Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 3/15 maq. 8-9
  • Bacha ba Rorisang Jehova ba Ntlafatsa Bophelo ba Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Rorisang Jehova ba Ntlafatsa Bophelo ba Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Rorisa Jehova Kajeno
  • Ho Itokisetsa Nako e Tlang
  • Bacha, Rorisang Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Paka Sekolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Rorisa Jehova Sekolong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 3/15 maq. 8-9

“Thuso ea ka e Tsoa ho Jehova”

Bacha ba Rorisang Jehova ba Ntlafatsa Bophelo ba Bona

“KE BATLA lintho tse molemohali bophelong!” Ke kamoo mocha e mong oa moshemane a ileng a hlalosa seo a se lebeletseng. Empa mocha a ka fumana se molemohali joang bophelong? Bibele e fana ka karabo e tobileng e reng: “U hopole ’Mōpi oa hao ha u sa ntse u le mocha!”—Moeklesia 12:1, Contemporary English Version.

Ho rorisa Jehova le ho mo sebeletsa hase ha batho ba baholo feela. Samuele, mora oa Elkana le Anna, o ne a le monyenyane haholo ha a ne a sebeletsa Jehova tabernakeleng. (1 Samuele 1:19, 20, 24; 2:11) Ngoanana e monyenyane oa Moheberu o ile a bontša tumelo e feletseng ho Jehova ha a ne a khothaletsa Naamane, molaoli oa lebotho la Syria, hore a ee ho moprofeta Elisha e le hore a phekoloe lepera. (2 Marena 5:2, 3) Ho Pesaleme ea 148:7, 12, bashanyana hammoho le banana ba laeloa ho rorisa Jehova.a Ha a ne a le lilemo li 12 feela, Jesu o ne a thahasella tšebeletso ea Ntat’ae haholo. (Luka 2:41-49) Ka lebaka la ho koetlisoa ka Mangolo, bashanyana ba bang ba ileng ba bona Jesu tempeleng ba ile ba hooa ba re: “Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!”—Matheu 21:15, 16.

Ba Rorisa Jehova Kajeno

Kajeno, bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba motlotlo ka lintho tseo ba li lumelang ’me ka sebete ba bua le batho ba bang ka tsona sekolong le libakeng tse ling. Nahana ka mehlala e ’meli.

Brithani koana tlelaseng ea Stephanie ea lilemo li 18, ho ne ho tšohloa taba ea ho ntša mpa le litaba tse ling tsa boitšoaro. Tichere e ile ea bolela ka tieo hore ho ntša mpa ho se ho amoheloa hohle le hore ha ho moroetsana ea nang le lebaka la ho hana mokhoa ona. Eitse ha e mong le e mong ka tlelaseng a lumellana le maikutlo ana, Stephanie eena o ile a ikutloa a tlameha ho sireletsa maikutlo a hae a thehiloeng Bibeleng. Monyetla oa ho etsa sena o ile oa hlaha ha tichere e botsa Stephanie hore na eena maikutlo a hae ke afe. Le hoja Stephanie a ne a tšohile qalong, o ile a sebelisa monyetla ona ho fana ka pono ea Mangolo. O ile a akaretsa lintlha tse ho Exoda 21:22-24 eaba o hlalosa hore haeba ho ne ho le phoso ho lematsa ngoana ea e-s’o hlahe, ho hlakile hore ho ntša mpa ho ne ho tla ba khahlanong le thato ea Molimo.

Tichere ena, eo hape e neng e le moruti, ho ne ho se mohla e kileng ea bala litemana tsena. Bopaki boo Stephanie a faneng ka bona ka sebete bo ile ba etsa hore a buisane hamonate ka makhetlo a mangata le liithuti-’moho le eena ka lihlooho tse fapa-fapaneng. Hona joale ngoanana e mong kamehla o amohela likopi tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ’me ba bang ba babeli ba ile ba e-ba teng kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova ho ea bona ha Stephanie a kolobetsoa ho bontša boinehelo ba hae ho Molimo.

Vareta ea lilemo li tšeletseng ea lulang Suriname, Amerika Boroa, o ile a sebelisa monyetla oa ho rorisa Molimo ha tichere ea hae e ne e hloka matšeliso a tsoang Mangolong. Ka mor’a hore tichere e khutle ha e ne e le sieo ka matsatsi a mararo, e ile ea botsa liithuti hore na li tseba lebaka la ho ba sieo ha eona. Li ile tsa araba ka ho re, “U ne u kula, na ha ho joalo?” Tichere ea araba ea re, “Che. Moholoane oa ka o hlokahetse, ’me ke utloile bohloko haholo. Kahoo, ke kōpa le thōle hobane hlooho ea ka ea opa.”

Thapameng eo ha ’m’ae a sa itse shoa! ka boroko, Vareta o ne a phathahane a ntse a phetla limakasine tsa khale, a bala lihlooho tsa tsona. O ile a fumana Molula-Qhooa oa July 15, 2001, o nang le sehlooho se reng, “Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?” O ne a thabile haholo ha a tsosa ’m’ae a re, “’Mè, ’Mè, bona! Ke fumanetse tichere ea ka makasine e buang ka lefu!” Makasine ena e ile ea romelloa ho tichere e e-na le lengolo le tsoang ho Vareta. O ile a ngola tjena: “Ke ea hao ka ho khetheha. U tla bona moholoane oa hao Paradeiseng hobane le ka mohla Jehova ha a bue leshano. O tšepisitse hore o tla tlisa paradeise lefatšeng, eseng leholimong.” Tichere e ile ea leboha haholo ka matšeliso ana a tsoang Bibeleng ao lihlooho tsena li ileng tsa mo fa ’ona.

Ho Itokisetsa Nako e Tlang

Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o rata hore bacha ba thabe. (1 Timothea 1:11) Lentsoe la hae le re: “Thabela bocha ba hao. U nyakalle ha u sa ntse u le mocha.” (Moeklesia 11:9, Today’s English Version) Jehova o bona ka nģ’ane ho nako ea hona joale ebile o bona le liphello tsa nako e telele tsa boitšoaro bo botle le bo bobe. Ke ka lebaka leo Lentsoe la hae le eletsang bacha ka ho re: “U hopole ’Mōpi oa hao e Moholo, hona joale, matsatsing a bohlankana ba hao, pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’”—Moeklesia 12:1.

Ha ho pelaelo hore Jehova o rata hore bacha ba rue molemo o feletseng mphong ea bohlokoa ea bophelo. Ka ho hopola Molimo le ka ho mo rorisa, bacha ba ka phela bophelo bo khotsofatsang le bo putsang. Esita leha ba le har’a mathata, ka sebete ba ka re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”—Pesaleme ea 121:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005, March/April.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Rorisang Jehova ho tsoa lefatšeng, . . . lōna bahlankana le lōna baroetsana.”—PESALEME EA 148:7, 12.

[Lebokose le leqepheng la 8]

JEHOVA O THUSA BACHA

“U tšepo ea ka, ’Musi Morena Jehova, u kholiseho ea ka ho tloha bocheng ba ka.”—Pesaleme ea 71:5.

‘[Molimo] o khotsofatsa nako ea hao ea bophelo ka se molemo; bocha ba hao bo lula bo inchafatsa feela joaloka ba ntsu.’—Pesaleme ea 103:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela