Tsela ea ho Ruta Ngoana oa Hao ho Rata Molimo ho Tsoa Pelong
KAJENO ke phephetso e khōlō hore motho a hlaolele kamano e haufi le Jehova Molimo. (Pesaleme ea 16:8) Joalokaha ho profetiloe, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Batho ba bangata ke “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-5) Ka sebele lefatšeng la kajeno ho thata ho fumana batho ba bontšang lerato la sebele ho Molimo.
Ha ho iketsahalle ka mohlolo hore ngoana a ithute ho rata Molimo ho tsoa pelong. Re lokela ho ruta bana ba rōna hore ba rate Jehova Molimo ho tsoa pelong. Re ka etsa see joang?
Ho Phetlelana Lifuba
Re ka ruta bana ba rōna ho rata Molimo ho tsoa pelong haeba rōna re mo rata ho tsoa pelong. (Luka 6:40) Bibele e bontša seo ha e re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle. Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.”—Deuteronoma 6:4-7.
Re ka ruta bana ba rōna joang hore ba rate Molimo ho tsoa pelong? Ntlha ea pele, re lokela ho tseba se ka lipelong tsa bana ba rōna. Ntlha ea bobeli, re tlameha ho ba tsebisa se ka lipelong tsa rōna.
Ha Jesu Kreste a ne a le tseleng e eang Emmause a e-na le barutuoa ba hae ba babeli, ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke ho ba khothalletsa hore ba bolele seo ba neng ba se lebeletse le seo ba neng ba amehile ka sona. E bile feela ka mor’a ho ba mamela ka nakoana Jesu a ileng a ba thusa ho nahana ka tsela e nepahetseng ka ho hlalosa Mangolo. Hamorao ba ile ba re: “Na lipelo tsa rōna li ne li sa chese ha a ntse a bua le rōna?” Puisano eo e ne e le mohlala oa ho phetlelana lifuba. (Luka 24:15-32) Re ka lemoha joang hore na bana ba rōna ba ikutloa joang?
Morao tjena, batsoali ba bang bao hona joale bana ba bona e seng e le batho ba baholo kapa ba atamela boemong ba ho ba batho ba baholo ’me ba beha mohlala o motle ka phuthehong, ba ile ba botsoa lipotso tse itseng mabapi le ho phetlelana lifuba. Ka mohlala, Glen oa Mexico o na le bana ba bane ba seng ba hōlile.a O re: “Ha ho iketsahalle ka mohlolo hore batsoali le bana ba phetlelane lifuba. ’Na le mosali oa ka re ile ra tlohela hanyenyane lintho tseo e seng tsa bohlokoa e le hore re qete nako e eketsehileng le bana ba rōna. Ha e sa le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ka linako tse ling re ne re lula le bona mantsiboea ’ohle, re buisana le bona ka ntho leha e le efe eo ba neng ba batla ho qoqa ka eona. Ka ho tšoanang, ka ho ba mamela ha ba bua, re ne re lemoha mathata a bona ’me ka mosa re ba thusa ho tlohela mekhoa e itseng, hangata ba sa hlokomele seo re se etsang.”
Ho phetlelana lifuba ho boetse ho akarelletsa ho bolela se ka lipelong tsa rōna. Jesu o ile a re: “Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, . . . etsoe molomo oa hae o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Toshiki, eo bana ba hae e leng basebeletsi ba nako e tletseng Japane, o re: “Ke ile ka ba bolella ka makhetlo a mangata hore na ho tlile joang hore ke be le tumelo ho Jehova—hore ke lumele ka pelo eohle ea ka hore o teng le kamoo phihlelo ea ka bophelong e nkholisitseng kateng hore Bibele ke ea ’nete le hore e fana ka tataiso e molemohali bophelong.” Cindy oa Mexico o re: “Monna oa ka o ne a rapela le bana ba rōna ka linako tsohle. Ha ba mo utloa a rapela ho tsoa pelong, ba ne ba lemoha hore Jehova hase motho ea inahaneloang feela.”
Mohlala oa Rōna o na le Matla
Liketso tsa rōna li bua ho feta lipolelo, kaha li bontša bana ba rōna hore na re rata Molimo hakae. Ha batho ba hlokomela kamoo Jesu Kreste a neng a mamela Jehova kateng, ba ne ba lemoha kamoo a ratang Molimo ka botebo kateng. Jesu o ile a re: “E le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, esita le joalokaha Ntate a mphile taelo hore ke etse, ke etsa joalo.”—Johanne 14:31.
Paki e ’ngoe ea Jehova ea Wales e bitsoang Gareth e re: “Bana ba rōna ba lokela ho bona hore re rata Jehova le hore re leka ho etsa lintho tse mo khahlisang. Ka mohlala, bana ba ka baa bona hore ho mamela seo Molimo a re bolellang sona ho ntšusumelletsa hore ke lumele liphoso tsa ka. Joale bana ba ka ba leka ho etsa se tšoanang.”
Moaustralia e mong ea bitsoang Greg o re: “Re ne re batla hore bana ba rōna ba bone hore ntho e khōlō bophelong ba rōna ke ’nete. Ha re etsa liqeto tse mabapi le mosebetsi kapa boikhathollo, re qala ka ho hlahloba hore na li tla ama boikarabelo ba rōna ba Bokreste joang. Hoa re thabisa ho bona hore morali oa rōna ea lilemo li 19 o se a e-na le boikutlo bo tšoanang tšebeletsong ea hae ea bopula-maliboho bo thusang.”
Ho Thusa Bana ba Rōna ho Tseba Molimo
Re ke ke ra rata kapa ra tšepa motho eo re sa mo tsebeng. Kaha moapostola Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Filipi ba rate Jehova haholoanyane, o ile a ba ngolla mantsoe ana: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” (Bafilipi 1:9) Falconerio oa Peru ea hōlisang bana ba bane, o re: “Ho bala le ho ithuta Bibele le bona kamehla ho matlafatsa tumelo ea bona. Ka linako tse ling ke ne ke sa ithute le bona, eaba kea bona hore lerato la bona ho Molimo lea tapa.” Gary oa Australia o re: “Ke atisa ho bontša bana ba ka bopaki ba hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Ke boetse ke ba bontša melemo ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ho ithuta Bibele kamehla re le lelapa ke ntho e ka sehloohong e matlafalitseng tumelo ea bona.”
Tsebo e tla fihla pelong ea ngoana hamolemo ha le buisana ka tlhompho empa le phutholohile, e leng se tla etsa hore a thabele ho ithuta. (Jakobo 3:18) Shawn le Pauline ba Brithani ba nang le bana ba bane ba re: “Nakong ea thuto ea lelapa ea Bibele, re ne re leka hore re se ke ra omanya bana ba rōna, esita le haeba ba le morusunyana. Re ne re feto-fetola litsela tsa ho ba khannela thuto. Ka linako tse ling re ne re kōpa bana ba rōna hore ba khethe sehlooho se ithutoang. Re ne re sebelisa livideo tse hatisitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka linako tse ling re ne re bapala karolo e itseng ea video hape kapa re e emisa e le hore re ka buisana ka eona.” ’Mè e mong oa Brithani ea bitsoang Kim o re: “Ke lokisetsa thuto ea lelapa ka hloko e le hore nka botsa bana ba ka lipotso tse tla etsa hore ba nahane. Re thabela ho ithuta. Re lula re tšeha.”
Ho Khetha Metsoalle
Ho ka ba bonolo hore bana ba rōna ba rate Jehova ’me ba ananele borapeli ba ’nete ha ba le har’a metsoalle ea Molimo. Ho ka ’na ha hlokahala hore re etse boiteko bo itseng e le hore re lokisetse hore bana ba rōna ba be le metsoalle eo ba ka ruang molemo ha ba qoqa le ha ba bapala le eona. Leha ho le joalo, re ke ke ra ikoahlaela ho etsa joalo! Ho feta moo, ke habohlokoa hore re bulele bana ba rōna menyetla ea ho tsebana le Lipaki Tsa Jehova tse kenetseng tšebeletso ea nako e tletseng. Ba bangata ba khethileng tšebeletso eo ba entse joalo ka lebaka la ho ikamahanya le bahlanka ba Molimo ba chesehang. Morali e mong oabo rōna eo e ileng ea e-ba moromuoa o re: “Batsoali ba ka ba ne ba atisa ho memela bo-pula-maliboho lijong. Ho ne ho hlakile hore ba ne ba thabela tšebeletso ea bona hoo ke ileng ka batla ho sebeletsa Molimo ka tsela e tšoanang.”
Ke ’nete hore boikutlo ba bana ba rōna bo ka susumetsoa hamolemo kapa hampe. Ka hona, likotsi tse bakoang ke ho ba le litloaelano tse mpe li phephetsa tsebo ea rōna ea ho hōlisa bana. (1 Bakorinthe 15:33) Ho hlokahala tsebo hore re rute bana ba rōna ho qoba ho tloaelana le ba sa rateng Jehova le ba sa mo tsebeng. (Liproverbia 13:20) Shawn ea qotsitsoeng ka holimo o re: “Re ne re ruta bana ba rōna ho sebelisana le bana ba sekolo ka mosa empa litšebelisano tseo li felle sekolong. Bana ba rōna ba ne ba utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa lokela ho kenela mesebetsi e meng e etsoang ha sekolo se tsoile kapa lipapali tsa sekolo.”
Koetliso ke ea Bohlokoa
Ka ho koetlisetsa bana ba rōna hore ba bolele tumelo ea bona, re ba thusa hore ba thabele ho bolella batho ba bang kamoo ba ratang Molimo kateng. Mark ea lulang United States o re: “Re ne re batla hore bashanyana ba rōna ba ikutloe ba thabela ho bolella batho ba bang tumelo ea bona neng kapa neng, eseng feela ha ba aparetse ho ea tšebeletsong ea phatlalatsa. Kahoo ha re e-ea sebakeng se itseng sa ho itlosa bolutu, joaloka serapeng sa boikhathollo, lebōpong la leoatle, kapa morung, re nka Libibele le lingoliloeng tsa Bibele, ’me re bolella batho bao re kopanang le bona seo re se lumelang. Bashanyana ba rōna ba thaba haholo ha ba paka le rōna ka tsela eo e sa reroang. Le bona ba kenella meqoqong ebe ba bolela tumelo ea bona.”
Moapostola Johanne ea tsofetseng o ile a thusa batho ba bangata hore ba rate Molimo haholoanyane. Ha a ngola ka bona o ile a re: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka [ba moea] ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Haeba re thusa bana ba rōna hore ba rate Molimo ho tsoa pelong, ka sebele re tla thaba ka tsela e tšoanang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ha ho iketsahalle ka mohlolo hore batho ba phetlelane lifuba ka litaba tse amanang le tumelo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Koetlisa bana ba hao hore ba bolelle batho kamoo ba ratang Molimo kateng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of Green Chimneys Farm