Matlafatsang Matsoho a Lōna
KA Bibeleng, ho buuoa ka letsoho ka makhetlo a mangata. Maele a buang ka letsoho a sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, matsoho a hloekileng a bolela ho hloka molato. (2 Samuele 22:21; Pesaleme ea 24:3, 4) Ho fuparolla seatla ho bontša ho fana. (Deuteronoma 15:11; Pesaleme ea 145:16) Motho ea behang bophelo ba hae kotsing ho thoe o beha moea oa hae seatleng sa hae. (1 Samuele 19:5) Ho tlohella matsoho hore a tepelle ho bolela ho nyahama. (2 Likronike 15:7) ’Me ho matlafatsa letsoho ke ho tiisoa le ho matlafatsoa hore u tsebe ho sebetsa.—1 Samuele 23:16.
Kajeno ho hlokahala haholo hore re matlafatse matsoho a rōna. Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Ho tloaelehile hore ha re nyahama re inehele, re tepeletse matsoho. Hase mohlolo ho bona bacha ba lahla sekolo ka lehare, banna ba nyahlatsa malapa le bo-’mè ba lahla bana kherehloa. Joaloka Bakreste, re lokela ho matlafatsa matsoho a rōna e le hore re tle re mamelle liteko tse re hlahelang ha re sebeletsa Molimo. (Matheu 24:13) Ha re etsa joalo re thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
Kamoo Matsoho a Matlafatsoang Kateng
Ho ne ho hlokahala hore Bajuda ba mehleng ea Esdrase ba matlafatse matsoho a bona e le hore ba ka phetha ho tsosolosoa ha tempele ea Jehova Jerusalema. Matsoho a bona a ile a matlafatsoa joang? Tlaleho e re: “Ba tsoela pele ho tšoara mokete oa mahobe a sa lomosoang ka matsatsi a supileng ka thabo; etsoe Jehova o ile a etsa hore ba thabe, ’me o ne a retelelitse pelo ea morena oa Assyria ho bona ho matlafatsa matsoho a bona mosebetsing oa ntlo ea Molimo oa ’nete, Molimo oa Iseraele.” (Esdrase 6:22) Ho hlakile hore Jehova o ile a sebelisa matla a hae a sebetsang ho susumetsa “morena oa Assyria” hore a lumelle sechaba sa Molimo ho khutla, ’me o ile A tsosa batho molota e le hore ba ka phetha mosebetsi oo ba neng ba se ba o qalile.
Hamorao, ha marako a Jerusalema a lokela ho tsosoa, Nehemia o ile a matlafatsa matsoho a barab’abo bakeng sa mosebetsi. Rea bala: “Ka tsoela pele ho ba bolella ka letsoho la Molimo oa ka, kamoo le bileng molemo holim’a ka, le ka mantsoe ao morena a neng a mpoleletse ’ona. Eaba ba re: ‘A re emeng, ’me re hahe.’ Kahoo ba matlafatsa matsoho a bona bakeng sa mosebetsi ona o molemo.” Kaha Nehemia le Bajuda ba habo ba ne ba matlafalitse matsoho a bona, ka ho hlollang ba ile ba tsosa marako a Jerusalema ka matsatsi a 52!—Nehemia 2:18; 6:9, 15.
Ka ho tšoanang, Jehova o matlafatsa matsoho a rōna e le hore re ka bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 24:14) O etsa sena ka ho ‘re hlomella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore re etse thato ea hae.’ (Baheberu 13:21) O re file lisebelisoa tsa boleng bo phahameng ka ho fetisisa. Re na le Bibele le libuka, limakasine, libukana, lipampitšana, lik’hasete le livideo tse thehiloeng Bibeleng tseo re li sebelisang ho finyella batho lefatšeng ka bophara. Ha e le hantle, lingoliloeng tsa rōna li ngoloa ka lipuo tse fetang 380. Ho phaella moo, ka liboka tsa phutheho, likopano tse khōlō le tse nyenyane, re rutoa ke Jehova le ho koetlisoa ke eena kamoo re ka sebelisang lisebelisoa tsena tse molemo ha re phetha mosebetsi oa rōna.
Le hoja Jehova a matlafatsa matsoho a rōna ka litsela tse ngata, o boetse o lebeletse hore re ikitlaetse. Hopola seo moprofeta Elisha a ileng a se bolella Morena Joase, ea neng a tlil’o kōpa thuso ho Elisha hore a loantše Baassyria ba mo futuhetseng. Elisha o ile a bolella morena hore a nke metsu ’me a otle fatše ka eona. Tlaleho ea Bibele e re: “A otla ka makhetlo a mararo ’me a khaotsa. Monna oa Molimo oa ’nete a mo halefela; kahoo a re: ‘Morero e ne e le hore u otle ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng! Tabeng eo ka sebele u ne u tla hlasela Syria ho fihlela e felile, empa joale u tla hlasela Syria ka makhetlo a mararo.’” (2 Marena 13:18, 19) Kaha Joase o ile a hlōleha ho ikitlaetsa, ha aa ka a atleha ka ho feletseng ho loantša Baassyria.
Molao-motheo ona oa sebetsa ho rōna haeba re batla ho finyella seo Jehova a reng re se etse. Ho e-na le ho tšoenyeha ka litšitiso kapa hore na mosebetsi oo o boima hakae, re lokela ho o etsa ka cheseho le ka pelo eohle. Ho hlokahala hore re matlafatse matsoho a rōna ’me re itšetlehe ka thuso ea Jehova.—Esaia 35:3, 4.
Jehova o Tla Matlafatsa Matsoho a Rōna
Jehova a ke ke a hlōloa ho matlafatsa matsoho a rōna hore re etse thato ea hae. Leha ho le joalo, Molimo a ke ke a etsa mohlolo ’me a re etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O lebeletse hore re phethe karolo ea rōna—e leng ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ho lokisetsa liboka le ho ba teng ho tsona kamehla, ho ea tšimong hangata kamoo ho khonehang le ho mo rapela re sa phetse. Haeba re phetha karolo ea rōna ka botšepehi le ka cheseho ha monyetla o sa le teng, Jehova o tla re matlafatsa hore re etse seo a lebeletseng hore re se etse.—Bafilipi 4:13.
Nahana ka Mokreste e mong ea ileng a shoeloa ke ’m’ae le mosali oa hae ka selemo se le seng. O ne a e-s’o lebale se mo hlahetseng ha ngoetsi ea hae e lahla mora oa hae ’me e furalla Bokreste. Mora enoa oabo rōna o re: “Ke ile ka ithuta hore motho ha a ikhethele liteko, le nako eo li hlahang ka eona, le hore na li hlaha hangata hakae.” Ke’ng se mo matlafatsang ho tsoela pele? “Ke thusitsoe ke thapelo le thuto ea botho. Bakreste-’moho le ’na ba ntšehelitse ’me sena se ntšelisitse haholo. Ka holimo ho tsohle, ke bone bohlokoa ba ho ba le kamano e ntle le Jehova pele ho hlaha mathata.”
Ho sa tsotellehe hore na u hlaheloa ke eng bophelong, ikemisetse ho tšepa Jehova ka ho feletseng le ho sebelisa ka botlalo litokisetso tsohle tseo a li etselitseng ho matlafatsa matsoho a hao. Ha u etsa joalo, u tla etsetsa Jehova tšebeletso e molemo ka ho fetisisa ’me kahoo u rorise le ho tlotlisa lebitso la hae le hlomphehang.—Baheberu 13:15.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Kaha Joase o ile a hlōleha ho ikitlaetsa, ha aa ka a atleha ka ho feletseng ho loantša Baassyria