Selemo se Secha sa Machaena—Na Bakreste ba ka se Keteka?
SELEMO se seng le se seng ka January kapa ka February, batho ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng ba phallela Asia. Maasia a limilione tse makholo a khutlela mahaeng a ’ona ho ea keteka Selemo se Secha sa Machaena.a
Selemo se Secha sa Machaena ke mokete oa bohlokoa ka ho fetisisa liketsahalong tsa Maasia. Mongoli e mong oa Amerika o re: “[O] tšoana le Letsatsi la Selemo se Secha, Letsatsi la Boipuso United States, Letsatsi la Liteboho [Thanksgiving] le Keresemese ha a kopane kaofela.” Mokete o qala ha khoeli e ncha e thoasa selemong ho latela almanaka ea Machaena, kapa nako e pakeng tsa la 21 January le la 20 February ho latela lialmanaka tsa Bophirimela. O ka nka matsatsi a ’maloa ho isa libekeng tse peli.
Ha e le hantle, ho keteka Selemo se Secha ke tsela ea hore ho qaloe bocha, ho lebaloe tse fetileng ’me ho amoheloe tse ncha. Ha batho ba lokisetsa mokete ona, ba hloekisa mahae a bona le ho a khabisa, ba reka liaparo tse ncha, ba pheha lijo tseo mabitso a tsona a amahanngoang le “katleho” le “mahlohonolo,” ba bile ba lefa likoloto tsa bona le ho lokisa liqabang. Ka Letsatsi la Selemo se Secha, ba ka ’na ba fana limpho le ho lakaletsana mahlohonolo, ao ka tloaelo e leng bakeng sa ho rua kapa ho atleha, ba ka fana ka lipakete tse khubelu tseo ho thoeng ke tsa chelete ea lehlohonolo, ba ja lijo tse khethehileng, ba qhomisa litlelabore, ba shebella metjeko ea lidrakone le litau tsa maiketsetso tse mebala-bala, kapa ba thabela letsatsi leo le ba malapa hammoho le metsoalle.
Mekhoa ena e na le se sengata seo e se bolelang. Buka e reng Mooncakes and Hungry Ghosts: Festivals of China e re: “Sepheo se ka sehloohong sa malapa, metsoalle hammoho le beng ka motho ke hore ba lakaletsane mahlohonolo, ba hlomphe melimo le meea ba be ba lakaletse selemo se secha mahlohonolo.” Kaha ho ameha meetlo le mekhoa ea bolumeli, Bakreste ba lokela ho talima mokete oo joang? Na ba lokela ho latela tloaelo ee feela tjee? Na Bakreste ba lokela ho o keteka?
“Nahana ka Mohloli”
Maele a tloaelehileng a Sechaena a re: “Ha u noa metsi, nahana ka mohloli.” Sena se bontša kamoo Maasia a mangata ka tloaelo a hlomphang batsoali ba ’ona le baholo-holo ba ’ona ka ho teba kateng. Kaha batsoali ke bona ba ba tlisitseng lefatšeng, ke ntho e tloaelehileng hore bana ba ba hlomphe ka tsela eo, e leng ntho e phethang karolo e khōlō moketeng oo oa Selemo se Secha.
Ntho ea bohlokoa haholo malapeng a mangata a Maasia ke bosiu bo khaolang selemo. Bosiung boo, malapa a mangata a kopana hammoho ho thabela matletsetletse a lijo tse khethehileng. Ena ke ketsahalo eo malapa a kopanang ho eona eo batho ba karolong eo ea lefatše ba etsang bonnete ba hore ha e ba fete. Nakong ea lijo, tafole ha e tekeloe feela litho tsa lelapa tse teng, empa e tekeloa le ba seng ba hlokahetse, bao ho lumeloang hore meea ea bona e teng. Encyclopedia e ’ngoe e re nakong ea lijo tsena, “malapa a qoqa le baholo-holo ba ’ona ba seng ba shoele.” Buka e ’ngoe eona e re: “Kaha joale ho matlafalitsoe maqhama a teng pakeng tsa ba phelang le ba shoeleng, baholo-holo ba tla sireletsa lelapa selemo kaofela.” Bakreste ba lokela ho talima moetlo oo joang?
Ke ntho ea bohlokoa le ho Bakreste hore ba hlomphe batsoali ba bona. Ba mamela taelo ena ea Molimo: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, ’me u se ke ua nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) Ba boetse ba mamela taelo ena ea Bibele: “‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.’” (Baefese 6:2, 3) Ruri Bakreste ba ’nete ba lokela ho rata batsoali ba bona le ho ba hlompha!
Bibele e boetse e bua hantle ka ’moka oa lelapa o hahang. (Jobo 1:4; Luka 15:22-24) Leha ho le joalo, taelo ea Jehova e re: “Ho se ke ha fumanoa haeno motho ea . . . botsang balimo, le meea, leha e le ea botsang bafu.” (Deuteronoma 18:10, 11, The Jerusalem Bible) Ke hobane’ng ha see se thibetsoe? Hobane Bibele e hlalosa boemo ba sebele ba bafu. E re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Kaha bafu ha ba tsebe letho, ba ke ke ba kenya letsoho linthong tse etsoang ke batho ba phelang; ebile ba ke ke ba ba thusa kapa ba ba ntša kotsi. (Moeklesia 9:5, 6, 10) Mora oa Molimo, e leng Jesu Kreste, o ile a tšoantša lefu le boroko bo tebileng ’me bafu ba tla tsoha borokong bona feela nakong e tlang ha bafu ba tsosoa.—Johanne 5:28, 29; 11:11, 14.
Ho feta moo, Bibele e bontša hore “balimo” le “meea” ea ba shoeleng ha e le hantle ke meea e khopo e iketsang eka ke batho ba shoeleng. Lebaka? E le hore e fapose batho ’me e be eona e ba laolang! (2 Bathesalonika 2:9, 10) Ha e le hantle, litaelo tsa Molimo lia re sireletsa hore re se ke ra oela kotsing. Ka hona, kaha Bakreste ba rata Jehova ebile ba batla ho sireletseha, ka bohlale ba qoba mekhoa leha e le efe e amanang le ho rapela balimo kapa e etsoang e le hore bafu ba ba sireletse.—Esaia 8:19, 20; 1 Bakorinthe 10:20-22.
Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba boetse ba batla ho hlompha “Ntate, eo lelapa le leng le le leng leholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena.” (Baefese 3:14, 15) Ntate eo ke mang? Ke ’Mōpi oa rōna le Ea Fanang ka Bophelo, e leng Jehova Molimo. (Liketso 17:26) Ka hona, ke hantle hore ha re nahana ka meetlo ea Selemo se Secha sa Machaena, re ipotse: Jehova o talima meetlo ee joang? Na oa e amohela?—1 Johanne 5:3.
Ho Hlompha Melimo ea Lelapa
Ho keteka Selemo se Secha sa Machaena ho akarelletsa meetlo e mengata e tloaelehileng e hlomphang melimo e sa tšoaneng ea lelapa, e kang molimo oa monyako, molimo oa lefatše kapa oa moea oo e leng mosireletsi, molimo oa leruo kapa mahlohonolo hammoho le molimo oa kichine kapa oa setofo. Nahana ka mokhoa o tloaelehileng oa ho hlompha molimo oa kichine.b Ho lumeloa hore matsatsi a seng makae pele ho Letsatsi la Selemo se Secha, molimo enoa o nka leeto ho ea leholimong ho ea fana ka tlaleho ea lelapa ho Moemphera Jade, e leng ea ka holimo-limo melimong eohle ea Machaena. E le hore molimo eo oa kichine a tle a fane ka tlaleho e ntle, lelapa le mo felehetsa ka lijo tse khethehileng, le nyehela ka lijo tse tsoekere le likuku. E le hore a tle a fihle kapele, lelapa le theola setšoantšo sa hae, ka linako tse ling le se tlotsa molomong ka lijo tse tsoekere, ebe le se chesetsa ka ntle. Bosiung bo khaolang selemo, ba beha setšoantšo se secha sa molimo eo ka holim’a setofo kichineng e le ho mo memela hore a khutlele lapeng bakeng sa selemo se secha.
Le hoja mekhoa e mengata e ka bonahala e se na molato, Bakreste ba lokela ho latela tataiso ea Lentsoe la Molimo ha ho tluoa litabeng tsa borapeli. Mabapi le sena, Jesu Kreste o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) Ho hlakile hore Molimo o batla hore re rapele eena feela. Hobane’ng? Nahana ka sena: Jehova ke Ntate oa rōna ea leholimong. Ntate o ne a tla ikutloa joang haeba bana ba hae ba ne ba ka iphapanyetsa eena ebe ba sebeletsa ntate e mong? Na seo se ne se ke ke sa mo utloisa bohloko haholo?
Jesu o ile a lemoha hore Ntate oa hae ea leholimong ke “Molimo a le mong feela oa ’nete,” ’me Jehova ka boeena o ile a bolella barapeli ba hae ka ho hlaka hore ha baa lokela ho “ba le melimo e meng” haese eena feela. (Johanne 17:3; Exoda 20:3) Ka hona, Bakreste ba ’nete ba lokela ho thabisa Jehova, ha baa lokela ho mo soetsa kapa ho mo utloisa bohloko ka ho sebeletsa melimo e meng.—1 Bakorinthe 8:4-6.
Litumela-khoela le ho Sebelisana le Meea
Selemo se Secha sa Machaena se boetse se amana le bonohe ba linaleli. Almanakeng e baloang ho latela khoeli e holimo, selemo se seng le se seng se rehelloa ka e ’ngoe ea liphoofolo tse 12 tse chateng ea Machaena e nang le mefuta ea liphoofolo (zodiac)—drakone, nkoe, tšoene, ’mutla, joalo-joalo. Phoofolo ka ’ngoe e bontša hore botho le boitšoaro ba batho ba hlahang selemong seo e tla ba bofe, kapa e bontša hore haeba selemong seo ba hahamalla lintho tse itseng ba ka atleha. Mekhoa e meng e mengata ea Selemo se Secha sa Machaena, ho akarelletsa le ea ho hlompha molimo oa leruo le mahlohonolo, e etsoa ka ho khetheha e le ho bitsa “mahlohonolo.” Bakreste ba lokela ho talima mekhoa ee joang?
Lentsoeng la hae, e leng Bibele, Jehova o khalemela ba retelehelang ho “barapeli ba maholimo, ba talimang linaleli, ba fanang ka tsebo ka likhoeli tse thoasitseng mabapi le lintho tse tla [ba] tlela.” O boetse o nyatsa borapeli ba “molimo oa Mahlohonolo” le “molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.” (Esaia 47:13; 65:11, 12) Ho e-na le hore ba tšepe matla a ke keng a utloisisoa kapa a sa bonoeng ao ho thoeng a sebakeng sa moea kapa linaleling, barapeli ba ’nete baa bolelloa: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Litumela-khoela li etsa batho makhoba, athe ’nete ea Bibele ea ba lokolla.—Johanne 8:32.
Bontša Hore U Rata Molimo
Ho tseba se amehang ka mekhoa le litumelo tse tsamaisanang le mekete ea Selemo se Secha sa Machaena ha se ntho e thata; empa ntho e thata ke ho etsa qeto ea ho se kopanele ho eona. Haeba u lula motseng oo ho tloaelehileng hore selemo le selemo ho ketekoa Selemo se Secha sa Machaena, kapa haeba lelapa leno le keteka Selemo se Secha hobane e le moetlo, ka sebele qeto eo u lokelang ho e etsa e thata.
Ke ’nete hore ho hlokahala sebete le boikemisetso hore motho a eme a tiile ho sa tsotellehe khatello. Mosali e mong oa Mokreste ea lulang Asia o re: “Ke ne ke tšohile haholo hobane motho e mong le e mong o ne a keteka Selemo se Secha, haese ’na feela.” O ile a thusoa ke eng? O re: “Ke ile ka khona ho ema ke tiile hobane feela ke ile ka hlaolela lerato le matla leo ke neng ke rata Molimo ka lona.”—Matheu 10:32-38.
Na u rata Jehova haholo joalo? U na le mabaka ’ohle a utloahalang a hore u mo rate. Ha ua fuoa bophelo ke molimo ea itseng ea ke keng a utloisisoa, empa u bo filoe ke Jehova Molimo, eo Bibele e reng ka eena: “Mohloli oa bophelo o ho uena; ka leseli le tsoang ho uena re ka bona leseli.” (Pesaleme ea 36:9) Hase molimo oa mahlohonolo kapa molimo oa kichine ea u hlokomelang le ea etsang hore u lule u thabile bophelong, empa ke Jehova. (Liketso 14:17; 17:28) Na le uena u tla mo rata? Kholiseha hore haeba u ka etsa joalo, Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo.—Mareka 10:29, 30.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Se boetse se bitsoa Selemo se Secha sa Lunar, Mokete oa Nakong ea Selemo, Chun Jie (Chaena), Tet (Vietnam), Solnal (Korea) kapa Losar (Tibet).
b Mekhoa e hlalositsoeng sehloohong sena e fapana ho ea ka libaka Asia, empa e thehiloe khopolong e le ’ngoe. E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Tsoha! ea January 8, 1987, leqepheng la 20-21, le Tsoha! (ea Senyesemane) ea January 8, 1970, leqepheng la 9-11.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho Tiisetsa Metsoalle le Beng ka Uena Hore U Ntse U ba Rata
Ke ntho e utloahalang hore ha e mong ka lapeng a khaotsa ho keteka Selemo se Secha sa Machaena, seo se ka makatsa metsoalle ea hae le ba lelapa. Ba ka ’na ba halefa, ba utloa bohloko, kapa ba ikutloa ba tsuoe tlaase. Leha ho le joalo, ho na le ho hongata ho ka etsoang e le hore ho lule ho e-na le khotso ka lapeng. Nahana ka se builoeng ke Bakreste ba bang ba lulang libakeng tse sa tšoaneng tsa Asia:
Jiang: “Nako e telele le pele Selemo se Secha se fihla, ke ile ka etela beng ka ’na ’me ka tlhompho ka ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha nke ke ka hlola ke kopanela mekhoeng e itseng e tloaelehileng. Ke ile ka ba hlokolosi haholo hore ke se nyenyefatse seo ba se lumelang ’me ka araba lipotso tsa bona ka boikokobetso ke sebelisa Bibele. Sena se ile sa etsa hore re buisane ka lintho tse ling tse thabisang tsa moea.”
Li: “Pele Selemo se Secha sa Machaena se fihla, ke ile ka khetha mantsoe hantle ’me ka tlhompho ka bolella monna oa ka hore ke lokela ho mamela letsoalo la ka e le hore ke thabe bophelong. Ke ile ka ba ka mo tšepisa hore nke ke ka mo hlabisa lihlong ha re etetse ba habo nakong ea matsatsi ao a phomolo. Ke ile ka makala ha letsatsing leo ka lona lelapa labo le neng le rapela baholo-holo ba lona, a nkisa sebakeng se fapaneng hore ke ee libokeng tsa Bokreste.”
Xie: “Ke ile ka bolella lelapa leso hore ruri kea le rata, ka ba ka le bolella hore tumelo ea ka e tla etsa hore ke ntlafatse haholo bophelong. Eaba joale ke sebetsa ka thata ho bontša litšobotsi tsa Bokreste tse kang bonolo, tlhompho hammoho le lerato. Ha nako e ntse e-ea, ba ile ba qala ho hlompha bolumeli ba ka. Hamorao monna oa ka o ile a ithuta Bibele ’me le eena ea e-ba Mokreste oa ’nete.”
Min: “Ke ile ka bua le batsoali ba ka ka boikokobetso le ka tlhompho. Ho e-na le hore ke ba lakaletse ‘mahlohonolo,’ ke ile ka ba bolella hore kamehla ke ba rapella ho Jehova, ’Mōpi oa rōna, hore a ba hlohonolofatse ’me a etse hore ba be le khotso le thabo.”
Fuong: “Ke ile ka bolella batsoali ba ka hore ha ho hlokahale hore ke emele Selemo se Secha e le hore ke etele ba heso. Ke ne ke ba etela khafetsa. Sena se ile sa thabisa batsoali ba ka haholo ’me ba khaotsa ho ’nyatsa. Moena oa ka le eena o ile a thahasella ho ithuta ’nete ea Bibele.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]
Panorama Stock/age Fotostock