Na U Lokela ho ba Setho sa Kereke?
‘HA KEA tlameha ho ba setho sa kereke e itseng kapa ho ea kerekeng kamehla e le hore ke lumele ho Molimo!’ Ena ke tsela eo batho ba bangata ba ikutloang ka eona ka ho ba setho sa kereke kapa mokhatlo oa bolumeli. Ha e le hantle, ba bang ba re ba ikutloa ba batla ba atamelane le Molimo ha ba le ka ntle ba boha pōpo ho e-na le ha ba ile litšebeletsong tsa kereke. Ba bangata kajeno ba na le maikutlo a hore hase tlamo hore motho a kopanele le sehlopha kapa mokhatlo o itseng oa bolumeli e le hore a lumele ho Molimo.
Leha ho le joalo, ba bang ka tieo ba na le maikutlo a fapaneng le ao. Ba tsitlella hore ho ba setho sa kereke le ho e tsamaea ke habohlokoa haholo bakeng sa hore motho a amohelehe ho Molimo. Kahoo taba ea hore na ho kopanela bolumeling bo itseng ho hlile hoa hlokahala kapa che hase feela taba ea ho batla ho fuputsa lipalo kapa lintlha tse itseng ka bolumeli. Empa kaha ho ameha kamano ea rōna le Molimo, na hase ho utloahalang ho fumana hore na Molimo o talima taba ee joang? Ka hona, re ka ithuta eng ntlheng ee ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele?
Tsela eo Molimo a Ileng a Sebelisana le Batho ka Eona Nakong e Fetileng
Lilemong tse ka bang 4 400 tse fetileng, lefatše lohle le ile la oeloa ke tlokotsi ea moroallo. Ketsahalo eo ha e lebalehe habonolo, ’me batho likarolong tsohle tsa lefatše ba na le lipale tse buang ka eona historing ea bona ea qalong. Le hoja lipale tsena li fapana mona le mane li batla li bua ntho e tšoanang, ho akarelletsa ’nete ea hore ho ile ha phonyoha batho ba seng bakae feela le liphoofolo tse itseng.
Na baphonyohi ba Moroallo e mpa e le batho feela ba bileng lehlohonolo ho phonyoha timetso eo? Tlaleho ea Bibele e bontša hore ha ho joalo. Kamoo ho bonahalang kateng, Molimo ha aa ka a tsebisa batho ka bomong ka Moroallo o tlang. Ho e-na le hoo, o ile a bolella Noe, ea ileng a lemosa batho ba mehleng ea hae ka Moroallo o tlang.—Genese 6:13-16; 2 Petrose 2:5.
Ho phonyoha ho ne ho itšetlehile ka ho ba karolo ea sehlopha sena se momahaneng le ka ho ikemisetsa ho amohela tataiso eo Molimo a e fileng Noe. Esita le liphoofolo tse ileng tsa phonyoha Moroallo oo li le ka arekeng e ne e le karolo ea sehlopha sena. Noe o ne a fuoe litaelo tse tobileng tsa hore a etse litokisetso tse loketseng e le hore liphoofolo li sireletsehe.—Genese 6:17–7:8.
Lilemo tse makholo hamorao, litloholo tsa Noe ka mora oa hae Sema e ile ea e-ba makhoba Egepeta. Leha ho le joalo, Molimo o ne a rerile ho li lokolla le ho li tlisa naheng eo a neng a e tšepisitse moholo-holo oa tsona Abrahama. Le mona, sena ha sea ka sa senoleloa batho ka bomong empa qalong se ile sa senoleloa ba khethiloeng hore e be baeta-pele har’a bona—e leng Moshe le moholoane oa hae, Arone. (Exoda 3:7-10; 4:27-31) Ka mor’a hore bao e neng e le makhoba ba lokolloe Egepeta e le sehlopha, ba ile ba fuoa Molao oa Molimo Thabeng ea Sinai ’me ba etsoa sechaba sa Iseraele.—Exoda 19:1-6.
Baiseraele ka bomong ba ne ba ka lopoloha haeba feela ba kopanela le sehlopha seo Molimo a se thehileng ’me ba latela tataiso e fanoang ke baeta-pele ba khethiloeng ba sehlopha seo. Ho ne ho entsoe litokisetso tsa hore Baegepeta ka bomong ba kopanele le sehlopha sena seo ho neng ho totobetse hore Molimo oa se amohela. Ha Baiseraele ba tloha Egepeta, batho bana ba ile ba tsamaea le bona, kahoo ba ipeha mocheng oa ho hlohonolofatsoa ke Molimo.—Exoda 12:37, 38.
Joale, lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a qala mosebetsi oa hae oa boboleli, a bokella batho hore e be barutuoa ba hae. O ne a sebetsana le bona e le sehlopha, le hoja ka lerato a ne a boetse a ela hloko batho ka bomong ho latela litlhoko tsa bona. Jesu o ile a re ho baapostola ba 11 ba tšepahalang: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:28, 29) Hamorao, moea o halalelang oa Molimo o ile oa theohela ho barutuoa ha ba kopane hammoho e le sehlopha.—Liketso 2:1-4.
Mehlala ena e bontša ka ho hlaka hore ka linako tsohle Molimo o ’nile a sebetsana le batho ba hae e le sehlopha se hlophisitsoeng nakong e fetileng. Batho ba seng bakae bao Molimo a ileng a sebetsana le bona ka ho toba—Noe, Moshe, Jesu le ba bang—ha e le hantle O ne a ba sebelisetsa ho fetisetsa boitsebiso ho sehlopha se momahaneng. Ha re na lebaka la ho lumela hore kajeno Molimo o sebetsana le bahlanka ba hae ka tsela e fapaneng. Ha e le hantle, sena se hlahisa potso e ’ngoe: Na ho lekane hore motho a kopanele le sehlopha leha e le sefe sa bolumeli? Re tla tšohla potso ena ea bohlokoa sehloohong se hlahlamang.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho tloha khale esale Molimo a sebelisana le batho ba hae e le sehlopha