Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Batla ba Tšoanelehang Metseng ea Mahaeng ea Australia
BATHO ba rata ha karolo e hare-hare e sabaletseng ea Australia e bitsoa metseng ea mahaeng. Likarolo tse ling tsa sebaka sena se hōle li ne li e-s’o ka li pakeloa ka lilemo tse 12. Kahoo Lipaki Tsa Jehova tsa Darwin, e leng motse-moholo oa Karolo e ka Leboea ea Naha, li ile tsa hlophisa letšolo le leholo la ho bolela ka matsatsi a robong li batla ba tšoanelehang.—Matheu 10:11.
Litlhophiso li ile tsa qala ho etsoa ka hloko likhoeli tse 12 pele ho letšolo lena, ho akarelletsa le ho etsoa ha limmapa tse boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 800 000—e leng sebaka se ka kopolang New Zealand hararo. Hore u utloisise hore na libaka tse ling li qalikane hakae, nahana ka litsela ka kakaretso tse fetang bolelele ba lik’hilomithara tse 30 tse tlohang keiting ho ea ntlong tse fetang mapolasing a likhomo! Ho feta moo, mapolasi a mang a arohane ka lik’hilomithara tse ka bang 300 kapa ho feta moo.
Baithaopi ba Lipaki ba 145 ba ile ba kenela letšolo lena. Ba bang ba ne ba tsoa libakeng tse hōle haholo joaloka Tasmania. Ba bang ba ile ba fihla ka likoloi tse hulang ka mabili a mane tse neng li laetsoe thepa ea ho lula litenteng, li laetsoe likaroloana tsa makoloi le peterole. Ba bang ba ne ba tsamaisa thepa ea bona ka litereilara. Ho feta moo, ho ne ho hiriloe libese tse peli tse nkang batho ba 22 e le hore li ka tsamaisa ba neng ba se na likoloi tse loketseng tse hulang ka mabili a mane. Ba neng ba tsamaea ka bese ba ne ba amehile haholo ka ho pakela baahi ba tšimo e khethiloeng.
Pele ba nka leeto leo, barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa lipuo le lipontšo ho fana ka tataiso ea hore na litaba tse molemo li ka boleloa joang tšimong ena e sa tloaelehang. Ka mohlala, hangata ho bolela ka katleho metseng ea Maaborijene ho hloka hore motho a latele tsela e itseng ea boitšoaro le ho tseba mekhoa ea Maaborijene. Ho ne ho boetse ho tšohloa litaba tse amanang le tikoloho e le ho thusa batho ho sireletsa liphoofolo le limela tsa naha.
Ho bile le liphihlelo tse ngata tse ikhethang. Ka mohlala, motsaneng o mong oa Maaborijene, barab’abo rōna ba ile ba lokisetsa hore ho fanoe ka puo ea phatlalatsa e thehiloeng Bibeleng. Mofumahali oa tikoloho eo o ile a ikisa ho ea tsebisa batho ka puo eo. Ka mor’a moo, batho ba neng ba le teng moo ba ile ba tsamaisetsoa libuka tse 5 le libukana tse 41. Motsaneng o mong ho ile ha fumanoa Moaborijene e mong. O ne a bile a e-na le Bibele ea hae ea King James Version, empa e ne e tsofetse ebile e tabohile. Ha a botsoa hore na o tseba lebitso la Molimo, o ile a re oa le tseba eaba o ntša tokollo ea khale ea Molula-Qhooa ka pokothong ea baki ea hae. O ile a bala makasine eo, a qotsa Mareka 12:30, e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle.” A re, “Ke rata lengolo leo haholo.” Ka mor’a ho tšohla Bibele ka nako e teletsana, o ile a amohela Bibele e ncha le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng.
Pel’a Kou ea Carpentaria, ramotse e mong ea nang le polasi ea likhomo e boholo ba lihekthere tse 400 000 o ile a bontša a thahasella molaetsa oa ’Muso. Ha a bontšoa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng,a o ile a botsa hore na ho ne ho e-na le lingoliloeng tse ling ka puo ea Sekriole. Ena e ne e le kōpo e sa tloaelehang hobane, le hoja Maaborijene a mangata a bua Sekriole, ke a seng makae a tsebang ho se bala. Ho ile ha fumaneha hore basebetsi bohle ba 50 ba polasi eo ba ne ba khona ho bala Sekriole. Ramotse eo o ne a thabetse ho fumana lingoliloeng tsa Bibele ka Sekriole, ’me o ile a thabela ho fana ka linomoro tsa hae tsa fono e le hore a ka founeloa.
Nakong ea matsatsi ao a robong a ho paka ka matla, ho ile ha tsamaisoa Libibele tse 120, libuka tsa 770, limakasine tse 705 le libukana tse 1 965. Ho feta moo, ho ile ha etsoa maeto a ho boela a 720, ’me ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse 215.
Ka sebele, ba bangata ba tšoanelehang ba neng ba lapile moeeng ba qhalakaneng naheng ena e sabaletseng ba ile ba khorisoa.—Matheu 5:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[’Mapa o leqepheng la 30]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AUSTRALIA
KAROLO E KA LEBOEA EA NAHA
Darwin
Kou ea Carpentaria
Sydney
TASMANIA