Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:
• Molimo a ka u ruisa ka tsela efe?
Nakong e fetileng, Jehova o ile a hlohonolofatsa ba bang, ba kang Abrahama le Solomone, ka maruo. Empa maruo ao Bakreste ba a hlokang ka ho fetisisa le ao Molimo a ka thusang motho hore a a fumane, a akarelletsa tumelo, khotso, khotsofalo le thabo.—9/1, leqepheng la 3-7.
• Re ka ithuta thuto efe ketsahalong eo ho eona Jesu a ileng a pholosa Petrose ha a ne a tebela ka leoatleng? (Mat. 14:28-31)
Haeba re hlokomela hore mor’abo rōna o bonahala a haelloa ke tumelo, ka tšoantšetso re ka otlolla letsoho ebe re mo thusa hore a be le tumelo e kholoanyane.—9/15, leqepheng la 8.
• Jehova o entse boitelo bofe ho re lopolla?
Jehova o ile a mamella ha Mora oa hae a ne a hlokofatsoa a bile a songoa. ’Me, joalokaha ho ile ha tšoantšetsoa ke boikemisetso ba Abrahama ba ho nyehela mora oa hae, Jehova o ile a mamella ha Mora oa hae a ne a bolaoa joaloka senokoane.—9/15, leqepheng la 28-29.
• Ke hobane’ng ha Vatican Codex e le letlotlo?
Ke buka e ngotsoeng ka letsoho ea Segerike ea lilemong tse ka tlaase ho tse 300 ka mor’a hore ho ngoloa ha Bibele ho phetheloe. E na le hoo e ka bang karolo eohle ea Mangolo a Seheberu le Mangolo a Segerike a Bakreste. Ke buka e ’ngoe eo litsebi li e sebelisang hore li fumane hantle hore na qalong ho ne ho ngotsoe’ng Bibeleng.—10/1, leqepheng la 18-20.
• Liproverbia 24:27 e re ruta’ng mabapi le ‘ho haha lelapa’?
Monna ea batlang ho nyala o lokela ho lokisetsa boikarabelo boo. Sena se akarelletsa hore a itokisetse ho fa lelapa lintho tse bonahalang tseo le li hlokang le hore lintho tse bonahalang tseo lelapa la hae le li hlokang a etelle lelapa pele litabeng tsa moea.—10/15, leqepheng la 12.
• Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho re Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba Boprostanta?
Boprostanta bo qalile lekholong la bo16 la lilemo Europe ha ho ne ho etsoa boiteko ba ho fetola Kereke ea Roma e K’hatholike. Lentsoe la Senyesemane “Protestantism [Boprostanta]” le sebelisoa ha ho hlalosoa bohle ba tšehetsang sepheo sa Phetohelo ea Lithuto Tsa Mak’hatholike. Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le taba ea hore mopapa o na le matla a se nang moeli li bile li lumela ka hohle-hohle hore Bibele ke eona mohloli o ka sehloohong oa ’nete, empa li boetse li hanana le lithuto le mekhoa e mengata e tloaelelehileng malumeling a Boprostanta.—11/1, leqepheng la 19.
• Na ho hlokahala hore motho a ithute Seheberu le Segerike e le hore a utloisise Bibele?
Che. Ho tseba lipuo tseo ha ho bolele hore motho o tla khona ho utloisisa molaetsa oa Bibele haholo. Motho ea ithutileng lipuo tseo o sa ntse a lokela ho sebelisa lidikishinari le libuka tsa sebōpeho sa puo. Taba ea hore Molimo o ile a susumelletsa hore mantsoe a Mohlanka oa hae ea moholo ka ho fetisisa a bolokoe ka Bibele e fetoletsoeng e bontša hore motho a ka sebelisa Libibele tse fetoletsoeng ka lipuo tsa kajeno a ba a ithuta ’nete ho tsona.—11/1, leqepheng la 20-23.
• Jehova le Jesu ba behile mohlala joang tabeng ea ho bontša mekhoa e metle?
Le hoja Jehova a le boemong bo phahameng, o tšoara batho ka mosa le ka tlhompho. Ha a ne a bua le Abrahama le Moshe, o ile a sebelisa lentsoe la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le “ka kōpo.” (Gen. 13:14; Ex. 4:6) Molimo o boetse o mamela batho. (Gen. 18:23-32) Jesu le eena o ne a le joalo, ’me o ne a le malala-a-laotsoe a bile a ikemiselitse ho thusa batho ba bang, ’me hangata o ne a bile a ba bitsa ka mabitso.—11/15, leqepheng la 25.
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba qoba ho keteka Selemo se Secha sa Machaena?
Selemo se Secha sa Machaena ke mokete oa bohlokoa ka ho fetisisa liketsahalong tsa batho ba Asia. Hangata moketeng ona ho etsoa lintho tse amanang le ho fumana mahlohonolo le ho hlompha meea. Bakreste ba hlompha batsoali ba bona, empa ha ba kopanele meketeng eo sepheo sa eona e leng ho matlafatsa maqhama le baholo-holo ba hlokahetseng e le hore ba sireletsehe kapa ho batla ho amoheloa ke melimo ea lelapa.—12/1, leqepheng la 20-23.