Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
GORDON, ea bileng lenyalong ka lilemo tse ka bang 60, o re: “Letsatsi la ka la lechato e ne e le le leng la matsatsi a bohlokoa le a thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka.” Ke eng se etsang hore letsatsi la lechato e be la bohlokoa hakaale ho Bakreste ba ’nete? Ke hobane ke letsatsi leo ka lona ba etsang kano ho batho bao ba ba ratang haholo—e leng balekane ba bona le Jehova Molimo. (Matheu 22:37; Baefese 5:22-29) Ka sebele, batho ba rerang ho nyalana ba batla hore ba thabe letsatsing la bona la lechato, empa hape ba batla ho hlompha Moqapi oa lenyalo.—Genese 2:18-24; Matheu 19:5, 6.
Monyali a ka eketsa seriti joang ketsahalong ee e thabisang? Monyaluoa a ka etsa’ng ho bontša tlhompho ho monna oa hae le ho Jehova? Ba bang ba tlang lechatong ba ka eketsa thabo joang letsatsing lee la lechato? Ho hlahloba melao-motheo e meng ea Bibele ho tla re thusa ho araba lipotso tseo, ’me ho sebelisa melao-motheo eo, ho tla fokotsa mathata a ka tlosang ketsahalo ena ea bohlokoa seriti.
Ke Mang ea Jarang Boikarabelo?
Linaheng tse ngata, mosebeletsi oa Lipaki Tsa Jehova a ka ’na a tsamaisa tšebeletso ea lenyalo ka molao. Esita le libakeng tseo lenyalo le tiisoang ka molao ke moemeli oa ’muso, banyalani ba ka ’na ba rata hore ba fuoe puo e thehiloeng Bibeleng. Puong eo, ka tloaelo monyali o kōptjoa hore a ke a nahanisise ka boemo boo a bo filoeng ke Molimo ba ho ba hlooho ea lelapa. (1 Bakorinthe 11:3) Ka lebaka leo, monyali o jara boikarabelo bo ka sehloohong mabapi le se etsahalang lechatong. Ha ho pelaelo hore litokisetso tsa tšebeletso ea lenyalo ka boeona le tsa ’moka leha e le ofe o ka bang teng ka mor’a moo, hangata li etsoa nako e telele esale pele. Ke hobane’ng ha monyali a ka ’na a thatafalloa ke ho etsa litokisetso tsee?
Lebaka le leng ke hore ba habo monyaluoa kapa ba habo monyali ba ka ’na ba leka ho ba le tšusumetso e matla ha ho etsoa litokisetso tsa lechato. Rodolfo, ea tiisitseng manyalo a mangata, o re: “Ka linako tse ling monyali o ba tlas’a khatello e matla ea beng ka eena, haholo-holo haeba e le bona ba lefellang litšenyehelo tsa mokete oa lenyalo. Ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a matla mabapi le hore na ho etsoe eng tšebeletsong ea lechato le moketeng oa lenyalo. Sena se ka ’na sa beha ka mosing boemo ba monyali ba Mangolo ba hore ke eena ea jarang boikarabelo ketsahalong eo.”
Max, ea tiisitseng manyalo ka lilemo tse fetang 35, o re: “Ke hlokometse tloaelo e teng ea hore monyaluoa e ba eena ea li hulang pele ha ho etsoa qeto ka se tla etsahala lechatong le moketeng oa lenyalo, ’me monyali eena ha aa bue hakaalo.” David, eo le eena a tiisitseng manyalo a mangata, oa hlalosa: “Mohlomong banyali ha baa tloaela ho etella pele ’me hangata ha ba kopanele litokisetsong tsa lenyalo ka mokhoa o tšoanetseng.” Monyali a ka jara boikarabelo ba hae ka katleho joang?
Puisano e Eketsa Thabo
Hore monyali a atlehe ho phetha boikarabelo ba hae ha a lokisetsa lechato, o lokela ho bua ka tsela e atlehang. Ka ho toba Bibele e re: ‘Merero ea senyeha moo ho se nang puo ea lekunutu.’ (Liproverbia 15:22) Leha ho le joalo, pherekano e khōlō e ka qojoa haeba monyali a ka qala ho buisana ka litokisetso tsa lechato le monyaluoa, litho tsa lelapa le ba bang ba ka fanang ka keletso e molemo e thehiloeng Bibeleng.
Ka sebele, ke habohlokoa hore batho ba lebeletsaneng ba buisane pele ka bobona ka litokisetso tsa lechato le ka lintho tse ka ’nang tsa etsoa. Hobane’ng? Ka mohlala, ak’u utloe se boleloang ke Ivan le mosali oa hae, Delwyn, ba bileng lenyalong le nang le thabo ka lilemo tse ngata empa litso tsa bona li ne li sa tšoane. Ha Ivan a hopola litokisetso tsa bona tsa lechato, o re: “Ke ne ke tseba hantle seo ke neng ke batla hore se etsahale lechatong la ka, ho akarelletsa le mokete oa lenyalo oo ho oona ho neng ho tla ba le metsoalle eohle ea ka, ho be le kuku ea lenyalo ’me monyaluoa oa ka a apere mose o mosoeu oa lenyalo. Ka lehlakoreng le leng, Delwyn eena o ne a batla lechato le lenyenyane, le itekanetseng, leo ho bileng ho se nang kuku ea lenyalo. O ne a bile a nahana ho ikaparela mose o tloaelehileng ho e-na le ho apara mose o mosoeu oa lenyalo.”
Joale ba ile ba lokisa ho fapana ka maikutlo hoo joang? Ka hore ba buisane ka mosa le ka botšepehi. (Liproverbia 12:18) Ivan o phaella ka ho re: “Re ile ra ithuta lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka machato, tse kang tse hatisitsoeng Molula-Qhooeng oa October 15, 1984.a Boitsebiso bona bo ile ba re thusa ho talima ketsahalo eo ka tsela eo Molimo a e talimang ka eona. Ka lebaka la ho fapana ha rōna ka litso, re ile ra lokela ho sekisetsa likarolong tse ’maloa tsa lintho tseo re neng re li rata. Ka bobeli re ile ra fetola boikutlo ba rōna.”
Aret le Penny le bona ba ile ba etsa se tšoanang. Ha Aret a bua ka letsatsi la bona la lechato, o re: “’Na le Penny re ile ra buisana ka lintho tseo re li ratang tseo re neng re fapana ka maikutlo ho tsona mabapi le lechato, ’me re ile ra khona ho lumellana. Re ile ra rapela Jehova hore a hlohonolofatse letsatsi leo. Ke ile ka boela ka batla keletso ho batsoali ba rōna le ho banyalani ba bang ba hōlileng tsebong ka phuthehong. Litlhahiso tsa bona li ile tsa re thusa haholo. Ka lebaka leo, lechato la rōna le ile la atleha.”
Ho Boloka Seriti ka Moaparo le Boitlhopho
Ke ntho e utloahalang hore monyali le monyaluoa ba batle ho apara hantle lechatong la bona. (Pesaleme ea 45:8-15) Ba ka ’na ba qeta nako, boiteko le chelete ba batla liaparo tse loketseng. Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka ba thusang ho khetha liaparo tse nang le seriti le tse bohehang?
Nahana ka seo monyaluoa a se aparang ketsahalong eo. Le hoja litaele li fapana ho ea ka batho le ho ea ka linaha, keletso ea Bibele e sebetsa hohle. Basali ba lokela ho “ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” Keletso eo e sebetsa ho basali ba Bakreste ka linako tsohle, ’me ka sebele e sebetsa le letsatsing la lechato. ’Nete ke hore ha ho hlokahale “liaparo tsa theko e boima haholo” hore lechato e be le thabisang. (1 Timothea 2:9; 1 Petrose 3:3, 4) Ha keletso ena e sebelisoa, ho ba le khotsofalo e khōlō!
David, ea boletsoeng pejana, o re: “Banyalani ba bangata ba leka ho latela melao-motheo ea Bibele, ’me ba lokela ho babatsoa. Leha ho le joalo, ho bile le liketsahalo tseo ho tsona mese ea banyaluoa le baetsana e neng e sa bontše boitlhompho, e bulehile haholo sefubeng kapa e bonaletsa.” Ha moholo e mong oa Mokreste ea hōlileng tsebong a kopana le monyali le monyaluoa esale pele, o ba thusa hore ba talime litaba ka tsela ea moea. Joang? Ka ho ba botsa hore na liaparo tseo ba rerang ho li apara e tla ba tse hlomphehang hoo ba ka li aparang ha ba ea sebokeng sa Bokreste. Ke ’nete hore setaele sa liaparo tseo se ka ’na sa fapana le liaparo tse tloaelehileng tsa ho ea libokeng le hore seaparo sa lechato se ka ’na sa bontša moetlo oa sebakeng se itseng, empa tekanyetso ea boitlhompho e lokela ho lumellana le litekanyetso tse hlomphehang tsa Bokreste. Esita le haeba ba bang lefatšeng ba ka nka hore melao ea Bibele ea boitšoaro e thata ho tlōla, Bakreste ba ’nete ba khotsofalla ho hanela boiteko boo lefatše le bo etsang ba ho ba hatella hore ba tšoane le lona.—Baroma 12:2; 1 Petrose 4:4.
Penny o re: “Ho e-na le ho talima liaparo kapa mokete oa lenyalo e le tsona lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa, ’na le Aret re ile ra tsepamisa maikutlo tšebeletsong ea ho tiisa lenyalo, e leng karolo ea moea ea ketsahalo eo. E ne e le eona karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa letsatsing leo. Lintho tse khethehileng tseo ke li hopolang hase liaparo tseo ke neng ke li apere kapa lijo tseo ke neng ke li ja, empa ke hopola batho bao ke ileng ka qeta letsatsi leo ke e-na le bona le thabo eo ke ileng ka ba le eona ha ke ne ke nyalana le monna eo ke mo ratang.” Bakreste ba rerang ho nyalana ba lokela ho hopola lintho tse joalo ha ba ntse ba lokisetsa lechato.
Holo ea ’Muso ke Sebaka se Hlomphehang
Bakreste ba bangata ba rerang ho nyalana ba rata hore ba tšoarele lechato la bona Holong ea ’Muso, haeba e le teng. Ke hobane’ng ha ba khetha ho etsa joalo? Ba bang ba ile ba hlalosa mabaka a bona tjena: “Re ile ra hlokomela hore lenyalo ke tokisetso e halalelang ea Jehova. Hore re nyalane Holong ea ’Muso, e leng sebaka sa rōna sa borapeli, ho ile ha hatisa ka ho rōna hore ho ne ho hlokahala hore Jehova e be karolo ea lenyalo la rōna li sa tloha feela. Lebaka le leng la ho tšoarela tšebeletso eo Holong ea ’Muso ho e-na le ho e tšoarela sebakeng se seng, ke hore sena se ile sa bontša beng ka rōna ba sa lumelang ba neng ba tlile lechatong kamoo borapeli ba Jehova bo leng bohlokoa kateng ho rōna.”
Haeba baholo ba phutheho ba ikarabellang bakeng sa Holo ea ’Muso ba lumella hore lechato le tšoareloe moo, banyalani ba lokela ho ba tsebisa esale pele ka litokisetso tseo ba li nahanneng. Tsela e ’ngoe eo monyali le monyaluoa ba ka bontšang ka eona hore ba hlompha ba memetsoeng lechatong ke hore ba ikemisetse ka tieo ho fihla ka nako e behiloeng bakeng sa lechato. Hape, ruri ba tla batla ho etsa bonnete ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoa ka mokhoa o hlomphehang.b (1 Bakorinthe 14:40) Kahoo ba tla qoba mekhoa e sa lokelang e bontšoang machatong a mangata a lefatše.—1 Johanne 2:15, 16.
Batho ba tlang lechatong le bona ba ka bontša hore ba talima lenyalo ka tsela eo Jehova a le talimang ka eona. Ka mohlala, ba ke ke ba lebella hore lechato le itseng le fete machato a mang a Bakreste, joalokaha eka ho na le tlhōlisano ea hore na ke lechato la mang le neng le le majabajaba ho feta a mang. Hape, Bakreste ba hōlileng tsebong baa hlokomela hore ho ea Holong ea ’Muso bakeng sa puo e thehiloeng Bibeleng ho bohlokoa ebile ho molemo ho feta ho ea moketeng oa lenyalo kapa ’mokeng o ka ’nang oa latela. Haeba nako kapa maemo a ka lumella Mokreste hore a be teng karolong e le ’ngoe feela ho tseo tse peli, ruri ho ka ba molemo hore a ee Holong ea ’Muso. Moholo ea bitsoang William o re: “Haeba baeti ba sa ee Holong ea ’Muso ka mabaka a sa utloahaleng empa hamorao ba e-ba teng moketeng oa lenyalo, sena se bontša hore ha ba ananele khalalelo ea ketsahalo eo. Esita le haeba re sa memeloa ho ea moketeng oa lijo, re ka bontša hore re tšehetsa monyali le monyaluoa ’me ra fana ka bopaki bo botle ho beng ka bona ba sa lumelang ba tlileng lechatong ka hore re be teng tšebeletsong e tšoaretsoeng Holong ea ’Muso.”
Thabo e Tsoelang Pele le ka Mor’a Letsatsi la Lechato
Bahoebi ba fetotse mokete oa lechato hore e be indasteri e khōlō. Ho ea ka tlaleho e ’ngoe ea morao tjena, lechato le tloaelehileng United States le “ja R145 000, kapa halofo ea chelete eo lelapa le tloaelehileng la Amerika le e fumanang ka [selemo].” Ka lebaka la ho susumetsoa ke liphatlalatso tsa khoebo, banyalani ba bangata ba bacha kapa malapa abo bona ba kena sekolotong se seholo sa letsatsi leo le le leng feela, seo ba lokelang ho se lefa ka nako e telele. Na eo ke tsela e bohlale ea ho qalisa lenyalo? Ba sa tsebeng melao-motheo ea Bibele kapa ba sa e tsotelleng ba ka ’na ba khetha mokhoa oo oa ho feteletsa lintho, empa Bakreste ba ’nete ba fapane hakaakang!
Ka hore ba lekanyetse boholo ba lechato la bona hore le be boemong bo itekanetseng le boo ba ka bo khonang le ka hore ba tsepamise maikutlo karolong ea moea ea ketsahalo eo, banyalani ba bangata ba Bakreste ba khonne ho sebelisa nako ea bona le matlotlo tumellanong le boinehelo ba bona ho Molimo. (Matheu 6:33) Ak’u nahane ka mohlala oa Lloyd le Alexandra, ba ’nileng ba tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng ka lilemo tse 17 ka mor’a hore ba nyalane. Lloyd o re: “Ba bang ba ne ba ka ’na ba nka hore lenyalo la rōna e ne e le la boemo bo tlaase, empa ’na le Alexandra re ne re thabile haholo. Re ne re nahana hore letsatsi la rōna la lechato ha lea lokela ho re tlisetsa moroalo oa chelete, empa e lokela e be ho keteka tokisetso ea Jehova e tlisetsang batho ba babeli thabo e khōlō.”
Alexandra o phaella ka ho re: “Pele re nyalana ke ne ke le tšebeletsong ea bopula-maliboho, ’me ke ne ke sa batle ho tlohela tokelo ena e le hore feela ke be le lechato le majabajaba. Letsatsi la rōna la lechato le ne le le bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, e ne e mpa feela e le letsatsi leo ka lona re qalang ho lula ’moho bophelo bohle ba rōna. Re ile ra sebelisa keletso ea hore re qobe ho nahanisisa haholo ka ketso ea ho nyalana ’me ra batla tataiso ea Jehova bakeng sa ha re se re nyalane. Ka sebele sena se re tliselitse tlhohonolofatso ea Jehova.”c
Ka sebele letsatsi la hao la lechato ke ketsahalo e khethehileng. Mekhoa le liketso tse bonahalang letsatsing leo e ka ba mohlala oa hore na bophelo ba hao ba lenyalo bo tla ba joang lilemong tse ngata tse tlang. Ka hona, tšepa Jehova hore a u tataise. (Liproverbia 3:5, 6) Nahana haholo-holo kamoo letsatsi leo le leng bohlokoa kateng moeeng. Tšehetsanang likarolong tseo Molimo a le abetseng tsona. Kahoo u ka rala motheo o tiileng bakeng sa lenyalo la hao, ’me ka tlhohonolofatso ea Jehova, u tla ba le thabo e tsoelang pele esita le ka mor’a letsatsi la hao la lechato.—Liproverbia 18:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bo eketsehileng bo ile ba hlaha Tsoheng! ea February 8, 2002, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Haeba batho ba rerang ho nyalana ba lokisetsa hore ho be le motho ea nkang lifoto kapa ea rekotang tšebeletso eo ea lenyalo Holong ea ’Muso, ba lokela hore esale pele ba etse bonnete ba hore ha ho letho le etsahalang moo le tla tlosa lechato leo seriti.
c Sheba buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa leqepheng la 26, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Batho ba rerang ho nyalana ba lokela ho buisana ka bolokolohi empa e le ka tlhompho ha ba lokisetsa lechato
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Nahana haholo-holo kamoo letsatsi la hao la lechato le leng bohlokoa kateng moeeng