Thuto ea Botho e re Hlomellang Hore re be Mesuoe
“Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle. Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.”—1 TIMOTHEA 4:15, 16.
1. Ke’ng seo re ke keng ra se latola mabapi le nako le thuto ea botho?
HO Moeklesia 3:1, Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ho joalo le ka thuto ea botho. Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho nahanisisa ka lintho tsa moea haeba ba ho etsa ka nako e sa lokelang kapa ba le sebakeng se fosahetseng. Ka mohlala, ka mor’a mosebetsi o boima oa letsatsi le ho ja haholo mantsiboea, na u ka lakatsa ho ithuta, haholo haeba u lutse sofeng eo u e ratang ka pel’a TV? Che, u ke ke. Ebe joale u ka etsa joang? Ho totobetse hore re lokela ho khetha hore na re ithuta neng hona re ithutela hokae e le hore re rue molemo o fetisisang.
2. Hangata nako e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa thuto ea botho ke efe?
2 Ho batho ba bangata nako e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta ke ho etsa joalo esale hoseng ha likelello tsa bona li sa ntsane li le chatsi. Ba bang ba sebelisa khefu ea motšehare bakeng sa thuto e khutšoanyane. Hlokomela kamoo mehlala e latelang e bontšang nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa tsa moea kateng. Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a ngola a re: “Etsa hore ke utloe mosa oa hao o lerato hoseng, etsoe ke u tšepile. Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona, etsoe ke phahamiselitse moea oa ka ho uena.” (Pesaleme ea 143:8) Moprofeta Esaia o ile a bontša kananelo e tšoanang ha a re: “’Musi Morena Jehova o mphile leleme la ba rutiloeng, e le hore ka lentsoe ke tsebe ho araba ea khathetseng. O ntsosa hoseng ho hong le ho hong; o tsosa tsebe ea ka hore e utloe joaloka ba rutiloeng.” Taba ea bohlokoa ke hore re lokela ho ithuta le ho buisana le Jehova ha likelello tsa rōna li hlaphohetsoe, ho sa tsotellehe hore na ke nako efe.—Esaia 50:4, 5; Pesaleme ea 5:3; 88:13.
3. Maemo a bohlokoa ke afe bakeng sa ho ithuta ka tsela e atlehang?
3 Ntho e ’ngoe e re thusang hore re ithute ka tsela e atlehang ke hore re se ke ra lula setulong kapa sofeng tse butšabutša haholo. Sena se ke ke sa u thusa hore u lule u falimehile. Ha re ithuta, likelello tsa rōna li lokela ho ba chatsi, ’me ha ’mele o iketlile haholo ha li be chatsi. Ntho e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa ho ithuta le ho thuisa ke hore ho se ke ha e-ba le lerata le litšitiso. Ho leka ho ithuta u buletse seea-le-moea, TV kapa bana ba ntse ba u buisa, ho ke ke ha e-ba le molemo. Ha Jesu a ne a batla ho thuisa, o ile a ea moo ho khutsitseng. O ile a boela a bua ka bohlokoa ba ho batla sebaka se khutsitseng bakeng sa thapelo.—Matheu 6:6; 14:13; Mareka 6:30-32.
Thuto ea Botho e re Hlomellang Hore re Arabe
4, 5. Bukana ea Seo a se Hlokang e thusa ka litsela life?
4 Thuto ea botho e phetha morero oa eona haeba re sebelisa lintho tse fapa-fapaneng tse re thusang ho utloisisa Bibele e le hore re hlahlobe taba ka botebo, haholo ha re etsa joalo e le hore re arabe lipotso tsa motho ea tšepahalang. (1 Timothea 1:4; 2 Timothea 2:23) Ba bangata ba bacha ba qala ka ho ithuta bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?,a eo hona joale e fumanehang ka lipuo tse 261. Ke bukana e bonolo haholo le e nepahetseng e thehiloeng ka ho feletseng Bibeleng. E thusa ba e balang hore ba utloisise kapele seo Molimo a se hlokang ho barapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, kaha ke bukana, ha e qaqise thuto e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba seithuti sa hao sa Bibele se botsa lipotso tse tebileng ka litaba tsa Bibele tseo ho buisanoang ka tsona, u ka etsa joang hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ba Bibele bo tla se thusa ho araba lipotso tseo?
5 Ba nang le Watchtower Library ho CD-ROM ka lipuo tsa bona, ba nolofalloa ho fumana boitsebiso bo bongata k’homphieutheng. Empa ba se nang eona ba etsa joang? A re hlahlobeng lihlooho tse peli tse bukaneng ea Seo a se Hlokang e le hore re bone kamoo re ka hōlisang kutloisiso ea rōna ’me ra tseba ho araba ka tsela e hlakileng—haholo haeba motho a botsa lipotso tse kang, Molimo ke Mang, ’me Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe?—Exoda 5:2; Luka 9:18-20; 1 Petrose 3:15.
Molimo ke Mang?
6, 7. (a) Ho hlaha potso efe mabapi le Molimo? (b) Moruti e mong o ile a siea eng ea bohlokoa puong ea hae?
6 Thuto ea 2 bukaneng ea Seo a se Hlokang e araba potso ena ea bohlokoa e reng, Molimo ke Mang? Taba ena ke ea bohlokoa hobane motho a ke ke a rapela Molimo oa ’nete haeba a sa Mo tsebe kapa a belaela hore O teng. (Baroma 1:19, 20; Baheberu 11:6) Ho feta moo, batho lefatšeng lohle ba na le maikutlo a fapa-fapaneng ka hore na Molimo ke mang. (1 Bakorinthe 8:4-6) Bolumeli bo bong le bo bong bo na le karabo e fapaneng potsong ea hore na Molimo ke mang. Malumeli a mangata a Bokreste-’mōtoana a nka hore Molimo ke Boraro-bo-bong. Moruti e mong ea tummeng oa United States o ile a fana ka puo eo sehlooho sa eona se reng “Na U Tseba Molimo?” empa ha ho moo a ileng a bua ka lebitso la Molimo, le hoja a ile a qotsa hangata Mangolong a Seheberu. Ha ho makatse hobane o ne a bala phetolelo ea Bibele e sa sebeliseng Jehova kapa Yahweh e mpang e sebelisa “Morena,” e leng lentsoe le nang le moelelo o sa hlakang le leo e seng lebitso.
7 Moruti enoa o ile a hlokomoloha ntlha ea bohlokoa ha a bala Jeremia 31:33, 34: “‘Motho ha a sa tla hlola a ruta ea ahisaneng le eena, leha e le ngoan’abo, a re: “Tseba Morena” [ka Seheberu, “Tseba Jehova”], hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ea eisehang ho isa ho ea hlomphehang,’ ho rialo Morena, [ka Seheberu, Jehova].” Phetolelo eo a neng a e sebelisa e ne e se na lebitso le khethehileng la Molimo, Jehova.—Pesaleme ea 103:1, 2.
8. Ke eng se bontšang bohlokoa ba ho sebelisa lebitso la Molimo?
8 Pesaleme ea 8:9 e bontša bohlokoa ba ho sebelisa lebitso la Jehova, e re: “Jehova Morena oa rōna, lebitso la hao le hlompheha hakaakang lefatšeng lohle!” Bapisa temana ena le sena: “Uena MORENA, Morena oa rōna, lebitso la hao le phahame hakaakang lefatšeng lohle!” (King James Version; bona le The New American Bible, The Holy Bible—New International Version, Tanakh—The Holy Scriptures) Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, re ka fumana “tsebo ea Molimo” haeba re lumella Lentsoe la hae hore le re behe leseling. Empa ke thuso efe ea ho ithuta Bibele e tla araba lipotso tsa rōna habonolo mabapi le bohlokoa ba lebitso la Molimo?—Liproverbia 2:1-6.
9. (a) Ke bukana efe e ka re thusang ho hlalosa hore ho sebelisa lebitso la Molimo ke habohlokoa? (b) Bafetoleli ba bangata ba hlōtsoe joang ho hlompha lebitso la Molimo?
9 Re ka sebelisa bukana ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e fetoletsoeng ka lipuo tse 69.b Karolo e reng “Lebitso la Molimo—Tlhaloso ea Lona le ho Bitsoa ha Lona” (leqepheng la 6-11) e bontša ka ho hlaka hore Litlhaku Tse ’nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li hlaha hoo e ka bang ka makhetlo a 7 000 mangolong a boholo-holo a Seheberu. Ho sa tsotellehe sena, baruti le bafetoleli ba Bajuda le ba Bokreste-’mōtoana, ba li siile ka boomo liphetolelong tsa bona tse ngata tsa Bibele.c Ba ka bolela joang hore ba tseba Molimo le hore baa amoheleha ho eena haeba ba hana ho mo bitsa ka lebitso la hae? Lebitso la hae la ’nete le re thusa ho utloisisa merero ea hae le hore na ke mang. Ho feta moo, thapelo ea mohlala ea Jesu e thusa’ng ha e re “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe” haeba Molimo a sa bitsoe ka lebitso?—Matheu 6:9; Johanne 5:43; 17:6.
Jesu Kreste ke Mang?
10. Ke litsela life tseo ka tsona re ka fumanang tlaleho e feletseng ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae?
10 Thuto ea 3 bukaneng ea Seo a se Hlokang e na le sehlooho se reng “Jesu Kreste ke Mang?” Lirapeng tse tšeletseng feela, e hlalosa Jesu ka bokhutšoanyane hore na ke mang, hore na o simolohile hokae le hore na morero oa hae oa ho tla lefatšeng e ne e le ofe. Leha ho le joalo, haeba u batla tlaleho e feletseng ea bophelo ba hae ntle ho litlaleho tsa Likosepele, ha ho e molemo ho feta e ho Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e teng ka lipuo tse 111.* Buka ena e na le tlaleho e feletseng ea liketsahalo tsa bophelo ba Kreste le lithuto tsa hae ho ea ka nako ea tsona, ’me e thehiloe Likosepeleng tse ’nè. Likhaolo tsa eona tse 133 li akarelletsa liketsahalo tsa bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. Ha u batla mokhoa o mong oa ho hlahlobisisa tlaleho ena, u ka bala Insight, Volume 2, tlas’a sehlooho se reng “Jesus Christ.”
11. (a) Ke’ng se khethollang Lipaki Tsa Jehova ho seo li se lumelang ka Jesu? (b) Ke litemana life tsa Bibele tseo ka ho hlakileng li hanyetsang thuto ea Boraro-bo-bong, ’me ke bukana efe e thusang tabeng ee?
11 Bokreste-’mōtoaneng, khang mabapi le Jesu ke hore na ke “Mor’a Molimo” ebile ke “Molimo Mora”—ka mantsoe a mang, khang e ho seo Catechism of the Catholic Church e se bitsang “misteri o moholo oa tumelo ea Bokreste,” e leng Boraro-bo-bong. Lipaki Tsa Jehova li fapana le malumeli a Bokreste-’mōtoana ’me li lumela hore Jesu o bōpiloe ke Molimo empa hase Molimo. Tlhaloso e qaqileng tabeng ena e fumanoa bukaneng ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e fetoletsoeng ka lipuo tse 95.d A mang a mangolo a mangata ao e a sebelisang ho hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong ke Mareka 13:32 le 1 Bakorinthe 15:24, 28.
12. Ke potso efe hape eo ho hlokahalang hore re e ele hloko?
12 Seo re buisaneng ka sona ka holimo ka Molimo le Jesu Kreste se bontša litsela tseo ka tsona re ka etsang thuto ea botho ka morero oa ho thusa ba sa tsebeng ’nete ea Bibele hore ba rue tsebo e nepahetseng. (Johanne 17:3) Leha ho le joalo, bao e leng khale ba kopanela le phutheho ea Bokreste bona ba ka thusoa ke’ng? Kaha ba se ba e-na le tsebo e ngata ea Bibele, na ho sa ntsane ho hlokahala hore ba ele hloko thuto ea bona ea Lentsoe la Jehova?
Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala ho ‘Ikela Hloko Kamehla’?
13. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le maikutlo afe a fosahetseng ka thuto ea botho?
13 Ba bang bao e bileng litho tsa phutheho ka lilemo tse ngata ba ka ’na ba e-ba le mokhoa oa ho itšetleha ka tsebo ea Bibele eo ba e fumaneng lilemong tse seng kae ha ba qala ho ba Lipaki Tsa Jehova. Ho bonolo ho re: “Ha ho hlokahale hore ke ithute ka matla joaloka ba bacha. Etsoe ke se ke balile Bibele le lingoliloeng tsa Bibele ka lilemo tse ngata.” Ho bua tjena ho tšoana le ho re: “Ha ho hlile ha ho hlokahale hore ke ele hloko hore na ke ja lijo tse kae hobane khale ke ja.” Rea tseba hore ’mele o hloka ho feptjoa kamehla ka lijo tse hahang, tse phehiloeng hantle e le hore o phele hantle ’me o be mafolofolo. Sena se sebetsa haholo tabeng ea hore re lule re phela hantle moeeng ebile re le matla moeeng!—Baheberu 5:12-14.
14. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ikele hloko kamehla?
14 Kahoo, bohle ho sa tsotellehe hore na re liithuti tsa Bibele tsa khale kapa che, ho hlokahala hore re mamele keletso ea Pauluse ho Timothea, eo ka nako eo e neng e se e le molebeli ea hōlileng tsebong le ea nang le boikarabello, e reng: “Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:15, 16) Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko keletso ea Pauluse? Hopola hore Pauluse le eena o ile a bontša hore re loana “khahlanong le maqiti a Diabolose” le “makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” ’Me moapostola Petrose o lemositse hore Diabolose ‘o batla ho harola e mong,’ ’me “e mong” eo e ka ba leha e le ofe oa rōna. Ha re sa tsotelle, re ka mo fa monyetla oo a ntseng a o batla.—Baefese 6:11, 12; 1 Petrose 5:8.
15. Ke’ng se tla re sireletsa moeeng, ’me re ka se hlokomela joang?
15 Ebe ke’ng se tla re sireletsa? Moapostola Pauluse oa re hopotsa o re: “Nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo, e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.” (Baefese 6:13) Hore lihlomo tseo tsa moea li ’ne li sebetse ha hoa itšetleha feela ka boemo ba tsona ba pele empa ho itšetlehile le ka hore li hlokomeloe kamehla. Ka lebaka leo, lihlomo tseo tse feletseng tse tsoang ho Molimo li lokela ho akarelletsa tsebo ea morao-rao ea Lentsoe la Molimo. Sena se bontša hore ke habohlokoa hore re kheme le kutloisiso ea ’nete joalokaha Jehova a e senotse ka Lentsoeng la hae le ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Thuto ea botho ea kamehla ea Bibele le ea lingoliloeng tsa Bibele ke ea bohlokoa hore re hlokomele lihlomo tsa rōna tsa moea.—Matheu 24:45-47; Baefese 6:14, 15.
16. Re ka etsa’ng ho tiisa hore “thebe [ea rōna] e khōlō ea tumelo” e sebetsa hantle?
16 Pauluse o totobatsa hore karolo ea bohlokoa ea lihlomo tsa rōna ke “thebe e khōlō ea tumelo,” eo ka eona re ka faposang le ho tima metsu e tukang ea Satane ea liqoso le lithuto tsa bohata. (Baefese 6:16) Kahoo, ke habohlokoa hore re hlahlobe hore na thebe ea rōna ea tumelo e matla hakae le hore na re nka mehato efe ea ho e hlokomela le ho e tiisa. Ka mohlala, u ka ’na ua botsa: ‘Nka lokisetsa thuto ea Bibele ea beke le beke ea Molula-Qhooa joang? Na ke ithutile hantle hoo nka ‘susumelletsang leratong le mesebetsing e metle’ ka ho fana ka likarabo tse lokiselitsoeng hantle? Na ke phetla Bibele le ho bala mangolo a sa qotsoang? Na ke khothatsa ba bang ka likarabo tsa ka tse fanoang ka cheseho libokeng?’ Re ja lijo tse tiileng tsa moea, ’me ho hlokahala hore re li hlafunisise e le hore re rue molemo o feletseng.—Baheberu 5:14; 10:24.
17. (a) Satane o sebelisa chefo efe ha a leka ho senya bomoea ba rōna? (b) Chefo ea Satane e ka phekoloa ka’ng?
17 Satane o tseba bofokoli ba ho se phethahale, ’me maqiti a hae a bolotsana. E ’ngoe ea litsela tseo a jalang tšusumetso ea hae ea bobe ka tsona ke ka ho etsa hore litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li fumanehe habonolo haholo thelevisheneng, ho Internet, livideong le libukeng. Bakreste ba bang ba lumelletse chefo ena hore e ba hlabe mohlabetsaneng, ’me sena se entse hore ba amohuoe litokelo ka phuthehong esita le ho hlaheloa ke ho hoholo ho feta moo. (Baefese 4:17-19) Ebe chefo ee ea Satane ea moea e ka phekoloa ka’ng? Ha rea lokela ho hlokomoloha thuto ea rōna ea botho ea Bibele, liboka tsa rōna tsa Bokreste le lihlomo tse feletseng tsa moea tse tsoang ho Molimo. Ha lintho tsena li le teng kaofela, li re fa bohlale ba ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng le ho hloea seo Molimo a se hloileng.—Pesaleme ea 97:10; Baroma 12:9.
18. “Sabole ea moea” e ka re thusa joang ntoeng ea rōna ea moea?
18 Haeba re tšoarella mekhoeng ea rōna ea ho ithuta Bibele kamehla, re tla itšireletsa ka matla ka tsebo ea rōna e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo hape re tla ba le mokhoa oa ho hlasela ka katleho ka “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.” Lentsoe la Molimo le “bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baefese 6:17; Baheberu 4:12) Haeba re sebelisa “sabole” ena ka bohlale, etlare ha re tobana le liteko, re ke ke ra thetsoa ke se bonahalang se se kotsi kapa se ipiletsa, ’me re tla se pepesa hore ke leraba le bolaeang la ea khopo. Letlotlo la rōna la tsebo le kutloisiso ea Bibele le tla re thusa hore re hane se khopo ’me re etse se molemo. Kahoo, bohle re lokela ho ipotsa: ‘Na sabole ea ka e nchocho kapa e nthithi? Na ke thatafalloa ho hopola litemana tsa Bibele tse ka ’matlafatsang hore ke hlasele?’ A re tšoarelleng mekhoeng e metle ea thuto ea rōna ea botho ea Bibele ’me kahoo re hanele Diabolose.—Baefese 4:22-24.
19. Re ka fumana melemo efe haeba re ikitlaetsa thutong ea botho?
19 Pauluse o ile a ngola a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” Haeba re ela hloko mantsoe a Pauluse ho Timothea, re ka matlafatsa bomoea ba rōna ’me ra etsa hore tšebeletso ea rōna e atlehe haholoanyane. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba amehileng ka lintho tsa moea e ka ba thuso e khōlō phuthehong, ’me bohle re ka lula re tiile tumelong.—2 Timothea 3:16, 17; Matheu 7:24-27.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tloaelo, motho ea sa tsoa thahasella Bibele ea ithutang bukana ea Seo a se Hlokang o tla fetela bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, ’me ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Litlhahiso tse fanoeng mona li tla thusa ho tlosa litšitiso tsa ho hatela pele moeeng.
b E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova. Ba nang le Insight on the Scriptures ka lipuo tsa bona ba ka phetla Volume 2, tlas’a sehlooho se reng “Jehovah.”
c Liphetolelo tse ’maloa tsa Sepanishe le Secatalonia li ikhetha ka ho fetolela Litlhaku Tse ’nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo e le “Yavé,” “Yahveh,” “Jahvè” le “Jehová.”
d E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na Ua Hopola?
• Ke maemo afe a etsang hore thuto ea botho e atlehe?
• Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li etsa phoso efe mabapi le lebitso la Molimo?
• U ka sebelisa litemana life tsa Bibele ho hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong?
• Re lokela ho etsa’ng hore re itšireletse maqiting a Satane, le haeba e le khale re le Bakreste ba ’nete?
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
E le hore u be le thuto ea botho e atlehang, ho hlokahala hore u be sebakeng se nepahetseng le se se nang lerata le litšitiso
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Na “sabole” ea hao e nchocho kapa e nthithi?