Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 11/1 maq. 14-15
  • Ho Ile ha Mengoa Bohle ho Tla Bona Mehaho ka Mabaka a Utloahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ile ha Mengoa Bohle ho Tla Bona Mehaho ka Mabaka a Utloahalang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ea Pele Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng
    Tsoha!—2001
  • Ho Etsoa’ng Ofising ea Lekala?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Liofisi tse Khōlō tsa Lipaki tsa Jehova-ka Litšontšo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 11/1 maq. 14-15

Ho Ile ha Mengoa Bohle ho Tla Bona Mehaho ka Mabaka a Utloahalang

“HO ETSOA’NG moo?” Ena ke potso eo batho ba bangata ba fetang pel’a mehaho ea Lipaki Tsa Jehova e Mogale City (Krugersdorp), haufi le Johannesburg, Afrika Boroa, ba ipotsang eona. Ka hona, Lipaki li ile tsa etsa qeto ea hore ho be le letsatsi la ho bontša bohle mehaho ea lekala lena ka la 12 le la 13 October, 2007. Mabaka a sena a ne a le mabeli, e ne e le ho lokisa maikutlo a fosahetseng a hasitsoeng le ho bontša batho seo ofisi ena ea lekala e se etsang ho tšehetsa mosebetsi oo Jesu Kreste a laetseng hore o etsoe.​—Matheu 28:19, 20.

Ba sebetsang ofising ena ea lekala ba ile ba beha memo e ngotsoeng ka mantsoe a maholo keiting ’me ba mema baahelani ba bona ka tsela e khethehileng ka mangolo. Bo-rakhoebo ba sebelisanang le lekala lena ba ile ba mengoa le malapa a bona. Na ho na le ba ileng ba tla? Ho ile ha tla baeti ba fetang 500 bao e seng Lipaki ho tla bona sebaka sena.

Ba bangata ba ile ba khahloa ke mochine oa khatiso oa MAN Roland Lithoman, o hatisang limakasine tse 90 000 ka hora. Baeti ba ile ba khahloa hape ke lefapha la thomello ea thepa leo ka letsatsi le pakang lingoliloeng tse boima bo fetang lithane tse 14, ba ba ba khahloa ke mochine o kopanyang libuka. Lipaki tse sebetsang mafapheng a sa tšoaneng li ile tsa etsa lipontšuoa tse ntle, ho akarelletsa e hlalosang ka bokhutšoanyane histori ea mechine ea khatiso, ho tloha ka mochine oa Gutenberg ho fihlela ho ea kajeno ea litho-offset. Pontšuoa e ’ngoe e ile ea bontša kamoo lekala lena le hlokomelang tikoloho ka eona. Ka mohlala, ho na le mochine o khethehileng o hloekisang likhase tse kotsi le menko e tsoang mechineng ea khatiso ’me ho na le liphaephe tse hulang likhechana tsa pampiri ho ea li lahlela sebakeng se le seng.

Koranta ea moo e ile ea hatisa sehlooho se bolelang hore baithaopi ba 700 ba lulang moo ke “basebeletsi ba khethiloeng ba inehetseng ho Jehova.” E ile ea boela ea bua ka “bohloeki bo tsotehang hammoho le kamoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlophisehileng kateng” mehahong ena ea khatiso. Monna e mong ea hanyetsang Lipaki Tsa Jehova o ile a tla ho tla bona mehaho ena. Ka mor’a moo, o ile a ngola lengolo le nang le mantsoe a reng: “Ke le rolela khaebana. Hase kamehla motho a ka bonang lintho li etsoa ka tsela e tsoileng matsoho tjena.”

Baeti ba bangata ba ile ba bolela hore ruri ba ananetse ho bona mehaho ena ebile ba ne ba hloletsoe ha ba bona hore lekala lena le na le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse 151 le hore le hatisa lingoliloeng bakeng sa linaha tse 18 tse karolong e ka boroa ea Afrika le e bohareng. Baeti ba lumeletsoe ho tla bona mehaho ea makala a Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara nakong ea mosebetsi. Ke hobane’ng ha u sa botse ofisi ea lekala ea sebakeng sa heno hore na u ka tla neng ho tla bona mehaho?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Baeti ba fihla mehahong ea lekala

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Memo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mehaho ea lekala la Afrika Boroa e Mogale City, Afrika Boroa

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mochini oa khatiso oa MAN Roland Lithoman “web-offset”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mochine o kopanyang libuka

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lefapha la thomello

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela