Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Etsa se Nepahetseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Etsa se Nepahetseng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mohlala o Motle oa Pauluse
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Botšepehi bo Tataisa ba Lokileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lumella Molimo Hore a U Tataisetse ‘Bophelong ba Sebele’
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 leq. 3

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Etsa se Nepahetseng?

MONNA e mong ea rutehileng o kile a re: “Matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo. Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.” Ke hobane’ng ha monna eo a ne a thatafalloa ke ho etsa molemo oo a neng a lakatsa ho o etsa? O ile a hlalosa tjena: “Ke fumana molao ona tabeng ea ka: hore ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.”—Baroma 7:18, 19, 21-23.

Mantsoe ana a moapostola Pauluse a tlalehiloeng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, a hlalosa lebaka leo ka lona batho ba sa phethahalang ba thatafalloang ke ho etsa se nepahetseng. Ho hlokahala hore motho a be le boitšoaro e le hore a khomarele melao-motheo e lokileng, haholo ha a le maemong a lekang. Kahoo re lokela ho ipotsa, Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la ho etsa se nepahetseng ke lefe?

Nahana ka seo Mangolo a se bolelang mabapi le bokamoso ba motho ea nang le boitšoaro bo botle. Ho Pesaleme ea 37:37, 38, re bala sena: “Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng, etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso. Empa ka sebele batlōli ba tla felisoa hammoho; bokamoso ba batho ba khopo bo tla felisoa.” Liproverbia 2:21, 22 e re bolella tjena: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”

Le hoja litšepiso tsena le tse ling tse fumanoang ka Bibeleng li re fa lebaka la hore re phehelle tsela e khahlisang Molimo, hase tsona lebaka le ka sehloohong le etsang hore re phehelle tsela eo. Lebaka leo re phehellang tsela e khahlisang Molimo ka lona le amana le tseko e amang ka ho toba libōpuoa tsohle tse bohlale. Sehloohong se latelang ho tšohloa hore na tseko eo ke efe le kamoo e re amang kateng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela