Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/15 maq. 26-29
  • Moo Borapeli ba ’Nete bo Ileng ba Loantšana Teng le Bohetene

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moo Borapeli ba ’Nete bo Ileng ba Loantšana Teng le Bohetene
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebaka se Neng se Tsekoa
  • Borapeli ba ’Nete bo Loantšana le Bohetene
  • Tempele ea Artemise ea Reketla
  • Ho Furalloa Artemise, ho Khomareloa “’Mè oa Molimo”
  • Bo Lahleloa Matjoing
  • Ho Tsamaea Har’a Lithako Tsa Efese
  • Na Borapeli ba Molimotsana oa ’Mè bo Ntse bo le Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho “Hola le ho Hlola” Har’a Khanyetso
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/15 maq. 26-29

Moo Borapeli ba ’Nete bo Ileng ba Loantšana Teng le Bohetene

HO SE ho fetile lilemo tse fetang tse lekholo ho ntse ho etsoa liphuputso tse matla mesaletseng ea lintho tsa khale e lithakong tsa Efese ea boholo-holo e lebōpong le ka bophirimela la Turkey. Ho tsositsoe mehaho e mengata, ’me bo-rasaense ba ithutile ba ba ba hlalosa lintho tse ngata tse fumanoeng moo. Ka lebaka lena, Efese ke se seng sa libaka tsa bohahlauli tse ratoang haholo Turkey.

Ho sibolotsoe eng ka Efese? Re fuoa pono efe ka motse oo o moholo o khahlehang oa mehleng ea khale? Ho etela lithako tsa Efese le Setsi sa Efese sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa se Vienna, Austria, ho tla re thusa ho utloisisa kamoo borapeli ba ’nete bo ileng ba loantšana le bohetene kateng Efese. Taba ea pele, a re ke re nyareleng semelong sa Efese.

Sebaka se Neng se Tsekoa

Merusu le ho falla li ne li sa fele Eurasia lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. Bagerike ba Ionia ba ile ba qala ho lula lebōpong le ka bophirimela la Asia Minor ka nako eo. Bajaki bao ba pele ba ile ba fumana ho e-na le batho ba neng ba tsejoa ka ’mè oa melimotsana, e leng molimo oo hamorao o neng o tla bitsoa Artemise oa Baefese.

Bohareng ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., bo-hloma-u-hlomole ba Bacimmeria ba ile ba hlaha ka leboea Leoatleng le Letšo ho ea tlatlapa Asia Minor. Hamorao, hoo e ka bang ka 550 B.C.E., ho ile ha busa Morena Croesus oa Lydia, e leng ’musi ea matla ea neng a tumme ka ho ba le leruo le leholohali. Ha ho ntse ho atolosoa ’Muso oa Persia, Morena Cyruse o ile a hapa metse ea Ionia, ho akarelletsa le Efese.

Ka 334 B.C.E., Alexander oa Macedonia o ile a qala ho futuhela Persia, ’me kahoo e ile ea e-ba ’musi e mocha oa Efese. Ka mor’a lefu la tšohanyetso la Alexander ka 323 B.C.E., balaoli ba hae ba sesole ba ile ba tsekisana Efese. Ka 133 B.C.E., Attalus III, e leng morena oa Pergame ea neng a se na ngoana, o ile a neha Baroma Efese, a e etsa karolo ea profinse ea Roma ea Asia.

Borapeli ba ’Nete bo Loantšana le Bohetene

Ha moapostola Pauluse a ne a fihla Efese ho ea bofelong ba leeto la hae la bobeli la boromuoa lekholong la pele la lilemo C.E., o fumane e le motse oa baahi ba ka bang 300 000. (Liketso 18:19-21) Pauluse o ile a khutlela Efese leetong la hae la boraro la boromuoa, ’me o ne a tsohile molota ha a bua ka ’Muso oa Molimo ka synagogeng. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse tharo, khanyetso ea Bajuda e ile ea tota, eaba Pauluse o khetha ho fana ka lipuo tsa hae tsa letsatsi le letsatsi ka holong ea sekolo ea Tyranase. (Liketso 19:1, 8, 9) Ka lilemo tse peli o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho bolela, a bile a ntse a etsa mesebetsi e matla e fetang e tloaelehileng, e kang ho phekola ka mohlolo le ho leleka bademona. (Liketso 19:10-17) Hase feela ba bangata e ileng ea e-ba balumeli! E, lentsoe la Jehova le ile la hlōla, hoo batho ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba ileng ba ikhethela ho chesa libuka tsa bona tsa bohlokoa.—Liketso 19:19, 20.

Ho bolela ha Pauluse ka katleho ha hoa ka ha fella feela ka ho susumelletsa ba bangata hore ba lahle borapeli ba molimotsana Artemise empa hape ho ile ha halefisa batšehetsi ba borapeli boo ba bohetene. Ho etsoa ha litempelana tsa Artemise e ne e le khoebo e buseletsang. Kaha khoebo ea bona e ne e le kotsing, motho e mong ea bitsoang Demetriase o ile a susumelletsa litei tsa silevera hore li tsose morusu.—Liketso 19:23-32.

Ntoa ena e ile ea fihla tlhōrong ka hore batho ba tlakolohe ka lihora tse peli ba re: “O moholo Artemise oa Baefese!” (Liketso 19:34) Ha morusu ona o kokobela, Pauluse o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena hape eaba o fetela pele leetong la hae. (Liketso 20:1) Leha ho le joalo, ho tloha ha hae a e-ea Macedonia, ha hoa ka ha thibela hore borapeli ba Artemise bo neng bo le makhatheng a ho oa bo se ke ba soahlama.

Tempele ea Artemise ea Reketla

Borapeli ba Artemise bo ne bo itsetsepetse Efese. Pele ho mehla ea Morena Croesus, ’mè oa melimotsana, e leng Cybele, e ne e le eena ea ka sehloohong bolumeling ba sebaka seo. Ha Croesus a qapa lesika la tšōmong le qalang ka Cybele le kopanyelletsang melimo ea Bagerike, o ne a e-na le tšepo ea ho hlomamisa motho oa bohlokoa oa bolumeli oa tšōmong ea neng a tla amoheleha ho Bagerike le bao e seng Bagerike. Ka thuso ea hae, bohareng ba lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., ho ile ha qaloa mosebetsi oa ho haha tempele ea mohlahlami oa Cybele, e leng Artemise.

Tempele ena e ne e le mosebetsi o hlaheletseng oa bokhoni ba ho haha ba Bagerike. Ho ne ho se mohla ho kileng ha sebelisoa litene tsa ’mabole tse khōlō hakaalo ha ho hahoa mohaho oa mofuta oo le oa boholo boo. Tempele eo e ile ea senngoa ke mollo ka 356 B.C.E. Tempele e ntle ka mokhoa o tšoanang e ileng ea hahoa bocha e ile ea hlola mesebetsi ea ba ea e-ba ntho e khōlō e hohelang bahahlauli. Tempele ena e hahiloeng bocha e ne e ka ba bophara ba limithara tse 50 le bolelele ba limithara tse 105, ’me e ne e hahiloe sethaleng se bophara bo ka bang limithara tse 73 se bolelele ba limithara tse 127. E ne e bitsoa e ’ngoe ea limakatso tse supileng tsa lefatše. Empa batho ba bang ba ne ba sa e rate. Rafilosofi Heracleitus oa Efese o ile a tšoantša sebaka se lefifi se eang aletareng le lefifi la bobe, ’me o ne a nka hore boitšoaro bo etsoang tempeleng eo bo bobe le ho feta ba libatana. Leha ho le joalo, ba bangata bona ba ne ba nka hore sehalalelo sena sa Artemise se Efese ha ho mohla se tla soahlamana. Empa liketsahalo tsa histori li ile tsa hanyetsa seo. Buka e bitsoang Ephesos—Der neue Führer (Efese—Motataisi e Mocha) e re: “Lekholong la bobeli la lilemo, borapeli ba Artemise le ba melimo e meng e amohelehang ea Bagerike bo ile ba soahlamana ka tšohanyetso.”

Lekholong la boraro la lilemo C.E., Efese e ile ea hlaseloa ke tšisinyeho e khōlō ea lefatše. Ho feta moo, matlotlo a tsotehang a tempele ea Artemise a ile a tlatlapuoa ke basesisi ba likepe ba Magothe ba neng ba tsoa Leoatleng le Letšo, ’me ka mor’a moo ba ile ba chesa tempele eo. Buka eona eo e re: “Kaha Artemise o ne a hlōtsoe a bile a sitiloe ho sireletsa ntlo ea hae, ke joang ho neng ho ka nkoa hore o sa le mocheng oa ho ba mosireletsi oa motse halelele ho feta moo?”—Pesaleme ea 135:15-18.

Qetellong, ho elella bofelong ba lekholo la bone la lilemo C.E., Moemphera Theodosius I o ile a hlomamisa “Bokreste” hore e be bolumeli ba Naha. Ka potlako mohaho oa majoe oa tempele ea Artemise e neng e kile ea tuma o ile oa fetoha koari ea thepa ea ho haha. Borapeli ba Artemise bo ne bo hlabile hlohlolingoane. Ha moshebelli e mong ea sa boleloang ka lebitso a bua ka thoko e ’ngoe ea tempele eo e neng e re ke e ’ngoe ea limakatso tsa lefatše la boholo-holo o ile a re: “Hona joale ke sebaka sa lithako le se hlomolang pelo ho feta tsohle.”

Ho Furalloa Artemise, ho Khomareloa “’Mè oa Molimo”

Pauluse o ile a lemosa banna ba baholo ba phutheho ea Efese hore ka mor’a hore a tlohe, ho ne ho tla hlaha “liphiri tse hatellang” le hore ho ne ho tla tsoa banna har’a bona ’me ba “bue lintho tse sothehileng.” (Liketso 20:17, 29, 30) Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Liketsahalo li bontša hore borapeli ba bohata bo ile ba rena Efese ka sebōpeho sa Bokreste ba bokoenehi.

Ka 431 C.E., seboka sa boraro sa ntšetso-pele ea bonngoe ba bolumeli lefatšeng ka bophara se ile sa tšoareloa Efese, moo ho ileng ha sekasekoa khang ea boleng ba Kreste. Ephesos—Der neue Führer e hlalosa tjena: “Batšehetsi ba Alexander ba neng ba nka hore Kreste o ne a le ka sebōpeho sa Molimo feela, ba ile ba hlōla ka ho feletseng.” Liphello tsa sena li ile tsa fetela pele haholo. “Qeto e ileng ea fihleloa Efese, eo ka eona Maria a ileng a tlosoa boemong ba ho ba motsoali oa Kreste eaba o etsoa motsoali oa Molimo, ha ea ka ea e-ba motheo oa borapeli ba Maria feela empa hape e ile ea e-ba sesosa sa karohano ea pele e khōlō ka kerekeng . . . Khang ena e sa ntse e tsoela pele le kajeno.”

Kahoo, borapeli ba Cybele le ba Artemise bo ile ba nkeloa sebaka ka borapeli ba Maria, “motsoali oa Molimo” kapa “’mè oa molimo.” Joalokaha buka ena e hlalosa, “Borapeli ba Maria ba Efese . . . bo ntse bo tloaelehile le kajeno ’me bo ke ke ba hlalosoa ntle ho Borapeli ba Artemise.”

Bo Lahleloa Matjoing

Efese e ile ea oa ka mor’a hore borapeli ba Artemise bo soahlamane. Bophelo bo ile ba thatafala ho ea pele ka har’a motse ka lebaka la litšisinyeho tsa lefatše, malaria le seretse seo butle-butle se ileng sa kata boema-kepe ba oona.

Lekholong la bosupa la lilemo C.E., Boislamo bo ne bo qalile ho ata ka matla. Boislamo ha boa ka ba momahanya merabe ea Maarabia tumelong ea bona feela. Lihlopha tsa Maarabia li ile tsa tlatlapa thepa ea Efese lekholong la lilemo la bosupa le la borobeli C.E. Efese e ile ea fela ea oa ha boema-kepe ba eona bo katoa ke seretse ’me motse e e-ba liqubu-qubu tsa lithako. Karolo e ileng ea sala ea motse ona o moholo oa mehleng, o neng o le motle, ke motsana o le mong feela o bitsoang Aya Soluk (hona joale ke Selçuk).

Ho Tsamaea Har’a Lithako Tsa Efese

Motho a ka utloisisa botlehali boo Efese e neng e e-na le bona ha a ka etela lithakong tsa eona. Ha u kene le hekeng e ka holimo ha u qala leeto la ho bona sebaka sena, hang-hang u tla khahloa ke ponahalo e hlollang ea Seterata sa Liphalo ho theosa ho ea fihla Laebraring ea Celsus. Ka letsohong le letona la seterata sena mahlo a hao a tla haptjoa ke Odeum—e leng mohaho o monyenyane oa liketsahalo o hahiloeng lekholong la bobeli la lilemo C.E. Kaha e ne e e-na le litulo tse ka bang 1 500, ho ka etsahala hore ebe e ne e sebelisetsoa liboka tsa lekhotla le boithabiso ba sechaba. Seterata sa Liphalo se na le mehaho ka mahlakoreng a mabeli, e meng ea eona ke e kang Lekhotla leo ho neng ho tšohloa litaba tsa Naha ho lona, tempele ea Hadrian, liliba tsa sechaba le matlo a mosikong oa leralla—e leng matlo a bolulo a bahlomphehi ba Efese.

U tla khahloa ke botle bo tsotoang ba Laebrari ea Celsus e hahiloeng lekholong la bobeli la lilemo C.E. Libuka tsa eona tse ngata li ne li bolokoa ka mekotjaneng e neng e le leboteng la phaposi e khōlō eo ho neng ho balloa ka ho eona. Liemahale tse ’nè tse neng li eme karolong e ntle e ka pele ea mohaho li ne li tšoantšetsa litšobotsi tsa bohlokoa tse neng li lebeletsoe ho mohlanka oa boemo bo phahameng oa ’muso oa Roma ea neng a tšoana le Celsus, tsona ke: Sofia (bohlale), Arete (bokhabane), Ennoia (boitelo) le Episteme (tsebo kapa kutloisiso). Liemahale tseo li ka bonoa Setsing sa Efese sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa se Vienna. Pel’a lebala le ka pele la laebrari, ho na le monyako o moholohali oo u ka kenang ka oona ka lepatlelong la Tetragonos. Batho ba ne ba etsa mesebetsi ea bona e tloaelehileng ea khoebo lepatlelong lena la letonanahali, le neng le pota-potiloe ke libaka tsa ho ikhatholla.

Ha u tloha moo, u fihla ’Mileng oa ’Mabole, o eang holong e khōlō ea liketsahalo. Ka mor’a katoloso ea ho qetela e ileng ea etsoa ke ’muso oa Roma, holo ena e ne e nka bashebelli ba ka bang 25 000. Karolo ea eona e ka pele e ne e khabisitsoe haholo ka lipilara, litšoantšo tse betliloeng maboteng le liemahale. U ka bona ka mahlo a kelello moferefere o moholo oo setei sa koporo se bitsoang Demetriase se ileng sa o tsosa har’a matšoele a neng a bokane moo.

Seterata se theosang ho tloha holong ena e khōlō ea liketsahalo se lebang boema-kepeng ba toropo ena se seholo. Bolelele ba sona e ka ba limithara tse 500 ’me bophara ba sona ea e-ba limithara tse 11, ’me se khabisitsoe ka lipilara ka mahlakoreng a mabeli. Tseleng ena ho ne ho boetse ho hahiloe libaka tse peli tsa boikoetliso ba ’mele, se seng se ne se le holong ea liketsahalo ’me se seng se le boema-kepeng. Heke e ntle ea boema-kepe e neng e le qetellong ea seterata sena e ne e le e tsoelang linaheng tse ling, ’me leeto la rōna le lekhutšoanyane la bohahlauli le fella hona teng. Setsing sa Efese sa Pokello ea Lintho Tsa Bohlokoa se Vienna, ha hoa behoa feela litšoantšo tsa lehong tsa motse ona o moholo o tummeng historing, empa ho behiloe le liemahale tse ling tse ngata.

Ha motho a tsamaea ka hare ho sebaka sena sa pokello ea lintho tsa bohlokoa ’me a bona seemahale sa Artemise oa Baefese, ho bonolo hore a nahane ka mamello ea Bakreste ba pele ba Efese. Ba ne ba tlameha ho phela motseng o neng o laoloa ke ho sebelisana le meea le o neng o foufalitsoe ke leeme la bolumeli. Molaetsa oa ’muso o ile oa hanyetsoa ka matla ke barapeli ba Artemise. (Liketso 19:19; Baefese 6:12; Tšenolo 2:1-3) Borapeli ba ’nete bo ile ba thehoa maemong ao a thata. Borapeli bona ba Molimo oa ’nete bo tla hlōla hape ha bolumeli ba bohata ba mehleng ea rōna bo fela joalokaha borapeli ba boholo-holo ba Artemise bo ile ba fela.—Tšenolo 18:4-8.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MACEDONIA

Leoatle le Letšo

ASIA MINOR

Efese

Leoatle la Mediterranean

EGEPETA

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Lithako tsa tempele ea Artemise

[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

1. Laebrari ea Celsus

2. Arete ha a shebeloa haufi

3. ’Mila oa ’Mabole, o eang holong e khōlō ea liketsahalo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela