Motho a ke ke a Phela ka Bohobe Feela—Kamoo ke Ileng ka Phonyoha Kateng Lichankaneng Tsa Manazi
Joalokaha ho boletse Joseph Hisiger
Ke ile ka re ho motšoaruoa e mong eo ke neng ke koaletsoe le eena: “U ntse u bala eng?” Ha a araba a re: “Bibele,” a ba a phaella ka ho re, “Nka u fa eona haeba u ka mpha bohobe ba hao ba beke kaofela.”
KE HLAHILE ka la 1 March, 1914, profinseng ea Moselle eo ka nako eo e neng e oela Jeremane. Ka mor’a hore Ntoa ea I ea Lefatše e lale ka 1918, Moselle e ile ea boela ea oela tlas’a Fora. Ka 1940, Jeremane e ile ea boela ea e hapa. Eare ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala ka 1945, ea boela ea oela tlas’a Fora. Makhetlong ana kaofela, bochaba ba ka le bona bo ne bo fetoha, kahoo ke ile ka tseba ho bua Sefora le Sejeremane.
Batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike a chesehang. Bosiu bo bong le bo bong pele lelapa leso le il’o robala, re ne re otla ka mangole fatše re ntoo rapela. Ka Lisontaha le ka matsatsi a phomolo a sechaba, re ne re ea kerekeng. Ke ne ke nka bolumeli ba ka ka ho teba ke bile ke kena tlelase ea ho ithuta ea Mak’hatholike.
Ke Ikakhela ka Setotsoana Mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova
Ka 1935 batsoali ba ka ba ile ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova tse peli. Moqoqo oa bona o ne o le mabapi le kamoo bolumeli bo ileng ba kenella kateng ntoeng ea pele ea lefatše. Ka mor’a moo, ke ile ka qala ho batla ho tseba ho eketsehileng ka Bibele, eaba ka 1936 ke kōpa Bibele ho moprista. O ile a re ke tla lokela ho ea sekolong sa thuto ea bolumeli hore ke e utloisise. Leha ho le joalo, seo se ile sa etsa hore ke labalabele ho bala Bibele le ho feta hammoho le ho ithuta eona.
Ka January 1937, motho e mong eo ke neng ke sebetsa le eena ea bitsoang Albin Relewicz, eo e neng e le Paki, o ile a qala ho bua le ’na ka seo Bibele e se rutang. Ke ile ka re ho eena: “Ke tšepa hore u na le Bibele.” O ne a fela a e-na le eona ’me nakoana ka mor’a moo o ile a mpontša lebitso la Molimo, e leng Jehova, ka har’a phetolelo ea Bibele ea Sejeremane ea Elberfelder, eo a ileng a mpha eona. Ke ile ka e bala ka hloko eaba ke qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki tse neng li tšoareloa toropong ea Thionville e haufi le haeso.
Ka August 1937, ke ile ka tsamaea le Albin ha a ea kopanong ea machaba ea Lipaki e neng e tšoaretsoe Paris. Ke ile ka qala ho ea ka ntlo le ntlo ke bua le batho ka Bibele ha ke le moo. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka kolobetsoa ’me mathoasong a 1939, ke ile ka ba pula-maliboho, e leng mosebeletsi oa Mokreste eo mosebetsi oa hae o ka sehloohong e leng ho bolela. Ke ile ka abeloa ho ea sebetsa motseng oa Metz. Eaba ka July, ke memeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Paris.
Mahlomola Nakong ea Ntoa
Ke ile ka sebeletsa lekaleng ka nako e khutšoanyane, hobane ka August 1939, ke ile ka thaotheloa ho kenela sesole sa Fora. Ke ne nke ke ka kenela ntoa ka lebaka la letsoalo la ka, kahoo ke ile ka ahloleloa ho hlola chankaneng. Khoeling ea May selemong se latelang ha ke ntse ke le chankaneng, Jeremane e ile ea tsometsa Fora. Ka June, Fora e ne e se e hapuoe ’me ke ile ka boela ka ba Mojeremane. Ka July 1940, ke ile ka lokolloa chankaneng, eaba ke khutlela lapeng ho ea lula le batsoali ba ka.
Kaha re ne re le tlas’a taolo ea Manazi, re ne re kopana ka sekhukhu ho ithuta Bibele. Re ne re fumana Molula-Qhooa ka morali’abo rōna Maryse Anasiak, e leng mosali oa Mokreste ea sebete eo ke neng ke kopana le eena lebakeng leo e neng e le la Paki. Ho fihlela ka 1941, ke ile ka khona ho qoba mathata ao Lipaki tsa Jeremane li neng li kopana le ’ona.
Joale ka letsatsi le leng, Magestapo a ile a nketela. Ka mor’a hore ofisiri e bolele ka ho hlakileng hore Lipaki li thibetsoe, e ile ea mpotsa hore na ke ntse ke rerile ho lula ke le Paki. Eitse ha ke re ho joalo, eaba e re ke e sale morao. ’Mè o ile a akheha ke letsoalo. Ha ofisiri eo ea Legestapo e bona seo, e ile ea re ke sale e le hore ke mo hlokomele.
Fekthering eo ke neng ke sebetsa ho eona, ha kea ka ka lumelisa mookameli oa ka ka tumeliso e bontšang lerato la naha e reng, “Heil Hitler!” Ke ile ka ba ka hana ho ba setho sa mokha oa Manazi. Kahoo, letsatsing le hlahlamang, Magestapo a ile a ntšoara. Nakong ea ha ba ntlhoma lipotso, ke ile ka hana ho ntša mabitso a Lipaki tse ling. Motho ea neng a ntlhoma lipotso o ile a nkotla habohloko hloohong ka mofeng oa sethunya hoo ke ileng ka akheha. Ka la 11 September, 1942, Lekhotla le Khethehileng la Metz le neng le bitsoa Sondergericht le ile la nkahlolela ho hlola chankaneng lilemo tse tharo, ka lebaka la “ho hasa mashano a Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova le a Liithuti Tsa Bibele.”
Libeke tse peli hamorao, ke ile ka tloha chankaneng ea Metz ’me ka mor’a ho khefutsa ka makhetlo a ’maloa leetong, ka fihla kampong ea mosebetsi o boima ea Zweibrücken. Moo ke ile ka sebetsa le sehlopha se lokisang seporo. Re ne re ntša liporo tse boima ebe re kenya tse ling re be re li fase ka liboutu, re ntan’o ala majoe hape seporong. Lijo tsohle tseo re neng re li fuoa e ne e le lebekere la kofi le bohobe bo ka etsang ligrama tse 75 hoseng le sekotlolo sa sopho motšehare le mantsiboea. Hamorao ke ile ka isoa chankaneng e ’ngoe motseng o haufi le moo ’me ke ne ke sebetsa moo ho etsoang lieta le ho li lokisa. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa, ke ile ka khutlisetsoa Zweibrücken, lekhetlong lena e le ho ea sebetsa masimong.
Ho se Phele ka Bohobe Feela
Ha ke le chankaneng eo, motho eo ke neng ke koaletsoe le eena seleng e ne e le mohlankana e mong ea tsoang Netherlands. Ka mor’a ho ithuta ho bua puo ea habo ho fihlela re ka qoqa, ke ile ka khona ho mo bolella lintho tseo ke li lumelang. O ile a hatela pele hantle moeeng, hoo a ileng a nkōpa hore ke mo kolobetse nōkeng. Ha a tsoa ka metsing o ile a nhaka eaba o re ho ’na, “Joseph, ke mor’eno!” Ha ke khutlisetsoa ho ea sebetsa seporong, re ile ra arohana.
Joale motšoaruoa eo ke neng ke le ka seleng le eena e ne e le Mojeremane. Mantsiboeeng a mang o ile a qala ho bala buka e nyenyane—Bibele! Ke moo a ileng a ntšepisa hore a ka mpha Bibele eo haeba nka mo fa bohobe ba ka ba beke kaofela. Eaba ke re: “Ho lokile!” Le hoja ho se je bohobe beke kaofela e ile ea e-ba boitelo bo boholo, ha kea ka ka ikoahlaea. Ke ile ka qala ho ithuta hore na Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Matheu 4:4.
Kaha joale ke ne ke se ke e-na le Bibele, bothata bo boholo e ne e le hore na ke e boloka joang. Ho fapana le batšoaruoa ba bang, Lipaki tsona li ne li sa lumelloa ho ba le Bibele. Kahoo, ke ne ke e balla sekhukhung bosiu, ke ikhurumelitse ka kobo. Motšehare, ke ne ke e khohletsa ka har’a hempe ebe ke tsamaea ka eona. Ke ne ke sa e siee ka seleng hobane balebeli ba ne ba e phenyekolla ha ke le sieo.
Ka tsatsi le leng ha re il’o itlaleha bakeng sa mosebetsi, ke ile ka hlokomela hore ke lebetse Bibele ea ka. Mantsiboeeng ao ke ile ka potlakela seleng ea ka, empa Bibele e ne e ile le moholu le mala. Ka mor’a ho rapela Molimo, ke ile ka ea ho molebeli, ka mo hlalosetsa hore motho e mong o nkile buka ea ka le hore kea e batla. Ha aa ka a nkukela hloohong ha ke ntse ke bua, ka hona, ke ile ka khona ho fumana Bibele eo ea ka hape. Ke ile ka leboha Jehova ho tsoa pelong!
Ka nako e ’ngoe, ke ile ka isoa shaoareng hore ke e’o hlapa. Ha ke ntse ke hlobola liaparo tsa ka tse litšila, ke ile ka lihela Bibele fatše ka tsela e sa tsoseng libata masene. Eitse ha molebeli a ntse a shebile koana eaba kea e raha hore e ee pel’a shaoara. Ke ile ka e pata ka thōko ha ke ntse ke hlapa. Ha ke tsoa ka shaoareng, ke ile ka pheta mokhoa oona oo eaba ke pata Bibele eo har’a qubu ea liaparo tse hloekileng.
Liketsahalo Tse Thabisang le Tse Nyahamisang ha ke le Litlamong
Hoseng ho hong ka 1943 ha batšoaruoa ba ntse ba bokellana lebaleng, ke ile ka bona Albin! Le eena o ne a tšoeroe. O ile a ncheba ka tsela e bontšang hore oa ntseba eaba o beha letsoho la hae pelong ho mpontša hore o nkuka joaloka mor’abo. Eaba o mpontša hore o tla ’ngolla. Letsatsing le hlahlamang ha re fetana, o ile a liha pampiri. Empa molebeli o ile a e bona, eaba ka bobeli ba rōna re koalloa seleng ea motho a le mong ka libeke tse peli. Re ne re fuoa feela bohobe ba khale le metsi ’me re robala mapolankeng re se na likobo.
Ka mor’a moo, ke ile ka isoa chankaneng ea Siegburg, moo ke ileng ka sebetsa moo ho sebetsanoang le litšepe. Mosebetsi oa moo o ne o le boima, empa re fuoa lijo tse nyenyane. Bosiu ke ne ke lora ke e-ja limenyemenye—likuku le litholoana—ebe ke tsoha mala a korotla le qoqotho e omme. Ke ne ke le ka tlaase ho lik’hilograma tse 50. Leha ho le joalo, letsatsi ka leng ke ne ke bala Bibele ea ka e nyenyane ebe ke fumana mabaka a hore na ke phelela’ng.
Qetellong ke Ile ka Lokolloa!
Hoseng ho hong ka April 1945, ka tšohanyetso balebeli ba ile ba baleha chankaneng, ba siea ba butse likeiti. Ke ne ke sa lumele hore ke lokolohile! Leha ho le joalo, ke ile ka tlameha ho qeta nako e itseng ke le sepetlele e le hore ba nkalafe. Bofelong ba May, ke ile ka fihla lapeng. Batsoali ba ka ba ne ba se ba se na tšepo ea hore ke sa phela. Ha ’Mè a mpona, o ile a lla ke thabo. Ka masoabi, batsoali ba ka ba ile ba hlokahala nakoana ka mor’a moo.
Ke ile ka boela ka kopanela le Phutheho ea Thionville. Ntho e ileng ea nthabisa haholo ke ha ke boela ke bona lelapa leo leso la moea! Ke ile ka thaba haholo ha ke utloa hore na ba ile ba lula ba tšepahala hakaakang ho sa tsotellehe liteko tse ngata. Motsoalle oa ka ea ratehang Albin o ile a shoella Regensburg, Jeremane. Hamorao ke ile ka utloa hore mora oa rangoane ea bitsoang Jean Hisiger e ile ea e-ba Paki, empa o ile a bolaoa hobane a hanne ho nka lihlomo ka lebaka la letsoalo la hae. Jean Queyroi, eo ke neng ke ile ka sebetsa le eena ofising ea lekala e Paris, o ile a mamella kampong ea mosebetsi o boima Jeremane ka lilemo tse hlano.a
Ka potlako, ke ile ka khutlela mosebetsing oa ho bolela toropong ea Metz. Nakong eo, ke ne ke atisa ho kopana le lelapa la ha Minzani. Morali oa bona ea bitsoang Tina, o ile a kolobetsoa ka la 2 November, 1946. O ne a cheseha tšebeletsong ’me o ile a nkhapa pelo. Re ile ra nyalana ka la 13 December, 1947. Ka September 1967, Tina e ile ea e-ba ’moleli oa nako eohle ’me o ile a tšoarella tšebeletsong eo ho fihlela lefung la hae ka June 2003, a le lilemo li 98. Ke hloloheloa Tina haholo.
Kajeno, le hoja ke se ke fetile lilemo tse 90, kea hlokomela hore ka linako tsohle Lentsoe la Molimo le ’nile la mpha matla a ho tobana le liteko le ho li hlōla. Ka linako tse ling ke ne ke hloka se eang ka maleng, empa kamehla ke ne ke fepa kelello ea ka le pelo ea ka ka Lentsoe la Molimo. Jehova o ’nile a ’matlafatsa. “Polelo ea [hae] e mpolokile ke phela.”—Pesaleme ea 119:50.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa pale ea bophelo ea Jean Queyroi, bala Molula-Qhooa oa October 1, 1989, leqepheng la 22-26.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Motsoalle oa ka ea ratehang Albin Relewicz
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Maryse Anasiak
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Bibele eo ke e lefeletseng bohobe ba beke eohle
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Na le Tina ka 1946, pele re nyalana
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jean Queyroi le mofumahali oa hae, Titica