Bohloko bo Tebileng le bo sa Feleng
HAUFINYANE tjena, mofuputsi e mong o ne a batla ho tseba hore na ha nako e ntse e feta, e ama joang maikutlo a batho ba saretsoeng ka lebaka la ho shoeloa ke barutuoa ba bona. O ile a romela lethathamo la lipotso ho batsoali ba bangata ba neng ba shoetsoe ke bana lilemong tse ’maloa pele ho moo. Hase batsoali bohle ba ileng ba araba lipotso tseo. Ntate e mong ea bitsoang Vladimir, ea neng a shoetsoe ke mora lilemo tse hlano pele ho moo, o ile a hlalosa hore o ntse a thatafalloa haholo ho bua ka mora eo oa hae.a
Ho tloaelehile hore batsoali ba shoetsoeng ba utloe bohloko joalo ka nako e telele. William, ea shoetsoeng ke mor’a ea neng a e-na le lilemo tse 18, ea ileng a khangoa ke metsi lilemong tse leshome tse fetileng, oa ngola: “Lefu leo le ntse le nkutloisa bohloko, ’me ke tla lula ke utloa bohloko hafeela ke ntse ke phela.” Lilemo tse hlano ka mor’a hore Lucy a hlokahalloe ke mora ea neng a kutse ka tšohanyetso, o ile a ngola: “Matsatsing a ’maloa a ho qala, ke ile ka lula ke ntse ke re, ‘Ho hang hase ’nete.’ E ne eka kea lora ’me ke tla tloha ke tsoha borokong. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka qala ho hlokomela hore ke ’nete, hore o ne a ke ke a hlola a khutlela lapeng. Mor’a ka o hlokahetse lilemong tse hlano tse fetileng, empa ka linako tse ling ha ke le mong, ke sa ntse ke mo llela.”
Ke hobane’ng ha batsoali ba kang Vladimir, William le Lucy, ba utloa bohloko bo tebileng hakaale le bo sa feleng? A re ke re hlahlobeng mabaka a mang.
Ke Hobane’ng ha ho E-na le Mesarelo e Mekaale?
Ha lesea le hlaha ka lapeng, batsoali ba thaba ka tsela eo ho seng e ka bapisoang le eona. Batsoali ba thaba haholo ebile baa khotsofala ha ba tšoere leseanyana leo, ba le shebile le robetse, kapa ba bona le bososela. Batsoali ba lerato ba rata bana ba bona haholo. Baa ba koetlisa hore ba itšoare hantle le hore ba be le mekhoa e metle. (1 Bathesalonika 2:7, 11) Ha bana ba ntse ba atleha ka lebaka la boiteko bona, batsoali ba ba motlotlo, ba bile ba qalella ho lebella likhōlō ka bana ba bona.
Batsoali ba tsotellang ba sebetsa ka thata hore ba hlokomele bana ba bona. Kamehla ba ka ’na ba boloka chelete kapa thepa e itseng e le hore ba tle ba tsebe ho thusa bana ba bona ho qalisa malapa a bona. (2 Bakorinthe 12:14) Boikitlaetso bona bo boholo bo etsoang ka maikutlo, nako, boiteko le chelete bo hlakisa taba e le ’ngoe, ea hore batsoali ba hōlisa bana ba bona hore ba phele, eseng hore ba shoe. Ha ngoana a e-shoa, mosebetsi oa ho mo hōlisa ha o fihle qetellong, ’me tšepo eo batsoali ba nang le eona ka eena ea fela. Lerato le mofuthu le kameho ea batsoali ho ngoana lia emisa, ka lebaka la tšitiso ea lefu e bonahalang eka e ke ke ea tlosoa. Sebaka seo mora kapa morali oa bona a kileng a ba le sona lipelong tsa bona, joale ha se sa na letho. Batsoali ba utloa bohloko bo tebileng boo ho seng bonolo hore bo nyamele.
Bibele e tiisa hore batsoali ba shoetsoeng ba utloa bohloko bo boholo le bo tsoelang pele. Ha Bibele e hlalosa se ileng sa etsahala ha mopatriareka Jakobo a utloa hore mor’a hae Josefa o shoele, e re: “Jakobo a hahola liaparo tsa hae tsa ka holimo ’me a tlama lesela la mokotla thekeng eaba o tsoela pele ho siamela mora oa hae ka matsatsi a mangata. Bara bohle ba hae le barali bohle ba hae ba ’na ba ema ho mo tšelisa, empa a ’na a hana ho tšeliseha a re: ‘Etsoe ke tla theohela ho mora oa ka Sheole [kapa, lebitleng] ke siame!’” Lilemo hamorao, Jakobo o ne a ntse a llela mor’a hae, eo a neng a nka hore o shoele. (Genese 37:34, 35; 42:36-38) Mohlala o mong oa Bibele ke oa mosali ea tšepahalang ea bitsoang Naomi ea ileng a shoeloa ke bara ba babeli. Kaha o ne a utloile bohloko haholo, o ne a batla ho fetola lebitso la hae hore e se ke ea e-ba Naomi, e bolelang “Thabo ea ka,” empa e be Mara, e bolelang “Bohloko.”—Ruthe 1:3-5, 20, 21.
Leha ho le joalo, Bibele ha e lumele feela hore batsoali baa sareloa, empa e boetse e bontša kamoo Jehova a matlafatsang ba saretsoeng. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba litsela tse ling tseo ka tsona Molimo a tšelisang ba llang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.