Mollo oa Lihele—Na o Tuka ka Matla Kapa oa Tima?
MORUTI oa Prostanta Jonathan Edwards o ne a ee a kenye tšabo lipelong tsa batho ba neng ba lula Koloneng ea Amerika lekholong la bo18 la lilemo ka litlhaloso tsa hae tse qaqileng tsa litšoantšo tsa lihele. Ka nako e ’ngoe o ile a hlalosa pono eo ho eona Molimo a neng a lepellisa baetsalibe malakabeng joaloka likho tse nyonyehang. Edwards o ile a nyatsa phutheho ea hae ka ho re: “Uena moetsalibe, o lepella ka khoele e tšesaane, ha malakabe a khalefo ea bomolimo a tuka hohle ho eona, ’me a itokiselitse ho e chesa nako e ’ngoe le e ’ngoe, ’me o e chese hore e khaohe.”
Leha ho le joalo, kapele ka mor’a hore Edwards a fane ka polelo ena e tummeng hampe, malakabe a lihele a ile a qala ho tima.a Buka The Decline of Hell, ea D. P. Walker, e hlokomela hore “lilemong tsa [bo-1740] tsa lekholo la bo18 la lilemo thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea ba ahloletsoeng e ne e phephetsoa phatlalatsa.” Lekholong la bo19 la lilemo, malakabe a lihele a ile a tsoela pele ho tima, ’me bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, pono ea Edwards ea lihele e le ‘sebōpi sa mollo moo ba hlokofatsoang ba hlorisoang habohloko likelellong tsa bona le ’meleng ea bona ka ho sa feleng’ e ne e se e khaolitse ho ba sehlooho sa puisano. Mongoli Jeffery Sheler oa hlokomela: “Li hlasetsoe ke bohlale ba mehleng ena ’me li sa tšabehe joaloka malakabe a Hiroshima le Polao e Sehlōhō, litlhaloso tsa lihele li ne li se li sa tšose joaloka pele.”
Baboleli ba bangata ha ba sa rata polelo ea mollo le sebabole. Lipolelo tse matla ka ho tšabeha ha lihele li ile tsa nyamela lipolelong tsa sefala tsa neano tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Bakeng sa litsebi tse ngata tsa thuto ea bolumeli, lihele e se e le karolo ea thuto e siiloeng ke nako haholo bakeng sa thuto e tebileng. Lilemo tse itseng tse fetileng rahistori litabeng tsa kereke o ne a etsa patlisiso ea thuto ea univesithi ka lihele, ’me a hlahloba li-index tse ’maloa tsa libuka tsa liithuti. Haa ka a fumana le lentsoe le le leng le qalang polelo ka tsona. Ho ea ka makasine oa Newsweek, rahistori eo o ile a etsa qeto ena: “Lihele li nyametse. ’Me ha ho motho ea ho hlokometseng.”
Ho Boea Sekoele ha Lihele
Li nyametse? Che. Ka ho makatsang, lilemong tsa morao tjena thuto ea lihele e hlahelletse hape libakeng tse ling. Lipatlisiso tse entsoeng Amerika li bontša hore palo ea batho ba reng ba lumela lihele e eketsehile ho tloha karolong ea 53 lekholong ka 1981 ho ea karolong ea 60 lekholong ka 1990. Eketsa ho sena lihlopha tsa boevangeli tse eketsehang tsa lefatše lohle tse bolelang ka lihele, ’me hoa hlaka hore ka sebele ho boea sekoele ha lihele tseleng ea ho nahana ea Bokreste-’mōtoana ke boemo bo ntseng bo e-ja setsi lefatšeng lohle.
Empa na ho khutla hona ho ama feela batho ba tlang kerekeng, kapa ho fihlile le ho baruti sefaleng? ’Nete ke hore mollo oa lihele kamoo o neng o rutoa ke Jonathan Edwards lilemong tse 250 tse fetileng ha oa ka oa fela lifaleng tse ling tsa neano tsa Bokreste-’mōtoana. Ka 1991, U.S.News & World Report e ile ea hlokomela: “Esita le har’a malumeli a mang a ka sehloohong a amohelang liphetoho, ho na le matšoao a hore litsebi tsa thuto ea bolumeli li qalile ho nahana ka ho teba ka monahano oa lihele ho feta lilemong tse mashome tse fetileng.” Ka ho hlakileng, ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho hlokomolohuoa, mollo oa lihele o se o nkuoa e le oa bohlokoa bolumeling lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, na o bolokile litšobotsi tsa ’ona tse chesang?
Lipotso tse Botsoang
Setsebi sa thuto ea bolumeli W. F. Wolbrecht ha se na lipelaelo: “Lihele ke lihele, ’me ha ho takatso kapa monahano oa motho o tla fokotsa kahlolo ea ka ho sa feleng.” Batho ba bangata ba eang kerekeng ha baa tiiseha. Le hoja ba sa belaele ho ba teng ha lihele, ba na le lipotso ka sebōpeho sa lihele. Setsebi se seng sa thuto ea bolumeli sea lumela: “Le ho ’na, lihele ke ntho ea sebele ntle ho pelaelo, e tsebisitsoe bopaking ba Bibele ka ho hlaka, empa sebōpeho sa eona se nepahetseng ke bothata.” E, bakeng sa palo e eketsehang ea litsebi tsa thuto ea bolumeli le batho feela ba kenang kereke, potso kajeno ha e sa le, “Na lihele li teng?” empa, “Lihele ke eng?”
U ne u tla araba joang? U boleletsoe eng ka sebōpeho sa lihele? ’Me ke hobane’ng ha Bakreste ba tšepahalang ba tšoenngoa ke thuto ena?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka July 8, 1741, Edwards o ile a fana ka polelo “Baetsalibe Matsohong a Molimo ea Halefileng.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Doré’s illustration of Tumult and Escape for Dante’s Divine Comedy
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Doré’s illustration of Devils and Virgil for Dante’s Divine Comedy