Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/1 maq. 24-28
  • Re Ile ra Iketsetsa Lehae Moo re Neng re le Baromuoa Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Ile ra Iketsetsa Lehae Moo re Neng re le Baromuoa Teng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kenngoa Chankaneng le ho Thibeloa
  • Ke Nyala ’Moleli ea Chesehang oa Evangeli
  • Re Fallela Naheng Esele
  • Ho Khotsofalla Lehae Leo re le Abetsoeng
  • Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Re ne re le Khokanyana ea Phiri
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Hatisa Lingoliloeng tsa Bibele Tlas’a Thibelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/1 maq. 24-28

Pale ea Bophelo

Re Ile ra Iketsetsa Lehae Moo re Neng re le Baromuoa Teng

JOALOKAHA HO BOLETSE DICK WALDRON

E ne e le Sontaha thapama ka September 1953. Re ne re sa tsoa fihla Afrika Boroa Bophirimela (hona joale ke Namibia). Re ne re e-s’o qete beke re le ka hare ho naha ena ’me re ne re le makhatheng a ho tšoara seboka sa phatlalatsa motse-moholo, e leng Windhoek. Re ne re tlohile Australia re tlil’o etsa’ng naheng ee ea Afrika? ’Na, mosali oa ka hammoho le baroetsana ba bararo re ne re le baromuoa ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14.

KE HLAHETSE karolong e hōle ea lefatše, e leng Australia, ka selemo se tsebahalang sa 1914. Ke ne ke le mocha lilemong tsa ho oa ho hoholo ha moruo, ’me ke ne ke lokela ho sebetsa hore lelapa leso le fumane lintho tse hlokahalang. Ho ne ho se na mosebetsi, empa ke ile ka qala ho tsoma meutlanyana e neng e le mengata Australia. Kahoo, ke ne ke thusa lelapa haholo ka nama ea meutlanyana.

Ha ho qhoma ntoa ea bobeli ea lefatše ka 1939, ke ne ke se ke fumane mosebetsi libeseng tsa motse oa Melbourne. Ho ne ho e-na le banna ba 700 ba sebetsang lichifi libeseng, ’me chifing e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke kopana le moqhobi osele kapa motho ea lefisang baeti. Ke ne ke atisa ho ba botsa, “U kena kereke efe?” ebe ke re ba hlalose seo ba se lumelang. Ke motho a le mong feela ea ileng a nkaraba ka mokhoa o khotsofatsang ’me e ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a ntlhalosetsa molaetsa oa Bibele oa lefatše la paradeise, leo batho ba tšabang Molimo ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:29.

Khabareng, ’Mè le eena o ile a buisana le Lipaki Tsa Jehova. Hangata ha ke chaisa chifing ea bosiu, ke ne ke fumana ke behetsoe lijo le makasine ea Consolation (hona joale e bitsoa Tsoha!). Ke ne ke thabela seo ke se balang. Ka mora nako, ke ile ka etsa qeto ea hore bona ke bolumeli ba ’nete, ’me ke ile ka kopanela ho bona ka mafolofolo eaba ke kolobetsoa ka May 1940.

Ho ne ho e-na le lehae la bo-pula-maliboho Melbourne leo ho lona ho neng ho lula basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba 25. Ke ile ka ea lula le bona. Kamehla ke ne ke mamela liphihlelo tsa bona tse thabisang mosebetsing oa boboleli, ’me pelo ea ka e ile ea lakatsa hore ke be pula-maliboho. Qetellong ke ile ka etsa kōpo ea hore ke be pula-maliboho. Kōpo ea ka e ile ea amoheloa ’me ke ile ka bitsoa hore ke e’o sebetsa ofising ea lekala ea Australia ea Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, ke ile ka ba setho sa lelapa la Bethele.

Ho Kenngoa Chankaneng le ho Thibeloa

Mosebetsi o mong oa ka Bethele e ne e le ho sakha lifate. Re ne re sakha lifate re etsa peterole ka mashala a tsona. E ne e sebelisetsoa likoloi tsa lekala hobane peterole e rekisoang e ne e fokola ka lebaka la ntoa. Re ne re sebetsa moo ho sakhoang lifate re le 12, ’me kaofela re ne re le lilemong tsa ho ikoetlisetsa sesole. Kapele feela re ile ra ahloleloa ho hlola chankaneng ka likhoeli tse tšeletseng ka lebaka la ho hana sesole ka mabaka a Bibele. (Esaia 2:4) Re ile ra isoa kampong ea mosebetsi o boima. Ba ile ba re fa mosebetsi ofe? Ka ho sa lebelloang, re ne re rema lifate, e leng eona ntho eo re neng re koetliselitsoe ho e etsa Bethele!

Re ne re rema lifate hantle hoo molaoli oa chankana a ileng a re fa Bibele le lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele, ho sa tsotellehe litaelo tse thata tsa hore re se ke ra li fuoa. Ke nakong eo ke ileng ka ithuta thuto ea bohlokoa litšebelisanong tsa batho. Ha ke sa ntsane ke sebetsa Bethele, ho ne ho e-na le mor’abo rōna e mong eo ke neng ke sa utloane le eena. Botho ba rōna bo ne bo sa tšoane. Ipotse, ke mang eo ke ileng ka kenngoa ka seleng e le ’ngoe ea chankana le eena? Ke ile ka kenngoa le eena mora eo oabo rōna. Ke moo re hlileng ra fumana nako ea ho tsebana, ’me re ile ra fetoha metsoalle ea hlooho ea khomo.

Ka mor’a nako, mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa thibeloa Australia. Lichelete tsohle li ile tsa nkoa, ’me basebetsi ba Bethele ba ne ba se na chelete. Ka lekhetlo le leng, e mong o ile a tla ho ’na ’me a re: “Dick, ke batla ho ea tšimong toropong, empa ha ke na lieta, ke na le lirifi feela.” Ke ile ka thabela ho mo thusa, ’me o ile a ea toropong a roetse lieta tsa ka.

Hamorao, re ile ra bolelloa hore o tšoere ’me o koaletsoe ka lebaka la mosebetsi oa boboleli. Ke ile ka utloa ke sitoa ho iphapanya, eaba ke mo ngolla molaetsa o mokhutšoanyane: “Ke masoabi ka se u hlahetseng. Ke mpa ke thabela feela hore lieta tseo tsa ka, li ne li sa roaloa ke ’na.” Empa ka potlako le ’na ke ile ka tšoaroa ’me ka koalloa ka lekhetlo la bobeli ka lebaka la ho se jele paate. Ha ke lokolloa, ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho hlokomela polasi e neng e lema lijo tsa lelapa la Bethele. Nakong eo re ne re hlōtse nyeoe ’me mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o se o sa thibeloa.

Ke Nyala ’Moleli ea Chesehang oa Evangeli

Ha ke ntse ke le polasing, ke ile ka nahana ka botebo ka lenyalo eaba ke khahloa ke morali’abo rōna e monyenyane oa pula-maliboho, ea bitsoang Coralie Clogan. Nkhon’oa Coralie e ne e bile eena oa pele lelapeng leo ho thabela molaetsa oa Bibele. Ha a le liphateng tsa lefu, o ne a ile a re ho ’mè oa Coralie, Vera: “Hōlisa bana ba hao hore ba tle ba rate Molimo ba be ba mo sebeletse, ’me ka letsatsi le leng re tla kopana lefatšeng la Paradeise.” Hamorao, ha pula-maliboho e mong a fihla lapeng ha Vera a nkile buka ea Millions Now Living Will Never Die, mantsoe ao a ile a utloahala. Bukana ena e ile ea kholisa Vera hore morero oa Molimo ke hore batho ba thabele bophelo lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 21:4) O ile a kolobetsoa mathoasong a lilemo tsa bo-1930, ’me joalokaha a ne a khothalelitsoe ke ’m’ae, o ile a thusa barali ba hae ba bararo—e leng Lucy, Jean le Coralie—hore ba rate Molimo. Leha ho le joalo, ntat’a Coralie eena o ne a hanyetsa ka matla bolumeli ba lelapa la hae joalokaha Jesu a ile a lemosa hore ho ka ’na ha e-ba joalo malapeng.—Matheu 10:34-36.

Ba ha Clogan e ne e le lelapa le ratang ’mino; ’me bana bohle ba ne ba bapala liletsa. Coralie o ne a bapala fiolo, ’me ka 1939 ha a le lilemo li 15 o ile a fuoa diploma ’minong. Ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše ho ile ha etsa hore Coralie a nahanisise ka bokamoso. E ne e le nako ea hore a etse qeto ka seo a neng a tla se etsa bophelong. Ka lehlakoreng le leng, o ne a ka ikhethela ’mino. O ne a se a memetsoe hore a tle sehlopheng sa Melbourne Symphony Orchestra. Ka lehlakoreng le leng hape, o ne a ka nehela nako ea hae mosebetsing o moholo oa ho bolela molaetsa oa ’Muso. Ka mor’a ho inahanisisa, Coralie le bo-ausi’ae ba babeli ba ile ba kolobetsoa ka 1940 ’me ba lokisetsa ho kena mosebetsing oa ho bolela oa nako e tletseng.

Hang ka mor’a hore Coralie a etse qeto ea ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng, mor’abo rōna ea nang le boikarabelo oa lekala la Australia eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, Lloyd Barry, o ile a bua le eena. O ne a sa tsoa fana ka puo Melbourne ’me a re ho Coralie: “Ke khutlela Bethele. Ho hana’ng hore re khutle le uena ka terene ’me u be setho sa lelapa la Bethele?” O ile a lumela hang-hang.

Coralie le barali ba bang babo rōna ba sebetsang Bethele ba ile ba etsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho fa barab’abo rōna ba Australia lingoliloeng tsa Bibele lilemong tsa ntoa ha mosebetsi o ntse o thibetsoe. Boholo ba khatiso bo ne bo etsoa ke bona bolebeling ba Mor’abo rōna Malcolm Vale. Buka ea The New World le ea Children li ne li hatisoa le ho kopanngoa, ’me ha ho tokollo le e ’ngoe ea makasine ea Molula-Qhooa e sa kang ea hatisoa lilemong tse fetang tse peli tseo mosebetsi o neng o thibetsoe ka tsona.

Mochine o hatisang o ile oa tlameha ho isoa libakeng tse sa tšoaneng tse 15 ho phelephanyetsa mapolesa. Ka nako e ’ngoe lingoliloeng tsa Bibele li ne li hatisoa mokatong o ka tlaase oa mohaho oo ho neng ho hatisoa lintho tse ling ho oona ho pata mohlala. Morali’abo rōna ea sebetsang moo ho amohelloang batho o ne a penya konopo e letsang tšepe mokatong o ka tlaase neng le neng ha ho hlaha boemo bo kotsi, e le hore baralib’abo rōna ba ka pata lingoliloeng pele ho ka phenngoa.

Ka lekhetlo le leng ha ho ntse ho phenngoa barali ba bang babo rōna ba ile ba tšoha ha ba bona Molula-Qhooa holim’a tafole pooaneng. Lepolesa le ile la kena, la beha mokotla oa lona holim’a Molula-Qhooa ona ’me la qala ho phenyekolla. Ha le sa fumane letho, le ile la nka mokotla oa lona eaba lea tsamaea!

Ha mosebetsi o se o sa thibeloa ’me barab’abo rōna ba se ba buselelitsoe thepa ea lekala, ba bangata ba bona ba ile ba fuoa monyetla oa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka nako eo Coralie o ile a ithaopela ho ea Glen Innes. Ke ile ka ea moo ho eena ha re nyalana ka la 1 January, 1948. Ha re tloha moo ho ne ho se ho e-na le phutheho e tsoelang pele.

Ho tloha moo re ile ra ea Rockhampton, empa ha rea ka ra fumana bolulo. Kahoo re ile ra hloma tente polasing ea motho ea thabelang ho ithuta. Re ile ra lula tenteng eo ka likhoeli tse robong. Re ka be re lutse moo nako e telele ho feta moo, empa ha nako ea lipula e fihla, sefefo se ile sa e senya, ’me lipula tsa litloebelele tsa e hohola.a

Re Fallela Naheng Esele

Ha re ntse re le Rockhampton, re ile ra memeloa ho ba sehlopheng sa bo19 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ho ea koetlisetsoa boromuoa. Ke kamoo eitseng ka mor’a ho fuoa mangolo ka 1952, re ileng ra isoa naheng e neng e tsejoa e le Afrika Boroa Bophirimela.

Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba potlakela ho bontša hore na ba ikutloa joang ka mosebetsi oa rōna oa boromuoa. Sontaha se seng le se seng ka libeke tse tšeletseng tse latellanang, ba ile ba lemosa liphutheho tsa bona ka rōna ha ba ruta sefaleng. Ba ile ba bolella batho hore ba se ke ba re amohela malapeng a bona le hore ba se ke ba re lumella ho bala Bibele kaha sena se ne se tla ba ferekanya. Sebakeng se seng re ile ra siela batho lingoliloeng tse ngata, empa moruti o ile a re sala morao ka ntlo le ntlo ’me a li nka. Ka letsatsi le leng re ile ra buisana le moruti enoa ka phaposing ea hae ea ho ithutela ’me ra bona hore o na le libuka tsa rōna tse ngata.

Kapele, ba boholong le bona ba ile ba qala ho bontša hore ba amehile ka seo re se etsang. Ha ho pelaelo hore baruti ba ile ba ba susumelletsa ho belaella hore re Makomonisi. Kahoo ho ile ha nkoa likhatiso tsa menoana ea rōna ’me batho ba bang bao re neng re ba etetse ba ile ba hlongoa lipotso. Ho sa tsotellehe khanyetso ena, palo ea ba bang teng libokeng tsa rōna e ile ea ’na ea eketseha.

Ha re fihla feela re ile ra ba le takatso e matla ea ho jala molaetsa oa Bibele har’a batho ba naha ena, e leng Maovambo, Maherero le Manama. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo. Matsatsing ao, Afrika Boroa Bophirimela e ne e busoa ke ’muso oa khethollo oa Afrika Boroa. Kaha re ne re le basoeu, re ne re sa lumelloa ho paka libakeng tsa batho ba batšo ntle ho tumello ea ’muso. Re ne re kōpa tumello nako le nako, empa ba boholong ba ne ba hana.

Ka mor’a lilemo tse peli re le kabelong ea rōna naheng esele, ho ile ha hlaha ntho eo re sa e lebellang. Coralie e ile ea e-ba moimana. Morali oa rōna, Charlotte o ile a hlaha ka October 1955. Le hoja re ne re ke ke ra hlola re e-ba baromuoa, ke ile ka fumana mosebetsi oa nakoana ’me ka tsoela pele ke le pula-maliboho ka nakoana.

Lithapelo Tsa Rōna Lia Arabeloa

Ka 1960 re ile ra hlaheloa ke bothata bo bong. Coralie o ile a fumana lengolo le mo bolellang hore ’m’ae o ne a kula hoo haeba a sa ee hae, a ka ’nang a se ke a hlola a mo bona. Kahoo re ile ra lokisetsa ho tloha Afrika Boroa Bophirimela le ho khutlela Australia. Eitse ka beke eo re lokelang ho tsamaea ka eona, ba boholong ba mpha tumello ea ho kena motseng oa batho ba batšo, oa Katutura. Re ne re tla etsa joang joale? Re khutlise lengolo la tumello leo re le fumaneng ka mor’a ho sotleha ka lilemo tse supileng? Re ne re ka ’na ra nahana hore ba bang ba ne ba tla tsoela pele moo re khaolitseng teng. Empa na see e ne e se mpho e tsoang ho Jehova, e le karabo ea lithapelo tsa rōna?

Ka potlako ke ile ka etsa qeto ea hore ke tla sala hobane haeba kaofela re ea Australia, lengolo la tumello leo re le fumaneng ka thata le ne le ka ’na la nkoa. Letsatsing le hlahlamang, ke ile ka hlakola lebitso la ka mabitsong a batho ba tsamaeang ka sekepe eaba ke lumella Coralie le Charlotte ho ea Australia phomolong ea nako e telele.

Ha ba ntse ba le sieo, ke ile ka qala ho paka motseng oa batho ba batšo. Ba ile ba thabela molaetsa haholo. Ha Coralie le Charlotte ba khutla, ho ne ho e-na le batho ba bangata ba tsoang motseng oa batho ba batšo ba neng ba tla libokeng tsa rōna.

Ka nako ena, ke ne ke e-na le koloi ea khale eo ke neng ke tlisa batho ba thabelang libokeng ka eona. Ke ne ke khutlella ka makhetlo a mane ho isa ho a mahlano sebokeng se seng le se seng, ke palamisa batho ba supileng, ba robeli kapa ba robong leetong ka leng. Ha motho oa ho qetela a theoha, Coralie o ne a botsa ka bosoasoi a re: “Ho sa setse ba bakae ka tlas’a setulo?”

Hore re rute ka katleho, re ne re hloka lingoliloeng ka puo ea batho ba naha ena. Ke ile ka ba le tokelo ea ho hlophisa hore ho fetoleloe pampitšana ea Life in a New World lipuong tse ’nè tsa sebaka sena, e leng: Seherero, Senama, Sendonga le Sekwanyama. Bafetoleli e ne e le batho ba rutehileng bao re neng re ithuta Bibele le bona, empa ke ile ka tlameha ho lula fatše le bona ho etsa bonnete ba hore polelo e ’ngoe le e ’ngoe e fetoleloa ka nepo. Senama ke puo e nang le mantsoe a fokolang. Ka mohlala, ke ne ke leka ho hlalosa hore “qalong Adama e ne e le motho ea phethahetseng.” Mofetoleli o ile a ingoaea hlooho eaba o re ha a hopole lentsoe la Senama le hlalosang ‘ho phethahala.’ Qetellong o ile a re: “Ke le fumane. Qalong Adama o ne a tšoana le perekisi e butsoitseng.”

Ho Khotsofalla Lehae Leo re le Abetsoeng

Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 49 esale re fihlile naheng ena eo hona joale e bitsoang Namibia. Ha ho sa hlokahala hore re fumane tumello ea ho ea metseng ea batho ba batšo. Namibia e se e busoa ke ’muso e mocha o se nang khethollo ea merabe. Kajeno, Windhoek re na le liphutheho tse khōlō tse ’nè tse kopanelang Liholong Tsa ’Muso tse ntle.

Hangata re ’nile ra nahana ka mantsoe ao re a utloileng Gileade a reng: “Iketsetseng mahae likabelong tsa lōna tse linaheng lisele.” Ho latela kamoo Jehova a sebelitseng litaba kateng, re kholisehile hore thato ea hae e ne e le hore naha ena eo e seng ea habo rōna e be lehae la rōna. Re rata barab’abo rōna, ba nang le litso tse sa tšoaneng tse thahasellisang. Re ’nile ra oa re tsoha le bona. Ba bang ho bane ba bacha bao re neng re ba tlatsa ka koloing re ba isa libokeng, hona joale ke litšiea liphuthehong tseo ba leng ho tsona. Ha re ne re fihla naheng ena e khōlōhali ka 1953, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho leshome sebakeng sena ba bolelang litaba tse molemo. Ho tloha palong eo e nyenyane, palo ea bahoeletsi e nyolohetse ka holimo ho 1 200. Joalokaha a tšepisitse, Jehova o entse hore ho be le khōlo moo rōna le ba bang ‘re ileng ra lema le ho nosetsa.’—1 Bakorinthe 3:6.

Ha ’na le Coralie re hopola lintho tse etsahetseng lilemong tse ngata tsa tšebeletso eo re e qalileng Australia le eo joale re e etsang Namibia, re ikutloa re khotsofetse haholo. Re kholisehile ebile re rapella hore Jehova a tsoele pele a re fa matla a ho etsa thato ea hae hona joale le ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlaleho e monate ea kamoo ba ha Waldron ba ileng ba mamella kateng kabelong ena e thata e hlahile ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 1, 1952, leqepheng la 707-8.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Re fallela kabelong ea rōna Rockhampton, Australia

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Re boema-kepe tseleng e eang Sekolong sa Gileade

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ho paka Namibia ho re thabisa haholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela