Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/1 leq. 3
  • Ho Fana ho Fihlela U Tsoa Monate

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fana ho Fihlela U Tsoa Monate
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Ntša Karolo ea Leshome?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Ke Joang re ka Buseletsang Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke’ng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ea Leshome?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Fana ka Thabo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/1 leq. 3

Ho Fana ho Fihlela U Tsoa Monate

“U KA ’na ua mpitsa mokōpi; empa ha ke tsotelle. Ke kōpela Jesu.” Mantsoe ana a builoeng ke moruti oa Moprostanta aa mo talola ebile a hatisa pharela e mabapi le hore na bolumeli bo lokela ho fumana lichelete joang. Ho bonahala hore mekhatlo ea bolumeli e atleha hafeela e fumana lichelete tse ngata. Ho hlokahala hore basebetsi ba lefuoe meputso, litempele li hahuoe li be li hlokomeloe le lichelete li ntšoe bakeng sa matšolo a ho bolela evangeli. Lichelete tsee li tla fumanoa joang?

Likereke tse ngata li fumana lichelete ka hore ho ntšoe karolo ea leshome. Moevangeli Norman Robertson o re: “Ho ntša karolo ea leshome ke tsela eo ka eona Molimo a tšehetsang ’muso oa Hae ka lichelete lefatšeng. Ke mokhoa oo A laolang lichelete ka oona hore Kosepele e boleloe.” Ha a lihlong ho hopotsa balateli ba hae hore ba lokela ho fana, ’me o bua ka matla o re: ‘Ha u ntše karolo ea leshome hobane u e-na le chelete. U mpa u bontša hore ua mamela. Ha u sa ntše karolo ea leshome, ho hlakile hore u tlōla litaelo tsa Molimo. Ke ho utsoa.’—Tithing—God’s Financial Plan.

Ntle ho pelaelo ua lumela hore ho fana e lokela ho ba karolo ea borapeli ba Mokreste. Leha ho le joalo, na u tenoa ke ho pepetoa lichelete? Moruti Inácio Strieder oa Brazil o qosa likereke ka ho lefisa karolo ea leshome bakeng sa ho “rarolla mathata a likereke” ’me o re mekhoa eo “e fosahetse, ea tlatlapa, ebile ha e lumellane le thuto ea bolumeli.” O re phello ke hore “batho ba sa sebetseng, bahlolohali, batho ba lulang mek’huk’hung, le ba sa khoneng ho inahanela ba phetha ka hore Molimo o ba lahlile le hore ba lokela ho fa ‘moruti’ chelete e ngata hoo malapa a bona a salang a lapile.”

U ka ’na ua ipotsa: ‘Na likereke tse qobellang hore ho ntšoe karolo ea leshome li sebelisa Mangolo ka nepo? Kapa na malumeli a mang a tšosa batho ka Molimo hore a ba hanyapetse? Na ka sebele Molimo o lebeletse hore re fane ho fihlela re tsoa monate?’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela