Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 6/1 maq. 4-7
  • Lefatše le Habile Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Habile Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Bonngoe bo le Sieo?
  • Ho Hlokahala’ng?
  • Kamoo Lefatše le Tlang ho ba Bonngoeng Kateng
  • Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Etsahetse’ng ka Bonngoe ba Lefatše?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Lefatše le Tla ke le Kopane?
    Tsoha!—2000
  • Bonngoe ba Borapeli Mehleng ea Rōna—Bo Bolela Eng?
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 6/1 maq. 4-7

Lefatše le Habile Hokae?

BONNGOE BA LEFATŠE. Bo utloahala e le ntho e thahasellisang haholo. Na kaofela ha re bo batle? Bonneteng, ho ’nile ha buuoa haholo ka bonngoe. Khafetsa, libokeng tsa baeta-pele ba lefatše ho tšohloa taba ena. Ka August 2000, baeta-pele ba bolumeli ba fetang 1 000 ba ile ba bokana mehahong ea Machaba a Kopaneng e New York bakeng sa Seboka sa Lefatše sa Khotso ea Lilemo Tse Sekete. Ba ile ba tšohla tharollo ea likhohlano tsa lefatše. Leha ho le joalo, seboka seo ka bosona se ne se hloka khotso ka lebaka la likhohlano tse teng lefatšeng. Setsebi sa melao ea Mamosleme sa Jerusalema se ile sa hana ho tla hobane rabi e mong oa Mojuda a ne a le teng. Ba bang ba ile ba khopisoa ke hore ebe Dalai Lama o ne a sa mengoa matsatsing a ho qala a mabeli hobane bahlophisi ba seboka seo ba ne ba tšaba ho qabana le Chaena.

Ka October 2003, lichaba tse moeling oa Leoatle la Pacific li ile tsa tšohla litaba tse amanang le tšireletseho li le sebokeng sa Asia-Pacific Economic Cooperation (APEC) se neng se tšoaretsoe Thailand. Lichaba tse 21 tse neng li le teng moo li ile tsa lumellana ka ho qhaqha lihlopha tsa likhukhuni tsa ba tsa lumellana ka litsela tsa ho eketsa tšireletseho lefatšeng. Leha ho le joalo, sebokeng seo baemeli ba ’maloa ba ile ba qoaketsana ka lebaka la mantsoe a tona-khōlō e mong, ao ho ileng ha boleloa hore a bontša lehloeo ho Bajuda.

Ke Hobane’ng ha Bonngoe bo le Sieo?

Le hoja ho buuoa haholo ka ho kopanya lefatše, ho bonahala boholo ho hameloa letanteng. Ho sa tsotellehe boiteko ba sebele bo entsoeng ke batho ba bangata, ke hobane’ng ha bonngoe ba lefatše e ’nile ea tsoela pele e le pharela ho moloko oa batho lekholong la bo21 la lilemo?

Karolo ea karabo re e fumana mantsoeng a e mong oa litona-khōlō tse neng li le teng sebokeng sa APEC. E ile ea re: “Ho na le ntho ena e bitsoang ho ikhantša ka bochaba.” Ruri batho ba bangata ba kene tloara! ka har’a moea oa bochaba. Lichaba le merabe kaofela li susumetsoa ke takatso ea ho ikhethela ’muso. Puso ea sechaba hammoho le moea oa tlhōlisano le meharo li hlahisitse moluba-lube. Maemong a mangata, ha thahasello tsa naha li sa lumellane le lithahasello tsa lefatše, tsa naha ke tsona tse phethahatsoang.

Moea oa bochaba o hlalosoa hantle ke mantsoe a mopesaleme ha a o bitsa ‘lefu la seoa le bakang litsietsi.’ (Pesaleme ea 91:3) O bile joaloka lefu la seoa molokong oa batho, oa baka masisa-pelo a maholohali. Moea oa bochaba hammoho le liphello tsa oona o fehletse batho ba bang lehloeo le bileng teng ka lilemo tse makholo. Kajeno, moea oa bochaba o tsoela pele ho rotelletsa likarohano ’me babusi ba batho ha ba e-s’o atlehe ho li thibela.

Mebuso e mengata ea lemoha hore moea oa bochaba le takatso ea boikhabi ke lisosa tsa mathata a lefatše. Ka mohlala, Mongoli-Kakaretso oa mehleng oa Machaba a Kopaneng U Thant o ile a re: “Mathata a mangata ao re nang le ’ona kajeno a bile teng ka lebaka la, kapa a hlahisitsoe ke maikutlo a bohata . . . ’Ona a akarelletsa moea oa bochaba o tletseng leeme oa ho re ‘ena ke naha ea heso, ebang e nepile kapa e fositse, ke naha ea heso!’” Ho ntse ho le joalo, lichaba tsa kajeno tse tletseng boikhabi, li tsoela pele ho llela ho ba le mebuso ea tsona. Tse se kotsometseng ha li batle ho lahleheloa ke matla ao le hanyenyane feela. Ka mohlala, International Herald Tribune e ile ea bua mantsoe ana ka European Union: “Bora le ho belaellana e lutse e le mekhoa e sa fetoheng ea lipolotiki tsa Europe. Linaha tse ngata tseo e leng litho tsa EU, li ntse li nka e le ho sa amoheleheng hore naha e ’ngoe e lekanang le tsona e fumane matla a fetang a e ’ngoe le ho ba e etellang pele.”

Lentsoe la Molimo, Bibele, le hlalosa ka ho nepahetseng hore na phello ea mebuso eohle ea batho ke efe: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Ka ho arola lefatše ka lichaba ka ho fapana, lihlopha tsa batho esita le batho ka bomong ba ’nile ba bona ha molao-motheo ona oa Bibele o phethahala: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.”—Liproverbia 18:1.

Mōpi oa rōna ea tsebang se molemohali bakeng sa rōna, o ne a sa rera hore batho ba ithehele mebuso le ho ipusa. Ka ho ikhethela mebuso le ho ipusa, batho ha baa natsa morero oa Molimo le ’nete ea hore lintho tsohle ke tsa hae. Pesaleme ea 95:3-5 e re: “Jehova ke Molimo e moholo le Morena e moholo holim’a melimo e meng eohle, eena eo ka letsohong la hae ho nang le botebo bo tlaase-tlaase ba lefatše le eo litlhōrō tsa lithaba e leng tsa hae; eo leoatle, leo a le entseng, e leng la hae le eo matsoho a hae a entseng naha e omileng.” Molimo ke eena ’Musi ea tšoanelehang eo batho bohle ba lokelang ho mo nka e le ’musi oa bona. Ka ho hahamalla mebuso ea tsona, lichaba li hanyetsa thato ea hae.—Pesaleme ea 2:2.

Ho Hlokahala’ng?

Tsela feela ea hore lefatše le be bonngoeng ke hore ho be le ’muso o le mong oa lefatše oo ruri o amehileng ka batho bohle. Batho ba bangata ba nahanang baa elelloa hore sena sea hlokahala. Leha ho le joalo, hangata ba elelloang sena ba ea mekhatlong e fosahetseng. Ka mohlala, batho ba bangata ba ntšitseng maikutlo a bona, ho akarelletsa le baeta-pele ba bolumeli, ba khothalelitse batho ho tšepa Machaba a Kopaneng hore a tla momahanya lefatše. Leha ho le joalo, mekhatlo ea batho, ho sa tsotellehe hore na sepheo sa eona se setle hakae, ha e e-s’o ka e khona ho rarolla mathata a moloko oa batho lefatšeng lohle. Ho e-na le hoo, boholo ba mekhatlo ena e bile feela pontšo ea kamoo lichaba tse ngata li se nang bonngoe kateng.

Bibele e re lemosa tjena mabapi le ho tšepela mekhatlong ea batho bakeng sa tharollo: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Na tšepo ea hore lefatše le tla ke le be bonngoeng e se e felile ka ho feletseng? Le hanyenyane! Tharollo e teng.

Ba bangata ha ba lemohe hore Molimo o se a ntse a hlomme ’muso o ka kopanyang lefatše. Bibele e re ka Jehova Molimo: “Ke hlomamisitse morena oa ka holim’a Sione, thaba ea ka e halalelang. Nkōpe, e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.” (Pesaleme ea 2:6, 8) Hlokomela hore lengolo lena le re Jehova Molimo ke eena ea ‘hlomamisitseng morena oa hae,’ eo a mo bitsang “mora oa ka” temaneng ea 7. Enoa ke Jesu Kreste, Mora oa Molimo oa moea ea hlaheletseng, ea filoeng matla holim’a lichaba tsohle.

Kamoo Lefatše le Tlang ho ba Bonngoeng Kateng

Batho ba bangata ha ba ele hloko puso ena ea leholimo eo Molimo a e hlommeng. Lichaba li leqoophe ho batla tokelo eo li nahanang hore li na le eona ea bobusi. Leha ho le joalo, Molimo a ke ke a mamella ba hanang ho ela hloko bobusi ba hae le ’muso oo a o hlommeng. Mabapi le ba hanang ho amohela tokisetso ena, Pesaleme ea 2:9 e re: “[Mora oa ka, Jesu Kreste] u tla li thumakanya ka lere la borena la tšepe, u tla li pshatla joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.” Hore na lichaba lia hlokomela kapa che, hona joale li lekhatheng la ho ea loana le Molimo. Buka ea ho qetela ea Bibele e re “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a bokelloa “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšenolo 16:14) Lichaba le mekhoa ea tsona e arolang li tla felisoa. Sena se tla hlekela puso ea Molimo sebae e le hore e phethe mosebetsi oa eona e sa sitisoe.

Joaloka ’Musi oa Bokahohle, Jehova Molimo ka Mor’a hae, o tla sebelisa matla ka bohlale e le hore a etse liphetoho tse hlokahalang bakeng sa hore lefatše le be bonngoeng. ’Muso oa Molimo o tla etsa hore ho be le bonngoe ba ’nete ’me o tla hlohonolofatsa barati bohle ba ho loka. Ke hobane’ng ha u sa iphe metsotso e seng mekae ’me u bale Pesaleme ea 72 Bibeleng ea hao? Moo, ho fanoe ka pono ea boprofeta ea seo puso e laoloang ke Mor’a Molimo e tlang ho se etsetsa moloko oa batho. Batho ba tla iphumana ba le bonngoeng ba sebele lefatšeng, ’me mathata ’ohle a bona—khatello, pefo, bofuma le tse ling, li tla be li felile.

Lefatšeng la kajeno le litsekana, batho ba bangata ba nahana hore tšepo e joalo ha e utloahale. Empa e ne e tla be e le phoso ho nahana joalo. Ha ho mohla litšepiso tsa Molimo li kileng tsa hlōleha, ebile li ke ke tsa hlōleha le ka mohla. (Esaia 55:10, 11) Na u ka rata ho bona phetoho ee? Ka sebele, u ka ba teng. Ha e le hantle, ho se ho ntse ho e-na le batho ba itokisetsang bophelo bo joalo. Ba tsoa lichabeng tsohle, empa ho e-na le ho loana, hona joale ba ikokobelletsa bobusi ba Molimo ba le bonngoeng. (Esaia 2:2-4) Ke bo-mang? Ba tsejoa e le Lipaki Tsa Jehova. Ke hobane’ng ha u sa amohele memo ea bona ea ho etela libakeng tseo ba kopanang ho tsona? Re tšepa hore u tla thabela botsoalle bo khathollang le batho ba ka u thusang ho ikokobelletsa bobusi ba Molimo u be u thabele bonngoe bo ke keng ba fela le ka mohla.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Batho ba tsoang lichabeng tsohle ba lokisetsa bophelo lefatšeng le bonngoeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Saeed Khan/AFP/Getty Images

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

Woman grieving: Igor Dutina/AFP/Getty Images; protesters: Said Khatib/AFP/Getty Images; tanks: Joseph Barrak/AFP/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela