Ha U Nyahame
NA U KILE oa ikutloa u nyahame hoo u seng u sa batle ho phela? Haeba ho joalo, u tla utloisisa hantle hore na ’mè Adriana o ne a ikutloa joang. O ne a lula a nyahame habohloko, a sa thaba a bile a utloa eka ho felile ka eena.
Mohlala o mong ke oa ntate Kaoru oa Japane ea neng a hlokomela batsoali ba hae ba holileng ba bile ba kula. O re: “Ka nako eo mosebetsi o ne o ntletse matsoho moo ke neng ke sebetsa teng. Pelo ea ka e ne e lula e le ntšo ebile ke hlobaela. Ke ne ke nahana hore mathata a ka a tla fela haeba nka shoa.”
Ntate Ojebode oa Nigeria o re: “Ke ne ke lula ke utloile bohloko hoo ka linako tse ling ke neng ke lla, ke batla matsapa ’ohle a ho ipolaea.” Ka lehlohonolo ntate Ojebode, ntate Kaoru le ’mè Adriana ha baa ka ba ipolaea. Empa ka bomali-mabe, selemo le selemo batho ba likete baa ipolaea.
RE KA THUSOA KE ENG?
Hangata batho ba ipolaeang ke banna hobane ba soabela ho kopa thuso. Jesu o ile a re batho ba kulang ba hloka ngaka. (Luka 5:31) Le uena haeba u nyahame habohloko, u se ke oa soabela ho kopa thuso. Batho ba bangata ba nang le khatello ea maikutlo ba thusitsoe ke hore ba ee ngakeng. Ntate Ojebode, ntate Kaoru le ’mè Adriana le bona ba ile ba e-ba betere ka mor’a hore ba ee ngakeng.
Lingaka li phekola batho ba nang le khatello ea maikutlo ka litlhare le ka hore bakuli ba ntše maikutlo a bona. Batho ba nang le khatello ea maikutlo ba ka khothatsoa le ho thusoa ke beng ka bona le metsoalle. Motsoalle oa bohlokoa ka ho fetisisa ke Jehova hobane o re thusa ka lentsoe la hae e leng Bibele.
THAROLLO EA MOSHOELELLA
Batho ba bang ba nang le khatello ea maikutlo ba sebelisa litlhare nako e telele ebile ba tlameha ho fetola tsela eo ba phelang ka eona. Haeba u na le khatello ea maikutlo, le uena u ka ba le tšepo e tšoanang le ea ntate Ojebode kaha o re: “Ke lebeletse ho bona mantsoe a hlahang ho Esaia 33:24 a phethahala, a reng ha ho sa tla ba le motho ea tla re ‘kea kula.’ ” Le uena u ka kholiseha hore tšepiso ea Molimo ea ho tlisa “lefatše le lecha” moo re ke keng ra utloa “bohloko” e tla phethahala. (Tšenolo 21:1, 4) Ka nako eo ha re sa tla hlola re utloa bohloko ho hang. Re tla ke re re nk’hu! Lintho tsohle tse bohloko “li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17.