“Le se ke la Tšoha Kapa la Haroha Letsoalo”
“Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo. . . . Jehova o tla ba le lōna.”—2 LIKRONIKE 20:17.
1. Bokhukhuni bo ama batho joang, hona ke hobane’ng ha e le ho utloahalang hore ebe batho baa bo tšaba?
BOKHUKHUNI! Lentsoe leo ka bolona le tsitsipanya ’mele, le tlisa boikutlo ba ho se sireletsehe le ba ho hloka thuso. Le fehla maikutlo a ferekaneng a tšabo, ho sareloa le ho halefa. Ke lentsoe le hlalosang seo batho ba bangata ba tšabang hore se tla hlasela moloko oa batho lilemong tse tlang. ’Nete ea hore linaha tse ling li ’nile tsa loantša bokhukhuni ka mefuta ea bona e sa tšoaneng ka lilemo tse ngata ’me tsa se ke tsa atleha ho bo felisa e fana ka motheo oa tšabo e joalo.
2. Lipaki Tsa Jehova li sebetsana joang le bothata ba bokhukhuni, e leng ho lebisang lipotsong life?
2 Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la ho ba le tšepo. Lipaki Tsa Jehova, tse bolelang ka mafolofolo linaheng le libakeng tse 234 tsa lefatše, li na le tšepo ka tsela e ikhethang. Ho e-na le ho tšoha hore ha ho mohla bokhukhuni bo tla ke bo fele, li kholisehile hore bo tla fela—le hona haufinyane. Na ke taba e utloahalang ho ba le tšepo e tšoanang le ea tsona? Ke mang ea ka atlehang ho lokolla lefatše tlokotsing ee, hona see se ka etsahala joang? Kaha mohlomong kaofela ha rōna re kile ra angoa ke pefo ea mofuta o itseng, ho tla ba hotle hore re hlahlobe motheo oa ho ba le tšepo e joalo.
3. Ke lintho life tse tlisang tšabo, hona ke eng se boletsoeng esale pele ka mehla ea rōna?
3 Kajeno batho ba tšohile ebile ba harohile matsoalo ka mabaka a sa tšoaneng. Nahana ka batho ba bangata ba seng ba sitoa ho itlhokomela ka lebaka la botsofali, batho ba kulang ba tšoeroeng ke mafu a sa phekoleheng le malapa a hulang ka thata licheleteng ho fumana litlhoko tsa bophelo. Ha e le hantle, nahana ka ho se tsitse ha bophelo ka bohona! Ho bonahala eka lefu la tšohanyetso le ka tlisoang ke kotsi kapa tlokotsi le qoleng ea kobo, ’me le ka felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e ratang. Ho tšoha le ho tšoenyeha ho joalo ha ho kopana le mathata a mang a botho le ho soetseha, ho etsa hore mehla ena ea rōna e lumellane hantle le seo moapostola Pauluse a ileng a se hlalosa ha a re: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo.”—2 Timothea 3:1-3.
4. Ho na le tebello efe e tšepisang setšoantšong se lerootho se hlalositsoeng ho 2 Timothea 3:1-3?
4 Le hoja lengolo lena le fana ka setšoantšo se lerootho, le boetse le fana ka tšepo. Hlokomela hore linako tse mahlonoko li tla ba teng “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena e khopo ea lintho ea Satane. Sena se bolela hore topollo e atametse le hore tsamaiso ena e khopo ea lefatše e haufi le ho nkeloa sebaka ke puso e phethahetseng ea ’Muso oa Molimo, oo Jesu a rutileng balateli ba hae hore ba o rapelle. (Matheu 6:9, 10) ’Muso oo oa Molimo ke puso ea leholimo, eo moprofeta Daniele a reng ‘e ke ke ea senngoa le ka mohla,’ empa ‘e tla silakanya e felise mebuso ena [ea batho] kaofela, ’me e tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.’—Daniele 2:44.
Ho se Nke Lehlakore ha Bokreste ho Fapana le Bokhukhuni
5. Morao tjee lichaba li arabetse joang tšokelong ea bokhukhuni?
5 Bokhukhuni bo bolaile batho ba likete-kete ka lilemo tse ngata. Kotsi ena e ile ea eloa hloko ka ho eketsehileng ka mor’a litlhaselo tsa New York City le Washington, D.C., ka la 11 September, 2001. Ka lebaka la liphello tse matla tsa bokhukhuni le ho akaretsa ha bona lefatše, lichaba lefatšeng lohle li ile tsa khobokana ka potlako ho bo loantša. Ka mohlala, ho ea ka litlaleho tsa mecha ea phatlalatso, ka la 4 December, 2001, “matona a tsa ka ntle a linaha tse 55 tsa Europe, Amerika Leboea le Asia Bohareng a ile a ba ntsoe-leng ha a amohela morero” o a thusang ho tšoarisana. Ofisiri e ’ngoe e phahameng ea United States e ile ea phafa khato ena ka hore e fana “ka matla a macha” boitekong ba ho loantša bokhukhuni. Ka tšohanyetso, batho ba limilione tse makholo ba ile ba ameha ho seo The New York Times Magazine e se bitsitseng “ho qaleha ha ntoa e mahlo-mafubelu.” Hore na boiteko boo bo tla atleha hakae ho tla bonahala ha nako e ntse e ea. Leha ho le joalo, liphello tsa ntoa khahlanong le bokhukhuni li entse hore ba bangata ba tšabe ’me ba tšoenyehe, empa ha lia etsa joalo ho ba tšepileng Jehova.
6. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ba bang ba fumana ho le thata ho amohela boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho se nke lehlakore ha Bokreste? (b) Jesu o ile a behela balateli ba hae mohlala ofe mabapi le mosebetsi oa lipolotiki?
6 Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho se nke lehlakore ha tsona lipolotiking. Le hoja batho ba bangata ba ka ’na ba amohela boemo bona habonolo nakong ea khotso, ba batla ba thatafalloa ho bo amohela ha ho hlaha maemo a sa tloaelehang. Tšabo le ho se tsitse tse tlisoang ke ntoa li atisa ho fehla maikutlo a matla a bochaba. Sena se ka ’na sa etsa hore ho be thata hore ba bang ba utloisise lebaka leo ka lona motho a ka bang leqe ho tšehetsa matšolo a sechaba a tšehetsoang ke bohle. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete baa tseba hore ba lokela ho mamela taelo ea Jesu ea ‘ho se be karolo ea lefatše.’ (Johanne 15:19; 17:14-16; 18:36; Jakobo 4:4) Sena se hloka hore ba lule ba sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki kapa tsa sechaba. Jesu o ile a beha mohlala o loketseng ho sena. Ha ho nahanoa ka bohlale ba hae bo phethahetseng le ka bokhoni ba hae bo ikhethang, a ka be a ile a ntlafatsa litaba tsa tsamaiso ea batho mehleng ea hae. Leha ho le joalo, o ile a hana ho kenella lipolotiking. Qalong ea tšebeletso ea hae, o ile a hana ka tieo ha Satane a mo fa mebuso eohle ea lefatše. Hamorao o ile a qoba ka hohle-hohle leano la ho mo fa maemo a itseng lipolotiking.—Matheu 4:8-10; Johanne 6:14, 15.
7, 8. (a) Ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova lipolotiking ha ho bolele eng, hona hobane’ng? (b) Baroma 13:1, 2 e hanyetsa joang ho kopanela liketsong tse mabifi khahlanong le mebuso?
7 Batho ha baa lokela ho nka hore ho se nke lehlakore ha Lipaki Tsa Jehova ho bolela hore li tšehetsa liketso tsa pefo kapa lia li khothalletsa. Haeba li ka etsa seo li tla be li shanofatsa boipolelo ba tsona ba hore ke bahlanka ba “Molimo oa lerato le oa khotso.” (2 Bakorinthe 13:11) Lia tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka pefo. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Hape li tseba seo Jesu a ileng a se bolella moapostola Petrose ha a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”—Matheu 26:52.
8 Le hoja histori e bontša ka ho hlaka hore Bakreste-’mōtoana ba atisa ho sebelisa “sabole,” Lipaki Tsa Jehova tsona ha li etse joalo. Ha li kenelle mesebetsing eohle e joalo. Lipaki li mamela ka botšepehi taelo e ho Baroma 13:1, 2: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng [babusi ba pusong], kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng. Ka hona ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo; ba leng khahlanong le eona ba tla iphumanela kahlolo.”
9. Lipaki Tsa Jehova li loantša bokhukhuni ka litsela life tse peli?
9 Leha ho le joalo, kaha bokhukhuni ke ntho e mpe, na Lipaki Tsa Jehova ha lia lokela hore ebe li etsa ho hong ho thusa ho bo loantša? E, li lokela ho etsa ho hong, ’me lia ho etsa. Ntlha ea pele, ha li kopanele ketsong leha e le efe e joalo. Ea bobeli, li ruta batho melao-motheo ea Bokreste eo ha e lateloa e felisang pefo ka mefuta eohle ea eona.a Selemong se fetileng, Lipaki li ile tsa qeta lihora tse 1 202 381 302 li thusa batho ho ithuta tsela ena ea Bokreste. Ena hase nako e sentsoeng feela, kaha ka lebaka la mosebetsi ona, batho ba 265 469 ba ile ba kolobetsoa e le Lipaki Tsa Jehova, kahoo ba bontša phatlalatsa hore ba hana pefo ka ho feletseng.
10. Ho na le menyetla efe ea ho felisa pefo ka ho feletseng lefatšeng la kajeno?
10 Ho feta moo, Lipaki Tsa Jehova lia tseba hore ha ho mohla li tla ke li felise bobe lefatšeng. Ke ka lebaka leo li tšepang ka ho feletseng ea ka khonang ho bo felisa—e leng Jehova Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Ho sa tsotellehe boiteko ba bona bo tiileng, batho ba ke ke ba felisa pefo. Mongoli ea bululetsoeng oa Bibele o re lemosa esale pele ka mehla ea rōna, e leng ‘matsatsi a ho qetela,’ ’me o re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1, 13) Ha ho talingoa litaba ka tsela ena, monyetla oa hore batho ba hlōle ntoeng ea ho loantša bobe ha o tšepise. Ka lehlakoreng le leng, re ka itšetleha ka Jehova hore a tlose pefo ka ho feletseng le ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:1, 2, 9-11; Liproverbia 24:19, 20; Esaia 60:18.
Ho Hloka Tšabo ho sa Tsotellehe Tlhaselo e Sokelang
11. Jehova o se a ile a nka mehato efe ho felisa pefo?
11 Kaha Molimo oa khotso o hloile pefo, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha a nkile mehato ea ho timetsa mohloli oa eona, e leng Satane Diabolose. Ha e le hantle, O se a ile a etsa hore Mikaele lengeloi le ka sehloohong—e leng Morena eo Molimo a sa tsoa mo hlomamisa, Kreste Jesu—a hlōle Satane ka tsela e soabisang. Bibele e ho hlalosa ka tsela ena: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšenolo 12:7-9.
12, 13. (a) Ke eng e ikhethang ka selemo sa 1914? (b) Boprofeta ba Ezekiele bo boletse eng esale pele ka ba tšehetsang ’Muso oa Molimo?
12 Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele le liketsahalo tsa lefatše e supa selemo sa 1914 e le nako eo ka eona ntoa e ileng ea qhoma leholimong. Ho tloha nakong eo, maemo a lefatše a ’nile a tsoela pele ho mpefala. Tšenolo 12:12 e hlalosa lebaka, e re: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”
13 Ka ho utloahalang, khalefo ea Diabolose e ’nile ea tobisoa ka ho khetheha ho barapeli ba Molimo ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea “linku tse ling.” (Johanne 10:16; Tšenolo 12:17) Khanyetso ena e tla fihla sehlohlolong sa eona ha Diabolose a hlasela ka matla bohle ba tšehetsang ’Muso oa Molimo o seng o hlonngoe le ba behileng tšepo ea bona ho oona. Ezekiele khaolo ea 38 e bua ka tlhaselo ena e akaretsang ea “Gogo oa naha ea Magogo.”
14. Ke boiteko bofe bo ’nileng ba sireletsa Lipaki Tsa Jehova nakong e fetileng, hona na ho tla lula ho le joalo?
14 Ho tloha ha Satane a lelekoa leholimong, ka linako tse ling, batho ba itseng ba lipolotiki ba hlalositsoeng ka puo ea tšoantšetso ho Tšenolo 12:15, 16, ba ’nile ba sireletsa batho ba Molimo litlhaselong tsa Satane. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e bontša hore nakong ea tlhaselo ea Satane ea ho qetela, ha ho mokhatlo oa batho o tla sireletsa ba behileng tšepo ea bona ho Jehova. Na see se lokela ho etsa hore Bakreste ba tšohe kapa ba harohe letsoalo? Le hanyenyane!
15, 16. (a) Mantsoe a Jehova a khothatsang ho batho ba hae mehleng ea Josafate a fa Bakreste motheo ofe oa ho ba le tšepo kajeno? (b) Josafate le sechaba ba ile ba behela bahlanka ba Molimo kajeno mohlala ofe?
15 Molimo o tla tšehetsa batho ba hae feela joalokaha a ile a tšehetsa sechaba sa hae mehleng ea Morena Josafate. Rea bala: “Elang hloko, Bajuda bohle le lōna baahi ba Jerusalema le Morena Josafate! Sena ke seo Jehova a le boleletseng sona, ‘Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo ka lebaka la bongata bona bo boholo; kaha ntoa hase ea lōna, empa ke ea Molimo. . . . Ho ke ke ha hlokahala hore le loane lekhetlong lena. Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna. Lōna Bajuda le ba Jerusalema, le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo. Hosasane le ba futuhele, ’me Jehova o tla ba le lōna.’”—2 Likronike 20:15-17.
16 Sechaba sa Juda se ile sa tiisetsoa hore ho ne ho ke ke ha hlokahala hore se loane. Ka ho tšoanang, ha batho ba Molimo ba hlaseloa ke Gogo oa Magogo, ba ke ke ba nka lihlomo ho itšireletsa. Ho e-na le hoo, ba tla ‘ema ’me ba bone poloko ea Jehova’ molemong oa bona. Ke ’nete hore ho ema ha ho bolele ho phutha matsoho, feela joalokaha batho ba Molimo mehleng ea Josafate ba sa ka ba phutha matsoho feela. Rea bala: “Hang-hang Josafate a inamela fatše ka sefahleho, ’me Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba itihela fatše ka pel’a Jehova ho inamela Jehova. . . . Ho ekelletsa moo, [Josafate] a rerisana le batho ’me a emisa ba binelang Jehova le ba fanang ka thoriso ka mokhabo o halalelang ha ba tsoa ba eteletse pele banna ba hlometseng, ’me ba re: ‘Fanang ka thoriso ho Jehova, etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’” (2 Likronike 20:18-21) E, esita le ha se tobane le tlhaselo ea sera, sechaba se ile sa tsoela pele ho rorisa Jehova ka mafolofolo. Ona ke mohlala oo Lipaki Tsa Jehova li lokelang ho o latela ha Gogo a li futuhela.
17, 18. (a) Kajeno Lipaki Tsa Jehova li na le boikutlo bofe bo sebete mabapi le tlhaselo ea Gogo? (b) Ke khopotso efe e sa tsoa fuoa bacha ba Bakreste?
17 Ho fihlela nakong eo—esita le ka mor’a hore tlhaselo ea Gogo e qale—Lipaki Tsa Jehova li tla tsoela pele ho tšehetsa ’Muso oa Molimo. Li tla tsoela pele ho fumana matla le tšireletseho ha li kopanela le liphutheho tse fetang 94 600 tse lefatšeng ka bophara. (Esaia 26:20) Hona joale ke nako e loketseng hakaakang ea ho rorisa Jehova ka sebete! Ka sebele, ho lula li lebeletse tlhaselo e atamelang ea Gogo ha ho li etse hore li ikhule ke tšabo. Ho e-na le hoo, ho li susumelletsa ho eketsa sehlabelo sa tsona sa thoriso ho isa bohōleng boo li ka bo khonang.—Pesaleme ea 146:2.
18 Bacha ba likete lefatšeng ho pota ba kenetseng tšebeletso ea nako e tletseng ba bonahalitse boikutlo bona bo sebete. E le ho totobatsa bophahamo ba ho khetha tsela e joalo bophelong, likopanong tsa setereke tsa 2002 ho ile ha lokolloa pampitšana e reng Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna? Bakreste ba bacha le ba hōlileng ba ananela likhopotso tse joalo tse nakong.—Pesaleme ea 119:14, 24, 99, 119, 129, 146.
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba se na lebaka la ho tšoha kapa ho haroha letsoalo? (b) Sehlooho se latelang se tla etsa eng?
19 Ho sa tsotellehe maemo a lefatše, ha ho hlokahale hore Bakreste ba tšohe kapa ba harohe letsoalo. Baa tseba hore haufinyane ’Muso oa Jehova o tla felisa pefo ka mefuta eohle ea eona ka ho sa feleng. Ba boetse ba tšelisoa ke ho tseba hore tsoho ea bafu e tla etsa hore ba shoeleng ka lebaka la pefo ba boele ba phele. Le hoja sena se tla fa ba bang monyetla oa pele oa ho ithuta ka Jehova, se tla nolofalletsa ba bang ho tsoela pele tšebeletsong ea bona ea boinehelo ho eena.—Liketso 24:15.
20 Joaloka Bakreste ba ’nete, rea utloisisa hore re lokela ho boloka ho se nke lehlakore ha Bokreste ’me re ikemiselitse ho etsa seo. Re batla ho itšoarella tšepong e babatsehang ea ho khona ho ‘ema ’me re bone poloko ea Jehova.’ Sehlooho se latelang se tla re matlafatsa tumelo ka ho re hlokomelisa liketsahalo tsa mehleng ea kajeno tse re thusang ho utloisisa haholoanyane ho phethahala ha boprofeta ba Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa mehlala ea batho ba ileng ba tlohela bophelo bo mabifi e le hore e be Lipaki, bona tokollo ea Tsoha! ea August 8, 1991, leqepheng la 27; le tokollo ea Molula-Qhooa ea January 1, 1996, leqepheng la 5; August 1, 1998, leqepheng la 5.
Na U ka Hlalosa?
• Ke hobane’ng ha batho ba bangata kajeno ba se na tšepo?
• Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li e-na le tšepo ka bokamoso?
• Jehova o se a ile a etsa’ng ka mohloli oa pefo eohle?
• Ke hobane’ng ha re se na lebaka la ho tšoha tlhaselo ea Gogo?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Jesu o ile a beha mohlala o loketseng oa ho se nke lehlakore ha Bokreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Bacha ba likete ba Lipaki ba kenetse tšebeletso ea nako e tletseng ka thabo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]
UN PHOTO 186226/M. Grafman