Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 6/1 leq. 26
  • “U Tla Etsa ka Botšepehi”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U Tla Etsa ka Botšepehi”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Uena Feela ea Tšepahalang”
    Atamela ho Jehova
  • Lemohang ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ithute Mohlaleng oa Bahlanka ba Jehova ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Re Lokela ho Tšepahala ho Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 6/1 leq. 26

Atamela ho Molimo

“U Tla Etsa ka Botšepehi”

2 SAMUELE 22:26

HA HO ntho e utloisang bohloko ho feta ho soetsoa kapa ho tsuoa tlaase ke motho eo u mo tšepang. Lintho tse soabisang joalo li tloaelehile lefatšeng lena le hlokang botšepehi. (2 Timothea 3:1-5) Na ho na le motho eo re ka kholisehang hore o tla lula a tšepahala ho rōna ka ho feletseng? A re hlahlobeng se ileng sa etsahalla Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo.

Davida o ile a tobana le batho ba sa tšepahaleng ka ho fetisisa mehleng ea hae. Ka leeme o ile a qobelloa ho phela joaloka mophaphathehi ’me a hlorisoa ke Saule ea mōna, eo e neng e le morena oa pele oa Iseraele. Ka lapeng, mosali oa Davida, e leng Mikale, ha aa ka a lula a tšepahala ho monna oa hae, ho e-na le hoo, o ile “a qala ho mo nyelisa ka pelong ea hae.” (2 Samuele 6:16) Moeletsi oa Davida eo a neng a mo tšepa, e leng Akitofele, e ile ea e-ba lehlabaphio ’me a ikopanya le ba ileng ba fetohela Davida. Ke mang ea neng a li hula pele ’momoring oo? Se makatsang ke hore e ne e le mor’a Davida ka boeena, e leng Absalome! Ha Davida a ne a tobana le ho tsuoa tlaase joalo ka makhetlo, na o ile a khaotsa ho tšepa batho bohle ’me a etsa qeto ea hore ha ho na motho ea ka lulang a tšepahala?

Re fumana karabo mantsoeng a Davida a tlalehiloeng lengolong la 2 Samuele 22:26. Davida, eo e neng e le monna oa tumelo e sa sisinyeheng, o re ha a roka Jehova Molimo: “Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.” Davida o ne a kholisehile hore ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka mo soetsa hakae, Jehova o ne a tla lula a tšepahala ho eena.

A re ke re hlahlobeng mantsoe a Davida ka hloko. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “etsa ka botšepehi” le ka boela la fetoleloa e le “etsa ka mosa o lerato.” Botšepehi ba ’nete bo thehiloe leratong. Ka lerato Jehova o khomarela batho ba tšepahalang ho eena.a

Hlokomela ntlha e ’ngoe hape ea hore botšepehi hase boikutlo feela tjee boo motho a ka bang le bona empa a sa etse letho, empa ke tšobotsi e lokelang ho bontšoa ka liketso. Jehova o etsa ka botšepehi, joalokaha Davida a ile a hlokomela ka se ileng sa mo etsahalla. Ha Davida a ne a tobane le mathata a maholo ka ho fetisisa bophelong ba hae, Jehova o ile a mo thusa ’me ka botšepehi a sireletsa morena enoa ea tšepahalang a ba a mo tataisa. Ka kananelo, Davida o ile a lemoha hore Jehova ke eena feela ea neng a ka mo lopolla “liatleng tsa lira tsohle tsa hae.”—2 Samuele 22:1.

Mantsoe a Davida a bolela’ng ho rōna? Jehova ha a qeaqee ebile ha a fetohe. (Jakobo 1:17) O lula a tiile melao-motheong ea hae ’me kamehla oa tšepahala litšepisong tsa hae. Davida o ile a ngola tjena ho e ’ngoe ea lipesaleme tsa hae: “Jehova . . . a ke ke a tlohela ba tšepahalang ba hae.”—Pesaleme ea 37:28.

Jehova o ananela botšepehi ba rōna. O ananela ha re mo mamela ka botšepehi ’me o re khothalletsa ho mo etsisa ka hore re tšepahale ho batho ba bang. (Baefese 4:24; 5:1) Haeba re bontša botšepehi ka litsela tsena, re ka kholiseha hore le ka mohla a ke ke a re lahla. Ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba ka re soetsa hakae, re ka kholiseha hore Jehova o tla tšepahala ho rōna ’me a re thuse hore re hlōle liteko leha e le life tse ka re hlahelang. Na u ikutloa u susumelletseha ho atamela haufi le Jehova, “Ea tšepahalang”?—Tšenolo 16:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lengolo la 2 Samuele 22:26 le bua ntho e tšoanang le la Pesaleme ea 18:25. Phetolelo e ’ngoe ea Bibele e fetolela pesaleme eo tjena: “Ho ba tšepahalang U Iponahatsa u tletse lerato.”—The Psalms for Today.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela