Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 159
  • Na Liphoofolo li ea Leholimong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Liphoofolo li ea Leholimong?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Ho etsahala eng ka liphoofolo ha li shoa?
  • Na liphoofolo li etsa sebe?
  • Na ho tšoara liphoofolo hampe ho nepahetse?
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Tšoaro e Sehlōhō ea Liphoofolo—Na e Fosahetse?
    Tsoha!—1998
  • Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 159
Ntja

Na Liphoofolo li ea Leholimong?

Karabo ea Bibele

Bibele e ruta hore har’a libopuoa tsohle tse phelang lefatšeng, ke palo e nyane feela ea batho e tla ea leholimong. (Tšenolo 14:1, 3) Ba il’o busa le Jesu e le marena le baprista. (Luka 22:28-30; Tšenolo 5:9, 10) Batho ba bangata ba tla tsosetsoa ho tla phela paradeiseng lefatšeng.—Pesaleme ea 37:11, 29.

Ha ho moo Bibele e buang ka hore liphoofolo tse ruuoang kapa lintja li ea leholimong ’me e le ka lebaka le utloahalang hobane liphoofolo ha li khone ho etsa lintho tse ka li thusang hore li ‘bitsetsoe ho ea phela leholimong.’ (Baheberu 3:1) Lintho tseo li akarelletsa ho ba le tsebo, tumelo le ho mamela melao ea Molimo. (Matheu 19:17; Johanne 3:16; 17:3) Ke batho feela ba bopetsoeng hore ba phele ka ho sa feleng.—Genese 2:16, 17; 3:22, 23.

E le hore batho ba ee leholimong, ba lokela ho tsosoa pele. (1 Bakorinthe 15:42) Bibele e bua ka batho ba bangata ba ileng ba tsosoa. (1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37; 13:20, 21; Luka 7:11-15; 8:41, 42, 49-56; Johanne 11:38-44; Liketso 9:36-42; 20:7-12) Leha ho le joalo, ha ho na moo e re’ng liphoofolo li kile tsa tsosoa.

  • Ho etsahala eng ka liphoofolo ha li shoa?

  • Na liphoofolo li etsa sebe?

  • Na ho tšoara liphooofolo hampe ho nepahetse?

Ho etsahala eng ka liphoofolo ha li shoa?

Bibele e ruta hore batho le liphoofolo ke libopuoa tse phelang. Kahoo, bophelo ba motho le ba phoofolo boa tšoana. Ka bobeli, bo entsoe ka “lerole la lefatše” le “moea oa bophelo.”—Genese 1:24, 2:7, Numere 31:28.

Bibele e boetse e ruta hore batho le liphoofolo ba ka shoa. (Exoda 19:13) Ha liphoofolo le batho ba shoa ba khutlela leroleng. (Moeklesia 3:19, 20) Ka mantsoe a mang ba khaotsa ho phela.a

Na liphoofolo li etsa sebe?

Che. Ho etsa sebe ho bolela ho nahana, ho ikutloa kapa ho etsa ntho leha e le efe e sa lumellaneng le melao ea Molimo. Pele motho a etsa sebe, o lokela ho etsa qeto ea hore na o tla itšoara joang empa liphoofolo ha li na bokhoni boo. Liphoofolo li etsa lintho ka tsela eo li e tloaetseng nakong e khutšoanyane ea ha li ntse li phela. (2 Petrose 2:12) Qetellong ea bophelo ba tsona, lia shoa le hoja li sa etsa sebe.

Na ho tšoara liphoofolo hampe ho nepahetse?

Che. Molimo o ile a fa batho matla a ho laola liphoofolo empa eseng ho li tšoara hampe. (Genese 1:28; Pesaleme ea 8:6-8) Molimo o tsotella liphoofolo tsohle ho akarelletsa le linonyana tse nyane. (Jonase 4:11; Matheu 10:29) O ile a laela barapeli ba hae hore ba tšoare liphoofolo hantle.—Exoda 23:12; Deuteronoma 25:4; Liproverbia 12:10.

Litemana tsa Bibele tse buang ka liphoofolo

Genese 1:28: “Molimo a hlohonolofatsa [batho ba pele] a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, le laole litlhapi tsa leoatle le libopuoa tse fofang le liphoofolo tse tsamaeang lefatšeng.’”

Tlhaloso: Molimo o file batho matla a ho laola liphoofolo.

Moeklesia 3:19, 20: “Ntho e etsahallang motho e etsahalla le phoofolo. Joalokaha phoofolo e shoa, motho o shoa ka mokhoa o tšoanang. Kaofela ba na le moea o le mong. Kahoo, motho haa phahamela phoofolo hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela. Kaofela ba ea sebakeng se le seng. Kaofela ba tsoa leroleng ’me kaofela ba khutlela leroleng.”

Tlhaloso: Ha liphoofolo le batho ba shoa ba khutlela leroleng.

Liproverbia 12:10: “Ea lokileng o hlokomela liphoofolo tsa hae.”

Tlhaloso: Batho ba lokileng ba hlokomela liphoofolo hantle, ho akarelletsa le tseo ba li ruileng.

Matheu 10:29: “Le hoja lirobele tse peli li rekisoa ka chelete ea tšepe, ha ho le se le seng sa tsona se tla oela fatše Ntate oa lona a sa tsebe.”

Tlhaloso: Molimo o hlokomela le ho tsotella liphoofolo tsohle, ho akarelletsa le linonyana tse nyane.

a Ho ithuta ho eketsehileng ka sena, bala khaolo ea 29 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela