Bibele e ka Ntlafatsa Lenyalo la Hao
LENYALO—ho ba bang, ho utloa lentsoe lena feela hoa ba thabisa. Ba bang bona ho le utloa feela ho ba hopotsa masisa-pelo. Mosali e mong o ile a tletleba, a re: “Ke ikutloa joaloka motho ea hlaliloeng le hoja ke ntse ke nyetsoe. Ke ikutloa ke hlokomolohiloe ebile ke jeoa ke bolutu ka linako tsohle.”
Ke eng se etsang hore batho ba babeli ba kileng ba ikana hore ba tla ratana le ho hlokomelana ba qetelle ba sa thahasellane joalo? Lebaka le leng ke ho se tsebe hore na lenyalo le akarelletsa eng. Mongoli e mong oa tsa bongaka o re: “Re kena lenyalong re sa koetlisoa ho hang.”
Ho bontša hore kajeno ke ba fokolang ba nang le tsebo ka lenyalo ho ile ha senoloa ke phuputso e entsoeng ke The National Marriage Project, patlisiso ea Univesithi ea Rutgers e New Jersey, U.S.A. Batsamaisi ba morero ona ba re: “Ba bangata bao ho buisanoeng le bona phuputsong ena ba hōlisitsoe ke batsoali bao manyalo a bona a neng a sa thaba kapa ba hlalane. Ba tseba hantle hore na lenyalo le hlokang thabo le joang, empa ha ba tsebe hantle hore na lenyalo le thabileng le lokela ho ba joang. Ba bang ba re lenyalo le thabile hafeela ‘le sa tšoane le la batsoali ba ka.’”
Na Bakreste ha ba na mathata a lenyalo? Ba na le ’ona. Ha e le hantle, ho ile ha hlokahala hore Bakreste ba bang lekholong la pele la lilemo ba fuoe keletso e tobileng ea hore ba ‘khaotse ho batla tokollo’ manyalong a bona. (1 Bakorinthe 7:27) Ho hlakile hore lenyalo leha e le lefe la batho ba babeli ba sa phethahalang le tla ba le mathata, empa thuso e teng. Banna le basali ba ka ntlafatsa kamano ea bona ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.
Ke ’nete hore Bibele hase buka e etselitsoeng ho fana ka litaelo tsa lenyalo. Leha ho le joalo, kaha e bululetsoe ke Ea qapileng lenyalo, re ka lebella hore melao-motheo ea eona e re thuse. Ka moprofeta Esaia, Jehova Molimo o ile a re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”—Esaia 48:17, 18.
Na lerato leo uena le molekane oa hao le neng le e-na le lona pele le se le tapa? Na u iphumana u tšoasehile ka har’a lenyalo le se nang lerato? Mosali e mong ea neng a qetile lilemo tse 26 a nyetsoe o ile a re: “Ha ho na mantsoe a ka hlalosang bohloko boo motho a bo utloang kamanong ea mofuta ona. Ke bohloko bo lulang bo le teng kamehla.” Ho e-na le ho tlenela pele feela lenyalong le sa khotsofatseng, ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho rarolla bothata boo? Sehlooho se latelang se tla bontša banna le basali kamoo melao-motheo ea Bibele e ka ntlafatsang manyalo a bona kateng ntlheng e ’ngoe e tobileng—e leng ea boitlamo.