Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:
• Jesu o tla “lopolla ea futsanehileng” joang, joalokaha Pesaleme ea 72:12 e boletse esale pele?
Pusong ea hae, batho bohle ba tla sebeletsoa ka toka, bobolu bo ke ke ba e-ba teng. Hangata ntoa e tlisa bofuma, empa Kreste o tla tlisa khotso e phethahetseng. O qenehela batho ’me o tla momahanya bohle, ’me o tla tiisa hore moloko oa batho o ba le lijo tse ngata. (Pesaleme ea 72:4-16)—5/1, leqepheng la 7.
• Re ka bontša “ho bua ka bolokolohi” joaloka Bakreste joang? (1 Timothea 3:13; Filemone 8; Baheberu 4:16)
Sena re ka se etsa ka ho bolella ba bang litaba tse molemo ka cheseho le ka sebete, ka ho ruta le ka ho fana ka keletso kapele le ka mokhoa o atlehang le ka ho ntša se ka lipelong tsa rōna ha re rapela Molimo, re kholisehile hore o tla re utloa ’me a re arabe.—5/15, leqepheng la 14-16.
• Ke hobane’ng ha Molaong oa Moshe ho ne ho nkoa hore tšebetso e itseng ea tlhaho ea litho tsa botona le botšehali e ne e etsa hore motho e be “ea sa hloekang”?
Melao e mabapi le ho se hloeke e neng e etsa hore motho a silafale ka mor’a ho tsoa ha peō ea monna, ho ilela khoeli le ho beleha, e ne e khothalletsa bohloeki litabeng tsa ho kopanela liphate hape e khothalletsa mokhoa o motle oa bophelo, e totobatsa hore mali aa halalela le hore batho ba hloka pheko ea libe.—6/1, leqepheng la 31.
• Haeba motho a batla ho thaba, ke hobane’ng ha ho le molemo hore a bale buka ea Lipesaleme?
Baqapi ba Lipesaleme ba ne ba tseba hore thabo e tlisoa ke ho ba le kamano e ntle le Molimo. (Pesaleme ea 112:1) Ba ile ba totobatsa hore ha ho kamano pakeng tsa batho, ha ho matlotlo le lintho tse finyelloang tse ka etsang hore batho ba thabe joaloka ho ba e mong oa “batho bao Molimo oa bona e leng Jehova.” (Pesaleme ea 144:15)—6/15, leqepheng la 12.
• Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba e-na le kamano efe e khethehileng le Jehova?
Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a kenya Baiseraele kamanong e ncha ea selekane le eena. (Exoda 19:5, 6; 24:7) Ka mor’a moo, Baiseraele ba ile ba tsoaloa e le litho tsa sechaba se khethiloeng sa Molimo se inehetseng ho eena. Leha ho le joalo, motho ka mong o ne a lokela ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Molimo.—7/1, leqepheng la 21-2.
• Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa lintho tsohle ‘re sa korotle’? (Bafilipi 2:14)
Mehlala e mengata e ka Bibeleng e bontša hore ho korotla ho ile ha lematsa batho ba Molimo. Re lokela ho nahana ka matla ka tšusumetso e senyang eo ho ka bang le eona kajeno. Batho ba sa phethahalang ba rata ho belaela, ’me re lokela ho ba hlokolosi ho bona haeba re e-na le matšoao a ho belaela ebe rea a qoba.—7/15, leqepheng la 16-17.
• Re tseba joang hore bohlale bo hlalositsoeng ho Liproverbia 8:22-31 hase bohlale bo inahaneloang?
Bohlale boo bo ile ba ‘hlahisoa,’ kapa ba bōptjoa, e le qalo ea tsela ea Jehova. Esale Molimo a le teng ebile a le bohlale, bohlale ba hae ha boa bōptjoa. Bohlale bo ho Liproverbia 8:22-31 bo ne bo le mabapa le Molimo e le “mosebetsi ea hloahloa,” ’me mantsoe ana a lebisitsoe ho sebōpuoa sa moea seo e ileng ea e-ba Jesu le se ileng sa sebetsa mabapa le Molimo ha ho ne ho bōptjoa. (Bakolose 1:17; Tšenolo 3:14)—8/1, leqepheng la 31.