokelang ke efe? Hore re fumane karabo, a re hlahlobeng mohlala oa Miriame le Finease. Hlokomela hore na ba ile ba susumetsoa ke eng.
Miriame le Finease
Miriame e ne e le ausi oa Moshe le Arone, baeta-pele ba Baiseraele ha ba ne ba falla Egepeta. Ha Baiseraele ba le lefeelleng, Miriame o ile a tlala poulelo e bakoang ke mohono ka khaitseli ea hae Moshe. Tlaleho ea Bibele e re: “Joale Miriame le Arone ba qala ho bua Moshe hampe ka lebaka la mosali oa Mokushe eo a neng a mo nkile . . . Ba ’na ba re: ‘Na Jehova o buile ka Moshe a le mong feela? Na ha aa bua le ka rōna?’” Ho totobetse hore Miriame ke eena ea ileng a etella pele hore ho fetoheloe Moshe hobane Jehova o ile a khalemela eena, eseng Arone, ka ho mo otla ka lepera le ileng la nka beke ka lebaka la boitšoaro ba hae bo se nang tlhompho.—Numere 12:1-15.
Ke eng e ileng ea susumetsa Miriame hore a fetohele Moshe? Na o ne a amehile ka borapeli ba ’nete le takatso ea ho sireletsa Baiseraele ba habo kotsing? Ho totobetse hore ha ho joalo. Ho bonahala eka Miriame o ne a lumeletse takatso e fosahetseng ea ho fumana boemo bo phahameng le matla hore e hōle pelong ea hae. Joalokaha e ne e le moprofeta oa mosali Iseraele, o ne a hlomphuoa haholo ke batho, haholo-holo ke basali. Ke eena ea ileng a ba etella pele ’minong ka mor’a hore Baiseraele ba pholosoe ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu. Leha ho le joalo, hamorao e ka ’na eaba o ile a ameha ntle ho lebaka ka hore ho se ho tla hlomphuoa mosali oa Moshe, eo a neng a nahana hore e tla ba mohanyetsi oa hae. A susumetsoa ke poulelo e bakoang ke mohono, o ile a tsosa moferefere oa hore ho fetoheloe Moshe ea neng a khethiloe ke Jehova.—Exoda 15:1, 20, 21.
Ka lehlakoreng le leng, Finease o ne a etsa lintho ka sepheo se fapaneng. Nakoana pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ha Baiseraele ba ne ba hlomme liahelo Lithoteng Tsa Moabe, basali ba Bamoabe le ba Bamidiane ba ile ba eka banna ba Baiseraele hore ba kopanele boitšoarong bo bobe le borapeling ba litšoantšo. Hore ba hloekise liahelo le ho khutlisa bohale bo tukang ba Jehova, baahloli ba Iseraele ba ile ba laeloa hore ba bolaee banna bohle ba neng ba tsoile tseleng. Zimri, morenana oa Basimeone, ka tello o ile a tlisa Kozbi, mosali oa Momidiane liahelong, “ka pel’a mahlo a phutheho eohle ea bara ba Iseraele.” Finease ha aa ka a qeaqea. O ile a susumetsoa ke poulelo kapa cheseho bakeng sa borapeli ba Jehova, le takatso ea hore ho be le boitšoaro bo hloekileng liahelong, ’me a bolaela lihlola tseo ka tenteng ea tsona. O ile a babatsoa ka lebaka la ho ba le “poulelo e bakoang ke khalefo,” “a sa mamelle tlhōlisano ea letho” mabapi le Jehova. Bohato bo potlakileng boo Finease a ileng a bo nka bo ile ba emisa lefu la seoa leo ba neng ba otliloe ka lona le neng le se le bolaile batho ba 24 000, ’me Jehova o ile a mo putsa ka selekane sa boprista se neng se tla ba lesikeng la hae ka nako e sa lekanyetsoang.—Numere 25:4-13; The New English Bible.
Phapang e ne e le efe pakeng tsa poulelo ea Miriame le poulelo ea Finease? Miriame o ile a fetohela khaitseli ea hae ka lebaka la poulelo e bakoang ke mohono, empa Finease o ile a sebelisa toka e thehiloeng poulelong ea bomolimo. Joaloka Finease, le rōna ho na le linako tseo ka tsona re lokelang ho ntša maikutlo kapa ho nka bohato bo itseng ho sireletsa lebitso la Jehova, borapeli ba hae le batho ba hae.
Poulelo e sa Lokelang
Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore re be le poulelo e sa lokelang? E, ho joalo. Ho ne ho le joalo ka Bajuda ba lekholong la pele la lilemo. Ba ne ba boulella Molao o fanoeng ke Molimo le lineano tsa bona. Ha ba leka ho sireletsa Molao, ba ile ba etsa litaelo le lithibelo tse ngata tse ileng tsa fetoha moroalo ho batho. (Matheu 23:4) Kaha ba ne ba sitoa kapa ba sa ikemisetsa ho amohela hore joale Molimo o se a nketse Molao oa Moshe sebaka ka ntho eo o neng o hlile o e tšoantšetsa, poulelo ea bona e sa lokelang e ile ea ba susumelletsa hore ba halefele balateli ba Jesu Kreste ho tlōla. Moapostola Pauluse, eo ka boeena ka botšepehi a kileng a boulella Molao ka ho sa lokelang, o ile a bolela hore batho ba neng ba sireletsa Molao ba ne “ba chesehela [ba boulella] Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.”—Baroma 10:2; Bagalata 1:14.
Esita le Bajuda ba bangata ba ileng ba fetoha Bakreste ba ile ba thatafalloa ke ho tlohela ho ba le cheseho ena e sa lokelang bakeng sa Molao. Ka mor’a leeto la hae la boraro la boromuoa, Pauluse o ile a fana ka tlaleho ho sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo ka tšokoloho ea lichaba. Ka nako eo, Bajuda ba likete ba Bakreste ‘kaofela ba ne ba chesehela Molao.’ (Liketso 21:20) Sena se etsahetse lilemo tse ngata ka mor’a hore sehlopha se busang se etse molao oa hore ha ho hlokahale hore Bakreste ba Balichaba ba bolle. Litaba tse amanang le ho bolokoa ha Molao li ne li bakile pherekano ka har’a phutheho. (Liketso 15:1, 2, 28, 29; Bagalata 4:9, 10; 5:7-12) Ka lebaka la ho hloka kutloisiso ea kamoo Jehova a neng a se a sebetsana le batho ba hae kateng, Bajuda ba bang ba Bakreste ba ne ba tsitlella maikutlo a bona, ba nyatsa-nyatsa ba bang.—Bakolose 2:17; Baheberu 10:1.
Kahoo, le rōna re lokela ho qoba leraba la ho tlala poulelo e sa lokelang ea ho leka ho sireletsa maikutlo kapa litsela tseo re li ratang empa li sa thehoa ka ho feletseng Lentsoeng la Molimo. Re lokela ho amohela kutloisiso e ncha ea Lentsoe la Molimo ka mocha oo Jehova a o sebelisang kajeno.
Boulella Jehova
Leha ho le joalo, ho loketse ho bontša poulelo ea bomolimo borapeling ba ’nete. Ha re ameha ntle ho mabaka ka botumo kapa litokelo tsa rōna, poulelo ea bomolimo e lebisa tlhokomelo ea rōna ho Jehova. E re susumelletsa hore re batle mekhoa e sa tšoaneng ea ho bolela ’nete ka eena, ho sireletsa litsela tsa hae le batho ba hae.
Akiko, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a nyatsoa ka matla ke mong’a ntlo ea neng a e-na le likhopolo tse fosahetseng ka molao oa Molimo mabapi le mali. Ka bohlale, Akiko o ile a emela Lentsoe la Molimo, a bile a bolela mathata a tsa bongaka a tlisoang ke tšelo ea mali. O ile a susumetsoa ke takatso e matla ea ho bua ka Jehova, ’me a fetolela moqoqo ho seo a ileng a lemoha hore e ne e le motso oa bothata ba mosali eo ba ho hanyetsa, e leng ba ho se lumele hore ’Mōpi o teng. Akiko o ile a bontša mong’a ntlo mabaka a bontšang hore pōpo e tšehetsa boteng ba ’Mōpi. Kaha o ile a emela ’nete ka sebete, hase feela hore o ile a felisa leeme le se nang motheo, empa o ile a khona ho qalisa thuto ea Bibele le mosali eo. Kajeno mong’a ntlo ea neng a le mabifi ke mororisi oa Jehova.
Poulelo e loketseng, kapa cheseho bakeng sa borapeli ba ’nete, e re tlama hore re falimehe re be re batle menyetla ea ho bua ka tumelo ea rōna le ho e sireletsa mosebetsing, sekolong, mabenkeleng le ha re le maetong. Ka mohlala, Midori o etsa bonnete ba hore o buisana le basebetsi-’moho le eena ka tumelo ea hae. Mosali e mong ea sebetsang le eena ea neng a le lilemong tsa bo-40 o ile a re ha a batle Lipaki Tsa Jehova le moo li hatileng teng. Hamorao, ha ba ntse ba buisana, mosali enoa o ile a bolela hore o ne a tšoenngoa ke hore morali oa hae o ne a se a qala mekhoanyana e mebe. Midori o ile a mo bontša buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang,a ’me a ithaopela ho tla ithuta buka eo le morali oa hae. Ba ile ba qala ho ithuta, empa o ne a sa be teng ha ba ithuta. Midori o ile a etsa qeto ea ho bontša mosali eo video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.* Sena se ile sa tlosa khoao eo mosali enoa a neng a e-na le eona. A susumelitsoe ke seo a se boneng, mosali eo o ile a re: “Ke batla ho tšoana le Lipaki Tsa Jehova.” Le eena o ile a ithuta Bibele joaloka morali oa hae.
Poulelo e loketseng ea amoheleha le ka phuthehong ea Bokreste. E hōlisa moea o mofuthu oa lerato le kameho, ’me e re susumelletsa ho hanela litšusumetso tse mpe tse ka ntšang barab’abo rōna ba moea kotsi, tse kang litšebo tse kotsi le bokoenehi. Poulelo ea bomolimo e re susumelletsa hore re tšehetse liqeto tsa baholo bao ka linako tse ling ba fumanang ho hlokahala hore ba khalemele bafosi. (1 Bakorinthe 5:11-13; 1 Timothea 5:20) Ha Pauluse a ngola ka poulelo eo a nang le eona ka balumeli-’moho le eena phuthehong ea Korinthe, o ile a re: “Ke le boulela ka poulelo ea bomolimo, kaha ke ile ka etsa tšepiso ea ho le nyalisa monna a le mong e le hore nka le hlahisa joaloka moroetsana ea hloekileng ho Kreste.” (2 Bakorinthe 11:2) Le rōna ka ho tšoanang, poulelo e re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rōna ho sireletsa bohle ba ka phuthehong hore ba rute thuto e hloekileng, le hore ba hloeke moeeng le boitšoarong.
E, poulelo e bontšoang ka sepheo se nepahetseng—poulelo ea bomolimo—e ka susumetsa ba bang hamolemo. E etsa hore Jehova a re amohele ’me e lokela ho ba e ’ngoe ea litšobotsi tse bonahalang ho Bakreste kajeno.—Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Liketso tsa Finease li ne li thehiloe poulelong ea bomolimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Qoba leraba la poulelo e sa lokelang
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Poulelo ea bomolimo e re susumelletsa ho tsebisa ba bang tumelo ea rōna le ho ananela mokhatlo oa rōna oa bara ba motho