Ke Hobane’ng ha Bobolu bo Ntse bo ja Setsi?
‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—MOEKLESIA 8:9.
TEMANA eo e hlalosa hantle seo mebuso ea batho e ’nileng ea se etsa. Mebuso ena ke eona e ikarabellang ka bohloko le masisa-pelo a tletseng lefatšeng. Ho theosa le lilemo, batho ba neng ba e-na le boikemisetso bo botle ba ho boloka botšepehi sechabeng ba ile ba senngoa ke meharo le bobolu. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hona ke hobane’ng ha bobolu bo ntse bo ja setsi? Ha e le hantle, ke ka lebaka la lintlha tsena tse tharo tse nang le tšusumetso e mpe.
1. Tšusumetso ea sebe.
Bibele e bolela ka ho hlaka hore ‘kaofela re tlas’a sebe.’ (Baroma 3:9) Sebe se ‘lutse’ ka har’a rōna joaloka lefu le sa phekoleheng leo re le futsitseng. Ka lilemo tse likete, sebe se ile sa “busa” moloko oa batho e le morena. “Molao” oa sona o lula o sebetsa ka har’a rōna. Taba ea hore re futsitse sebe e etsa hore batho ba bangata ba inahanele bobona le ho ameha ka ho batla maruo kapa ho fumana bolaoli ho sa tsotellehe hore na ba utloisa ba bang bohloko hakae.—Baroma 5:21; 7:17, 20, 23, 25.
2. Tšusumetso ea batho ba khopo bao re phelang har’a bona.
Hohle batho ba tsejoa ka ho ba meharo le ho ba baithati. Sena se etsa hore ho be thata hore batho ba bang e be mekhelo. Ka lebaka la boithati, ba na le takatso e matla ea ho busa batho ba bang. Ba boetse ba meharo ea ho ba le chelete e ngata le lintho tse ngata—ho feta le kamoo ba hlokang kateng. Se utloisang bohloko ke hore ba ikemiselitse ho se tšepahale e le hore ba finyelle seo ba se batlang. Ho e-na le hore ba hane litšusumetso tse mpe, batho ba joalo ba “latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.”—Exoda 23:2.
3. Tšusumetso ea Satane Diabolose.
Satane, e leng sebōpuoa sa moea sa lerabele, o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) O thabela ho qhekella batho. Ka bolotsana a ka ’na a sebelisa takatso ea tlhaho ea motho hampe ea ho batla ho phela bophelo bo mabothobotho le ho ba le chelete, hoo motho a ka etsang lintho ka bomenemene.
Na seo se bolela hore re laoloa ke Satane—e leng hore joang kapa joang re etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang? A re ke re shebe karabo sehloohong se latelang.