Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 3/1 leq. 29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova ke Kabelo ea Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “Ke Tla Khotsofatsa Moea o Khathetseng”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ke Kentse Mantsoe a ka Molomong oa Hao”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 3/1 leq. 29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Kaha Balevi ba ne ba se na lefa naheng ea Iseraele ea boholo-holo, ho tla joang hore ebe Molevi ea bitsoang Hanamele o ile a rekisetsa motsoal’ae oa Molevi Jeremia tšimo, joalokaha ho ngotsoe ho Jeremia 32:7?

Malebana le Balevi, Jehova o ile a re ho Arone: “U ke ke ua ba le lefa naheng ea bona, ’me u ke ke ua ba le kabelo har’a bona [Baiseraele].” (Numere 18:20) Leha ho le joalo, Balevi ba ne ba abetsoe metse e 48 hammoho le makhulo a eona, a neng a le likarolong tse fapa-fapaneng tsa Naha eohle e Tšepisitsoeng. Jeremia o ne a hlahetse motseng oa Anathothe, e leng o mong oa metse e neng e filoe “bara ba Arone, baprista.”—Joshua 21:13-19; Numere 35:1-8; 1 Likronike 6:54, 60.

Ho Levitike 25:32-34, re fumana hore Jehova o ile a fana ka litaelo tse tobileng tse neng li amana le “tokelo ea thekollo” ea thepa ea Balevi. Ho hlakile hore lelapa ka leng la Balevi le ne le tla ba le litokelo tsa mafa tse malebana le ho rua, ho sebelisa le ho rekisa thepa e itseng eo le neng le e abetsoe. Ke ntho e utloahalang hore seo se ne se tla akarelletsa ho rekisa le ho rekolla thepa.a Maemong a mangata, Balevi ba ne ba e-na le thepa ba bile ba e sebelisa ka tsela e tšoanang le Baiseraele ba meloko e meng.

Ho bonahala eka thepa e joalo ea Balevi e ne e fetisoa e le lefa la lelapa. Leha ho le joalo, tabeng ea “tokelo ea thekollo,” Balevi ba ne ba lumeletsoe ho rekisetsana lintho e le bona feela. Ho boetse hoa bonahala hore thekiso le thekollo ea tšimo e ne e sebetsa feela thepeng e neng e le metseng, kaha “tšimo ea lekhulo la metse ea bona” e ne e sa lokela ho rekisoa hobane e ne e le “letlotlo la bona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Levitike 25:32, 34.

Kahoo ho hlakile hore tšimo eo Jeremia a ileng a e rekolla ho Hanamele e ne e le ea mofuta oo, ke hore, e neng e ka fetisetsoa ho motho e mong ka ho rekolloa. E ka ’na eaba e ne e le ka har’a meeli ea motse. Jehova ka boeena o ile a hla a tiisa taba ea hore “tšimo” eo re buang ka eona e ne e le ea Hanamele le hore Jeremia o ne a e-na le “tokelo ea thekollo” ea eona. (Jeremia 32:6, 7) Jehova o ile a sebelisa thekisetsano ena ka tsela ea tšoantšetso e le hore a ka tiisa tšepiso ea hae ea hore Baiseraele ba ne ba tla khutla ho ea rua naha ea bona hape ka mor’a hore ba be botlamuoeng Babylona.—Jeremia 32:13-15.

Ha ho letho le bontšang hore Hanamele o ne a sa tšoanela ho ba le thepa Anathothe. Ha ho letho le bontšang hore o ile a tlōla molao oa Jehova ka ho khothalletsa Jeremia ho reka tšimo ena e Anathothe kapa le bontšang ntlha ea hore ha Jeremia a ne a reka tšimo eo, o ne a sebelisa tokelo ea hae ea thekollo hampe.—Jeremia 32:8-15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lekholong la pele la lilemo C.E., Molevi ea bitsoang Barnabase o ile a rekisa naha ea hae eaba o fana ka chelete ea eona hore ho thusoe balateli ba Kreste ba neng ba le Jerusalema ba hloka. E ka ’na eaba naha eo e ne e le Palestina kapa Cyprase. Kapa ho ka etsahala hore ebe e ne e le sebaka sa mabitla seo Barnabase a neng a ile a se fumana karolong e ’ngoe ea Jerusalema.—Liketso 4:34-37.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela