Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho Phoso ho Bolaea Phoofolo ea Lapeng e Kulang Haholo Kapa e Tsofetseng?
Batho ba bangata ba nka liphoofolo tse sa tšoaneng e le tse thahasellisang le tse thabisang. Liphoofolo tse ling tse ruuoang malapeng li fetoha metsoalle e molemo. Ka mohlala, lintja li tsebahala ka ho mamela beng ba tsona le ho ba rata ka ho feletseng. Kahoo, ke ho utloahalang hore batho ba rate liphoofolo tse joalo, haholo ha ba bile le tsona ka lilemo tse ngata.
Leha ho le joalo, liphoofolo tse ngata tsa lapeng ha li phele nako e telele haholo. Lintja le likatse li ka ’na tsa phela lilemo tse 10 ho isa ho tse 15, ho itšetlehile ka hore na ke tsa mofuta ofe. Liphoofolo tsa lapeng ha li se li tsofetse li ka ’na tsa kula ’me tsa ba le mathata a itseng a ka nyahamisang beng ba tsona, ba ntseng ba hopola ha liphoofolo tsena li ne li sa le nyenyane ’me li le mafolofolo. Na e tla ba phoso ho ntša liphoofolo tseo mesarelong ea tsona, ka ho li bolaea?
Mokreste o tla batla ho etsa lintho tumellanong le thato ea Molimo ha a sebetsana le liphoofolo. Ka sebele ho li tšoara ka tsela e sehlōhō ho khahlanong le thato ea Molimo, kaha Lentsoe la hae le re: “Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang.” (Liproverbia 12:10) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Molimo o talima liphoofolo ka tsela e tšoanang le eo a talimang batho ka eona. Ha Molimo a ne a bōpa batho, o ile a bontša hore ho na le phapang e khōlō pakeng tsa bona le liphoofolo. Ka mohlala, o ile a fa batho tšepo ea bophelo bo sa feleng, empa eseng liphoofolo. (Baroma 6:23; 2 Petrose 2:12) Kaha ke ’Mōpi, o na le tokelo ea ho bontša kamano e lokelang ho ba teng pakeng tsa batho le liphoofolo.
Genese 1:28 e re bolella hore na kamano eo ke efe. Molimo o ile a re ho batho ba pele: “Le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” Ka ho tšoanang, Pesaleme ea 8:6-8 e re: “[Molimo] u behile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tlas’a maoto a [motho]: likhutšoane le lipholo, kaofela ha tsona, le liphoofolo tsa naha e sabaletseng, linonyana tsa leholimo le litlhapi tsa leoatle.”
Molimo o ile a bolela ka ho hlaka hore batho ba ka sebelisa liphoofolo ka tsela e loketseng le ho li bolaea. Ka mohlala, matlalo a tsona a ne a ka sebelisoa e le liaparo. Molimo o ile a boela a lumella batho hore ba je nama ea liphoofolo ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, ho tlatsetsa limeleng tseo qalong ba neng ba li filoe hore ba li je.—Genese 3:21; 4:4; 9:3.
Sena ha se fane ka tumello ea hore liphoofolo li bolaoe feela tjee ka morero oa papali. Ho Genese 10:9, Bibele e hlalosa Nimrode e le “setsomi se matla.” Temana eona eo e re sena se ile sa mo etsa ea “hanyetsang Jehova.”
Kahoo, le hoja motho a e-na le matla a ho laola liphoofolo, ha aa lokela ho a sebelisa hampe empa o lokela ho a sebelisa tumellanong le melao-motheo e Lentsoeng la Molimo. Sena se ka ’na sa akarelletsa ho se tlohelle phoofolo ea lapeng ho utloa bohloko ho sa hlokahale ka lebaka la botsofali, ho lemala, kapa ho kulela lefu. Boemong bo joalo, ke boikarabelo ba Mokreste ho etsa qeto ea seo a lokelang ho se etsa. Haeba a etsa qeto ea hore hase ho bontša mosa ho tlohella phoofolo ea lapeng hore e ’ne e utloe bohloko ho bile ho se na le tšepo ea hore e tla hlaphoheloa, joale a ka ’na a khetha ho e bolaea.