“Loana Ntoa e Ntle ea Tumelo”
NA U nahana hore nakong ea ntoa ho na le lesole le neng le ke ke la thaba haeba le ne le ka fuoa taelo e reng: “U ka khutlela hae u e’o itulela le mosali oa hao le bana ba hao”?
Mehleng ea Morena Davida oa Iseraele lesole le leng le ile la fuoa taelo e joalo. Uria oa Mohethe o ile a bitsoa ke morena ka seqo eaba o khothalletsoa hore a khutlele hae. Leha ho le joalo, Uria o ile a hana ho ea ha hae. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a etsa ketso eo e makatsang, Uria o ile a araba ka hore areka ea selekane, e emelang boteng ba Molimo, le lebotho la Iseraele li ne li le ntoeng. Eaba oa botsa: “’Me ’na—na ke tla ea ka tlung ea ka ho ea ja le ho noa le ho robala le mosali oa ka?” Ena e ne e le ntho eo Uria a ke keng a nahana ho e etsa ho hang nakong e mahlonoko joalo.—2 Samuele 11:8-11.
Seo Uria a ileng a se etsa se hlahisa lipotso tsa bohlokoa, kaha le rōna re phela nakong ea ntoa. Hona joale ho kupa ntoa eo ho e-s’o be le e tšoanang le eona lintoeng tsohle tseo lichaba tsa lefatše li kileng tsa li loana. E etsa hore lintoa tse peli tsa lefatše li bonahale e le linyane feela ha li bapisoa le eona, ’me le uena ua ameha ntoeng ena. Bophelo bo kotsing, le sera se matla haholo. Ntoeng ena, ha ho sebelisoe lithunya, ha ho lihuoe libomo, empa ho ntse ho hlokahala maqiti a matla a ntoa.
Pele u nka lihlomo, u tlameha ho tseba hore na ebe ntoa eo e nepahetse le hore na u loanela eng. Na seo ke se lokelang ho loaneloa? Moapostola Pauluse o hlakisa morero oa ntoa ena e sa tloaelehang lengolong la hae le eang ho Timothea ha a re: “Loana ntoa e ntle ea tumelo.” E, ntoeng ena ha u sireletse qhobosheane e itseng, empa u sireletsa “tumelo”—e leng ’nete eohle ea Bokreste e senotsoeng ka Bibeleng. Ho hlakile hore u lokela ho amohela hore “tumelo” eo ke ’nete ka ho feletseng e le hore u ka e loanela ua ba ua hlōla.—1 Timothea 6:12.
Mohlabani ea bohlale o leka ka matla ho tseba sera sa hae. Ntoeng ena, sera se na le maqiti a mangata a ntoa kaha ke khale se li bona, se na le lisebelisoa le libetsa tse ngata. Hape ke sebōpuoa se phahametseng batho. Se sehlōhō, se mabifi, se bile se bomenemene; ke Satane. (1 Petrose 5:8) Libetsa tsa sebele haesita le mano a batho le ho qhekella ha bona li ke ke tsa thusa ka letho ho loantšeng sera sena. (2 Bakorinthe 10:4) U ka sebelisa’ng ho hlanaka ntoa ee?
Sebetsa se ka sehloohong ke “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.” (Baefese 6:17) Moapostola Pauluse o bontša kamoo le leng matla kateng: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:12) Ka sebele sebetsa se bohale hakaalo, se nchocho hoo se khonang ho phunyeletsa ho kena menahanong ea motho e ka hare-hare le boikemisetsong ba hae se lokela ho sebelisoa ka botsebi le ka hlokolosi.
Mohlomong ua tseba hore esita le ha lebotho la ntoa le e-na le libetsa tse tsoetseng pele ka ho fetisisa, ha li thuse letho haeba masole a sa tsebe ho li sebelisa. Le uena ka ho tšoanang ho hlokahala hore u koetlisoe e le hore u sebelise sabole ea hao ka katleho. Ho thabisang ke hore u ka koetlisoa ke bahlabani bao e leng khale ba li bona. Jesu o ile a re bahlabani bana ba koetlisang ba bang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le fuoeng boikarabelo ba ho fa balateli ba hae lijo tsa moea, kapa thupelo, ka nako e loketseng. (Matheu 24:45) U ka hlokomela lekhoba lena le entsoeng ka batho ba bangata ka ho lemoha boikitlaetso ba lona ba ho ruta le ho lemosa ha lona ka maqheka a sera esale nako. Bopaki bo bontša hore le entsoe ka litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova.—Tšenolo 14:1.
Lekhoba lena le entsoeng ka batho ba bangata ha lea fella feela ka ho ruta. Le bontšitse boikutlo bo tšoanang le ba moapostola Pauluse, ea ileng a ngolla phutheho ea Thesalonika sena: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae. Kahoo, re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna, ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea rōna, hobane le bile ba ratoang ho rōna.” (1 Bathesalonika 2:7, 8) Lesole le leng le le leng la Mokreste le na le boikarabelo ba ho sebelisa koetliso e lerato eo ho fanoeng ka eona.
Lihlomo Tse Feletseng
Ho fanoe ka lihlomo tse feletseng tsa tšoantšetso e le hore u itšireletse. U ka fumana lethathamo la lihlomo tsena ho Baefese 6:13-18. Lesole le hlokolosi le ke ke la tsamaea le sa nka lihlomo tse ling tsa moea kapa le nkile lihlomo tse hlokang ho lokisoa.
Mokreste o hloka lihlomo tsohle tsa hae tse mo sireletsang, empa thebe e khōlō ea tumelo ke eona ea bohlokoa ka ho khetheha. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a ngola tjena: “Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.”—Baefese 6:16.
Thebe e khōlō ea tumelo, e ka koahelang ’mele oohle, e emela boleng ba tumelo. U tlameha ho ba le tumelo e matla tataisong ea Jehova, u amohele ntle ho khoao hore litšepiso tsohle tsa hae li tla phethahala. U lokela ho ikutloa joalokaha eka litšepiso tseo li se li phethahetse. U se ke ua belaela le hanyenyane feela hore haufinyane tsamaiso eohle ea Satane e tla felisoa, hore lefatše le tla fetoloa paradeise, le hore batho ba tšepahalang ho Molimo ba tla busetsoa phethehong.—Esaia 33:24; 35:1, 2; Tšenolo 19:17-21.
Leha ho le joalo, ntoeng ena e sa tloaelehang, ho na le ntho e ’ngoe hape eo u e hlokang—e leng motsoalle. Nakong ea ntoa, bahlabani ba theha maqhama a matla a setsoalle ha ba ntse ba khothatsana ba bile ba sireletsana, ka linako tse ling ba bile ba pholosana lefung. Le hoja bo-mphato e le ba bohlokoa, hore u pholohe ntoeng ena, motho eo u hlokang setsoalle sa hae ka ho fetisisa ke Jehova ka boeena. Ke ka lebaka leo Pauluse a phethang lethathamo la hae la lihlomo tsa ntoa ka mantsoe a reng: “Ha ka thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.”—Baefese 6:18.
Re rata ho ba ’moho le motsoalle oa hlooho ea khomo. Re leka ho qeta nako re e-na le eena. Ka ho buisana le Jehova ka thapelo kamehla, e ba oa sebele ho rōna, joaloka motsoalle ea tšepahalang. Morutuoa Jakobo o re khothatsa ka ho re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.
Maqheka a Sera
Ho loana le lefatše lena ka linako tse ling ho ka tšoana le ho tsamaea tšimong eo ho eona ho chehiloeng liqhomane tsa fatše. Tlhaselo e ka ’na ea hlaha kae kapa kae, ’me sera se leka ho u tsometsa. Leha ho le joalo, kholiseha hore Jehova o fane ka tšireletso eohle eo u e hlokang.—1 Bakorinthe 10:13.
Sera se ka ’na sa leka ho hlasela ka ho nyatsa linnete tsa Bibele tseo tumelo ea hao e thehiloeng ho tsona. Bakoenehi ba ka ’na ba sebelisa mantsoe a monate, a ka u isang le khongoana holimo, le monahano o sothehileng ho leka ho u hlōla. Empa mokoenehi ha aa ameha ka boiketlo ba hao. Liproverbia 11:9 e re: “Ka molomo oa hae mokoenehi o felisa oa habo, empa ba lokileng ba pholosoa ke tsebo.”
E ne e tla ba phoso ho nahana hore ho hlokahala hore u mamele bakoenehi kapa u bale lingoliloeng tsa bona e le hore u hanyetse likhang tsa bona. Monahano oa bona o sothehileng, o chefo o ka u ntša kotsi moeeng ebile o ka silafatsa tumelo ea hao joaloka seso se kekang ka potlako. (2 Timothea 2:16, 17) Ho e-na le hoo, etsisa tsela eo Molimo a tšoarang bakoenehi ka eona. Jobo o ile a re ka Jehova: “Ha ho mokoenehi ea tla kena ka pel’a hae.”—Jobo 13:16.
Sera se ka ’na sa leka leqheka le fapaneng, le ’nileng la atleha ka tekanyo e itseng. Haeba lebotho le machang le ka ekoa hore le qhalane le inehelle boitšoaro bo bobe, bo litšila, sena se ka baka pherekano.
Boithabiso ba lefatše, bo kang lifilimi le mananeo a thelevishene a bontšang boitšoaro bo bobe le ’mino o hlaha, ke leraba le atlehang. Ba bang ba bolela hore ba ka shebella litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe kapa ba bala lingoliloeng tsa boitšoaro bo bobe li sa ba etse letho. Empa motho e mong ea neng a tloaetse ho shebella lifilimi tse pepesang ho kopanela liphate o ile a lumela a sa tsilatsile a re: “Litšoantšo tseo ha u li lebale, ha u ntse u nahana haholoanyane ka tsona u iphumana u lakatsa ho etsa seo u se boneng . . . Filimi eo e etsa hore u nahane hore ho hlile ho na le se u fetang.” Na u lokela ho ipepesetsa ho tsoa kotsi tlhaselong ee e poteletseng?
Motsu o mong o pokellong ea lihlomo ea sera ke ho ekoa ke lerato la lintho tse bonahalang. Ho ka ba thata ho lemoha kotsi ena hobane kaofela re hloka lintho tse bonahalang. Re hloka lehae, lijo le liaparo, ebile ha ho letho le phoso ka ho ba le lintho tse ntle. Kotsi e ka ba pono eo motho a nang le eona ka lintho tse bonahalang. Chelete e ka ’na ea fetoha ea bohlokoa ho feta lintho tsa moea. Re ka ba ba ratang chelete. Re lokela ho ikhopotsa hore leruo hase makhona-tsohle. Lea feta, athe matlotlo a moea ’ona a lula a le teng ka ho sa feleng.—Matheu 6:19, 20.
Haeba lebotho la ntoa le nyahame, menyetla ea hore le hlōle ea fokotseha. “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) Ho nyahama ke sebetsa seo Satane a ’nileng a se sebelisa ka katleho. Ho roala “tšepo ea poloko e le helmete” ho tla u thusa ho loantša ho nyahama. (1 Bathesalonika 5:8) Loanela ho boloka tšepo ea hao e le matla joaloka ea Abrahama. Ha a kōptjoa hore a nyehele mora oa hae ea ’notši, Isaka, e le sehlabelo, Abrahama ha aa ka a qeaqea. O ne a lumela hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea Hae ea ho hlohonolofatsa lichaba tsohle ka litloholo tsa hae le hore Molimo o ne a ka tsosa Isaka bafung haeba ho hlokahala e le hore a phethahatse tšepiso eo.—Baheberu 11:17-19.
U se Behe Lihlomo Fatše Ntoeng Ena
Ba bang bao e leng khale ba e hlanaka e ka ’na eaba ba se ba khathala, ka hona ha ba sa falimehile joaloka pele. Mohlala oa Uria, o boletsoeng qalong ea sehlooho sena, o ka thusa bohle ba ntoeng ena hore ba lule ba e-na le pono e nepahetseng. Ba bangata ho bahlabani bao e leng Bakreste-’moho le rōna ba mameletse tšotleho, ba pepeselitsoe likotsi, kapa ba qetoa ke serame le tlala. Joaloka Uria, ha re batle ho nahana ka mabothobotho ’ohle ao re ka a thabelang hona joale kapa ho inehella takatso ea ho phela bophelo ba boiketlo. Re batla ho tsoela pele le lebotho la Jehova le lefatšeng lohle la bahlabani ba tšepahalang ’me re loane ho fihlela re ka thabela litlhohonolofatso tse babatsehang tseo re li boloketsoeng.—Baheberu 10:32-34.
Ho ka ba kotsi ha re ka khaotsa ho falimeha, mohlomong re nahana hore tlhaselo ea ho qetela e sa ntse e le hōle. Mohlala oa Morena Davida o totobatsa kotsi eo. Ka lebaka le leng le itseng, o ne a sa tsamaea le mabotho a hae ho ea ntoeng. Ka lebaka leo, Davida o ile a etsa sebe se tebileng se ileng sa mo bakela bohloko le mahlomola bophelong bohle ba hae.—2 Samuele 12:10-14.
Na ho loketse ho loana ntoeng ee, ho tobana le mathata a ntoa, ho mamella ho songoa, le ho tela menyaka ea lefatše e belaetsang? Ba tsoelang pele ho loana ka katleho baa lumela hore seo lefatše le fanang ka sona se ka ’na sa bonahala se khahleha, joaloka malente a benyang, empa ao e reng ha u a shebela haufi, u fumanang hore ha a na thuso. (Bafilipi 3:8) Ho feta moo, hangata menyaka eo e qetella ka ho baka bohloko le masoabi.
Mokreste ea ntoeng ena ea moea o thabela ho ntšana se inong le metsoalle ea ’nete, o na le letsoalo le hloekileng le tšepo e babatsehang. Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba lebeletse bophelo ba ho se shoe leholimong hammoho le Kreste Jesu. (1 Bakorinthe 15:54) Boholo ba bahlabani ba Bakreste ba na le tšepo ea ho fumana bophelo bo phethahetseng paradeiseng lefatšeng. Ka sebele meputso e joalo ke ea bohlokoa hoo motho a lokelang ho tela ntho leha e le efe. ’Me ho fapana le lintoa tsa lefatše, re kholisehile hore re tla hlōla ntoeng ena hafeela re lula re tšepahala. (Baheberu 11:1) Leha ho le joalo, qetello ea tsamaiso ena e tlas’a Satane ke timetso e feletseng.—2 Petrose 3:10.
Ha u ntse u hlanaka ntoa ena, hopola mantsoe a Jesu a reng: “Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) O ile a hlōla ka hore a lule a falimehile a bile a tšepahala tlas’a teko. Re ka etsa ho tšoanang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Ha ho sebelisoe lithunya, ha ho lihuoe libomo, empa ho ntse ho hlokahala maqiti a matla a ntoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Re kholisehile hore re tla hlōla ntoeng ena hafeela re lula re tšepahala
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Helmete ea poloko e tla re thusa ho hlōla ho nyahama
Sebelisa thebe e khōlō ea tumelo ho thiba ‘metsu e tukang’ ea Satane
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Re lokela ho lumela hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala