Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/1 maq. 16-17
  • “Ke Tla e Bala Bosiung ba Kajeno ke Lutse Mollong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Tla e Bala Bosiung ba Kajeno ke Lutse Mollong”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Lokisetsa Leeto
  • Re Leba Mahaeng
  • “Bosiung ba Kajeno ke Lutse Mollong”
  • Re Khutlela Hae
  • Ho Batla ba Tšoanelehang Metseng ea Mahaeng ea Australia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Kea Thaba Hore Ebe “ke Itetse”
    Tsoha!—2005
  • Thuto e Ntseng e Tsoela Pele Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/1 maq. 16-17

Lengolo le Tsoang Australia

“Ke Tla e Bala Bosiung ba Kajeno ke Lutse Mollong”

HA RE nahana ka sebaka sa mahaeng sa Australia re nahana ka mahoatata a omeletseng, mocheso o ntšang koena bolibeng le thota e sabaletseng. Leha ho le joalo, sebakeng sena ho lula batho ba ka bang 180 000, e leng hoo e ka bang phesente e le ’ngoe ea baahi bohle.

Ha ke sa ntse ke le monyenyane, batsoali ba ka bao e leng Lipaki Tsa Jehova ba ne ba tsamaea le ’na ha ba il’o bolela evangeli mahaeng. Ke ne ke khahloa haholo ke ho nama ha sebaka sena le botle ba matsaranka a sona. Hape ke ne ke rata baahi ba teng ba matla, le ba iketlileng. Kaha joale ke se ke e-na le lelapa, ke ile ka batla hore mosali oa ka le bana ba rōna ba babeli, e leng mora ea lilemo li 10 le morali ea lilemo li 12, ba ke ba ee moo.

Re Lokisetsa Leeto

Pele, re ile ra lula fatše ra itekanya mesikaro. Re ne re tla ba le chelete e tla re fihlisa hokae? Re ne re ka khona ho qeta nako e kae? Banyalani ba bang ba leng phuthehong ea habo rōna le baboleli ba babeli ba evangeli ba nako eohle ba ile ba ithaopela ho tsamaea le rōna. Re ile ra lumellana ka nako eo re neng re tla nka leeto lena ka eona—e leng har’a selemo nakong ea ha likolo li koetsoe. Ka mor’a moo re ile ra ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Australia, e Sydney, ra kōpa sebaka seo re ka bolelang evangeli ho sona. Ra fuoa sebaka se thōko-thōko se haufi le Goondiwindi, toropo e nyenyane ea mahaeng e ka bang lik’hilomithara tse 400 ka bophirimela ho Brisbane, e leng sebaka seo re lulang ho sona.

Re ile ra utloa hore ho na le phutheho e nyenyane ea Lipaki Tsa Jehova Goondiwindi. E bile lehlohonolo le lekaakang! Ho kopana le banna le basali ba Bakreste ho ne ho tla natefisa leeto la rōna haholo. Re ile ra tsebisa phutheho eo hore re tseleng. Thabo ea bona e ile ea re bontša hore ba re lebeletse.

Nakoana pele re tsamaea, re ile ra kopana ho lokisetsa hore na re tla bolela evangeli joang sebakeng sa mahaeng. Haholo-holo re ne re batla ho hlompha setso le meetlo ea Maaborijene ao re neng re ka ’na ra kopana le ’ona. Ka mohlala, merabe e meng e nka hore naha eo e lulang ho eona ke lehae la eona. Ba ka ’na ba nka hore rea ba tella ha re kena motseng oa bona re sa ba tsebisa.

Re Leba Mahaeng

Qetellong, letsatsi le leholo la chaba. Likoloi tsa rōna tse peli, tse tletseng batho le thoto, li ile tsa kena tseleng. Pele re ile ra feta masimong ’me hamorao ra feta liphuleng tse tletseng joang tse nang le lifate tse seng kae tsa boloukomo. Letsatsi le futhumetseng la mariha le ne le phatsima leholimong le hlakileng. Ka mor’a lihora tse ngata re ile ra fihla Goondiwindi ’me ra robaletsa matlong a hirisoang a nang le moo ho pakoang lik’haravene.

Letsatsing le hlahlamang, ka Sontaha, letsatsi le ne le chabile hamonate ’me ho foka moea o pholileng hamonate—e leng boemo bo botle ka ho fetisisa ba leholimo bakeng sa ho bolela evangeli. Lehlabula la mona le chesa hoo hangata mocheso o fihlang ho 40°C! Re ile ra emisa motseng oa Maaborijene o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 30. Ho ile ha thoe re ee ha mosali-moholo ea hlooho e putsoa ea bitsoang Jenny, eo e neng e le morena oa moo. O ile a mamela ka hloko ha re mo bolella molaetsa oa Bibele ’me ka thabo a amohela buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.a Ka mor’a moo o ile a re lumella ho kena motseng le ho bolella baahi ba oona evangeli.

Bana ba ile ba mathela matlong ao re e-s’o fihle ho ’ona ba bolela hore re tseleng. Motho e mong le e mong eo re ileng ra kena ha hae o ile a mamela molaetsa oa rōna ka tlhompho ’me a amohela lingoliloeng tse buang ka Bibele. Ka mor’a nako e seng kae lingoliloeng tsa rōna li ile tsa fela, ’me e ne e se e le nako ea ho khutlela toropong ho ea sebokeng sa phutheho. Pele re tsamaea, re ile ra tšepisa hore re tla khutlela ho bao re sa kang ra buisana le bona.

Mantsiboeeng ao, Holong ea ’Muso ho ne ho utloahala lerata la batho ba thabileng ba qalang ho kopana, bao ka potlako e ileng ea e-ba metsoalle. Lipaki tsa moo tse 25 li ne li bolela evangeli ho batho ba ka bang 11 000 ba hasa-hasaneng sebakeng seo se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 30 000. Paki e ’ngoe e thabileng e ile ea re: “Rea leboha ha le entse boiteko ba ho tla re thusa.” Ka mor’a seboka se monate, bohle re ile ra ea fumana se eang ka maleng. Pele re robala bosiung boo, re ile ra fepa liphoofolo tsa moo tse bitsoang li-possum tse neng li ntse li solla sebakeng seo sa lik’haravene.

“Bosiung ba Kajeno ke Lutse Mollong”

Ka matsatsi a hlahlamang a mabeli, re ile kena likoloing tsa rōna tse peli ra ea metseng e ka thōko e haufi le moeli oa Queensland le New South Wales. Boholo ba sebaka sena se ka thōko, ho ne ho e-na le lifate tse omeletseng tsa boloukomo har’a makhulo a linku le likhomo. Tseleng re ile ra bona likankaru tse ngata, tseo ha li re bona li ileng tsa qahamisa litsebe. Linonyana tse khōlō tse bitsoang li-emu li ne li tsamaea ka boikhantšo lebaleng la lipere.

Ka Labobeli mantsiboea re ile ra teana le mohlape o moholo oa likhomo o tsamaea butle ho theosa le tsela. Ke khale balisa ba hiriloeng ba tsamaisa mohlape sebakeng sena, haholo-holo nakong ea komello. Ka mor’a moo ra teana le molisa ea palameng pere. Ke ile ka emisa koloi ka thōko ho tsela eaba kea theoha ’me kea mo lumelisa. O ile a lumela. Monna enoa ea hōlileng ea tsamaeang le ntja ea hae, o ile a ema hore re bue.

Ka mor’a ho bua ka motsotsoana ka komello, ke ile ka bua ka molaetsa oa Bibele. Monna eo o ile a makala eaba o re: “Ke qetetse ho utloa litaba tsa Bibele ke sa le ngoana!” O ile a re baruti ke bona ba ikarabellang hore ebe boitšoaro bo senyehile lefatšeng. Leha ho le joalo, o ne a hlompha Bibele haholo. Ka mor’a ho qoqa ka Mangolo, ke ile ka mo fa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?b O ile a e nka eaba o e kenya ka pokothong ea hempe ea hae eaba o re, “Haeba e mpolella seo Bibele e se rutang, ke tla e bala bosiung ba kajeno ke lutse mollong.”

Re Khutlela Hae

Bosiung boo ha re le Holong ea ’Muso re ile ra phetela balumeli-’moho le rōna lintho tse re etsahalletseng tsatsing leo. Ba ile ba re tšepisa hore ba tla ea ho batho ba thahasellang bao re buisaneng le bona. Ha seboka se tsoa, ho ile ha ba thata ho khaohana. Re ne re se re utloana haholo. Bohle re ne re matlafalitsoe ke ho khothatsana ka Mangolo.—Baroma 1:12.

Letsatsing le hlahlamang re ile ra leba hae. Ha re qoqa ka leeto la rōna, re ile ra lumellana hore Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba rōna haholo. Re ile ra ikutloa re le haufi le Jehova. Ha re fihla lapeng, ke ile ka botsa bana ba rōna ka re: “Le ka thabela ho ea phomolong kae nakong e tlang? Re ee lithabeng?” Ba re: “Che, Ntate, a re khutleleng mahaeng re il’o bolela evangeli.” Mosali oa ka o ile a ba tlatsa, a re: “Le joale. Eo e bile nako ea phomolo e monate ka ho fetisisa!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela