PALE EA BOPHELO
Ho Holisoa ke Batsoali ba Lipaki ho Ile ha Nthusa Hore ke Atlehe Bophelong
KA KHITLA bosiung bo bong, ’na le mor’abo rona e mong re ne re eme lintšing tsa Noka ea Niger. Ke noka e kholo e bophara ba lik’hilomithara tse ka bang peli ’me metsi a eona a ne a phalla ka potlako haholo. Ka nako eo ntoa e ne e ntse e kupa Nigeria, kahoo ho tšela Noka ea Niger ho ne ho ka beha bophelo ba rona kotsing. Ho ntse ho le joalo, re ile ra tlameha ho e tšela ka makhetlo. Ho tlile joang hore ke qetelle ke le boemong boo? E le hore u tle u utloisise, e re ke qale ka ho u phetela ka lintho tse ileng tsa etsahala pele ke hlaha.
Ntate oa ka e leng John Mills o ile a kolobetsoa ka selemo sa 1913, toropong ea New York, a le lilemo li 25. Mor’abo rona Russell ke eena ea neng a fana ka puo ea kolobetso. Nakoana ka mor’a moo, Ntate o ile a fallela Trinidad, moo a ileng a nyala ’Mè Constance Farmer, eo e neng e le Seithuti sa Bibele se chesehang. Ntate o ne a tloaetse ho tsamaea le motsoalle oa hae e leng Ntate William R. Brown, ’me ba shebellisa batho video ea “Photo-Drama of Creation.” Ba ile ba sebetsa ’moho ho fihlela ha lelapa la Ntate Brown le abeloa ho ea sebeletsa karolong e ka Bophirimela ea Afrika ka 1923. Ntate le ’Mè e ne e le batlotsuoa, ’me ba ile ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova Trinidad.
BATSOALI BA RE RATANG
Lapeng re bana ba robong, ’me abuti oa ka e moholo o ile a rehelloa ka eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society ka nako eo, e leng Rutherford. Ke ngoana oa bobeli lapeng, ’me ke hlahile ka la 30 December, 1922, ke ile ka rehelloa ka eo e neng e le mongoli oa makasine ea The Golden Age (hona joale e bitsoa Tsoha!), e leng Mor’abo rona Clayton J. Woodworth. Ha re ntse re le banyaane batsoali ba rona ba ile ba re isa sekolong kaofela, empa haholo-holo ba ne ba batla hore re sebeletse Jehova. ’Mè o ne a tseba Bibele haholo. Ntate o ne a rata ho re phetela lipale tsa Bibele, a li pheta ka mahlaha-hlaha hoo e neng eka re teng moo.
Batsoali ba rona ha baa ka ba sehlela lefeela. Lapeng re bashanyana ba bahlano ’me ba bararo ba rona re ile ra ea Sekolong sa Gileade. Likhaitseli tsa rona e leng Priscilla, Dorcas le Christine bona e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ka lilemo tse ngata Trinidad le Tobago. Kaha batsoali ba rona ba ile ba re ruta ka Jehova hape ea e-ba mehlala e metle ho rona, ba ile ba re thusa hore re lule “ka tlung ea Jehova.” Ba ile ba boela ba re khothatsa e leng ntho e ileng ea etsa hore re holele “mabaleng a Molimo oa rona.”—Pes. 92:13.
Lapeng e ne e le moo bara le barali babo rona ba neng ba matlafatsana teng bakeng sa mosebetsi oa boboleli. Bo-pula-maliboho ba ne ba kopana teng ’me hangata ba ne ba bua ka mohlala o motle oa mor’abo rona George Young oa moromuoa ea tsoang Canada ea neng a sebeletsa Trinidad. Batsoali ba ka ba ne ba thaba haholo ha ba bua ka metsoalle ea bona ea hlooho ea khomo e leng lelapa la mor’abo rona Brown, le neng le se le sebeletsa Afrika e Bophirimela. Lintho tsena kaofela li ile tsa ntšusumelletsa hore ke qale ho ea tšimong ha ke le lilemo li leshome.
QALONG
Khale koana limakasine tsa rona li ne li bua puo-phara, li seolla malumeli a bohata, bo-rakhoebo ba meharo le bo-ralipolotiki. Ka lebaka leo, ka 1936 baruti ba ile ba hlohleletsa ba boholong Trinidad hore ba thibele lingoliloeng tsa Watch Tower. Re ile ra pata lingoliloeng eaba re tsoela pele re fana ka tsona ho fihlela li felile kaofela. Re ne re tsamaea ka maoto, ba bang ba palame libaesekele, re roetse liplakate re bile re ntse re aba lipampitšana. Re ne re paka ka koloi e behileng sepikara ka holimo toropong ea Tunapuna, ho ea fihla le metseng e mahaeng ea Trinidad. Re ne re thabela mosebetsi oa rona haholo! Ho etsa mosebetsi ona ho ile ha ntšusumeletsa hore ke qetelle ke kolobelitsoe ha ke le lilemo li 16.
Re ne re paka ka koloi e behileng sepikara ka holimo toropong ea Tunapuna
Hore ebe ke holisitsoe ke batsoali ba Lipaki le hore ebe ke ile ka ruta batho Bibele ke sa le monyenyane ho ile ha etsa hore ke lakatse ho ba moromuoa. Takatso eo e ne e ntse e le teng ka 1944 ha ke fallela Aruba, ke il’o sebetsa le Mor’abo rona Edmund W. Cummings. Ka 1945 re ile ra thaba haholo hore ebe re khonne ho mema batho ba leshome hore ba tle Sehopotsong. Selemong se hlahlamang, ho ile ha thehoa phutheho ea pele sehlekehlekeng seo.
Ha re se re nyalane lintho li ile tsa ntsamaela hantle le ho feta
Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka pakela mosebetsi-’moho le ’na e leng Oris Williams. O ile a leka ka hohle ho emela lintho tseo a neng a ithutile tsona kerekeng ea hae. Leha ho le joalo, ha re ntse re ithuta Bibele o ile a hlokomela hore na ha e le hantle Lentsoe la Molimo le re’ng eaba o kolobetsoa ka la 5 January, 1947. Ka mor’a nako, re ile ra ratana eaba rea nyalana. E ile ea e-ba pula-maliboho ka November 1950. Ha re se re nyalane, lintho li ile tsa ntsamaela hantle le ho feta.
TŠEBELETSO E THABISANG EA HA RE LE NIGERIA
Ka 1955, re ile ra memeloa Sekolong sa Gileade. Ha re ntse re itlhophela ho ea teng, re ile ra beha meja fatše mosebetsing, ra rekisa ntlo ea rona le lintho tse ling eaba rea tsamaea. Ka la 29 July, 1956, re ile ra qeta sekolong re le sehlopha sa bo27, eaba re abeloa ho ea sebeletsa Nigeria.
Re na le lelapa la Bethele e Lagos Nigeria, ka 1957
Ha re hetla morao, mohats’aka o kile a re: “Moea oa Jehova o ka thusa motho hore a tenyetsehe le mathata le maima a ho ba moromuoa. Ho fapana le monn’aka, ’na ke ne ke sa rate ho ba moromuoa. Ke ne ke ipatlela ho ba le haka le ho ba le bana. Ke ile ka fetola maikutlo ha ke elelloa hore na ho bolela litaba tse molemo ho potlakile hakae. Ha re qeta Sekolong sa Gileade ke ne ke se ke le malala-a-laotsoe hore ke il’o ba moromuoa. Ha re ne re kena ka sekepeng sa Queen Mary, Mor’abo rona Worth Thornton, ea neng a sebetsa ofising ea Mor’abo rona Knorr, o ile a re ho rona ‘Tsela tšoeu!’ O ile a re re il’o sebeletsa Bethele. Ke ile ka khotsa ka re: ‘Jonna oe!’ Empa ke ile ka tenyetseha ka potlako eaba ke rata Bethele, ’me ka thabela ho sebetsa mafapheng a mangata. Mosebetsi oo ke ileng ka o thabela haholo ke oa ho amohela baeti ba kenang Bethele. Ke thabela ho ba har’a batho ’me mosebetsi ona o ne o etsa hore ke lule ke kopana le bara le barali babo rona ba Nigeria. Ba bangata ba ne ba fihla ba le lerole, ba khathetse, ba nyoriloe ba bile ba lapile. Ke ne ke thabela ho ba amohela ka ho ba phomosetsa ka se eang ka maleng. Kaha mesebetsi eo ke neng ke e etsa ke ea Jehova, ke ne ke lula ke khotsofetse ke bile ke thabile.” Ruri mesebetsi eohle eo re neng re e etsa e ne e re thabisa.
Ka 1961, lelapa leso le ile la kopana hammoho ’me mor’abo rona Brown o ile a ba teng eaba o re phetela liphihlelo tse monate tsa ha a le Afrika. Ka mor’a moo, le ’na ke ile ka ba phetela ka kholo e ileng ea e-ba teng Nigeria. Mor’abo rona Brown o ile a nhaka eaba o re ho ntate: “John, ha ho mohlang u kileng oa ea Afrika empa mora oa hao o se a tsoa teng.” Ha ntate a mo araba o ile a re: “Pele ea pele moshanyana’ka!” Ho khothatsoa ke likoankoetla tsa tumelo ka tsela eo, ho ile ha etsa hore takatso ea ka ea ho batla ho sebeletsa Jehova e be matla le ho feta.
Mor’abo rona William “Bible” Brown le mohats’ae Antonia ba ile ba re khothatsa haholo
Ka 1962, re ile ra ba le monyetla oa ho ea Sekolong sa Gileade hape ’me ra ba sehlopheng sa bo37, moo re ileng ra koetlisoa ka likhoeli tse leshome. Mor’abo rona Wilfred Gooch eo e neng e le molebeli oa lekala ka nako eo, o ile a memeloa ho ba teng sehlopheng sa bo38 eaba ka mor’a moo ho thoe a ee Engelane. Kahoo, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le molebeli oa lekala Nigeria. Ke ile ka qala ho tsamaea mohlaleng oa mor’abo rona Brown ka ho etela bara le barali babo rona ba Nigeria ’me taba eo e ile ea etsa hore ke ba tsebe haholoanyane le ho ba rata. Le hoja ba ne ba se na chelete le lintho tse ngata joaloka batho ba linaheng tse ruileng, hore feela ba ne ba lula ba thabile e ne e le bopaki ba hore maruo le chelete ha se tsona tse ka etsang hore motho a thabe. Ho sa tsotellehe maemo ao a bona, ba ne ba lula ba hloekile, ba le makhethe ba bile ba hlompheha ha ba le libokeng. Ha ba ne ba e-ea likopanong, boholo ba bona ba ne ba palama lilori le libese tsa moo tse bitsoang bolekajasa. Boholo ba tsona li ne li ngotsoe maphakong. E ’ngoe ea tsona e ne e ngotsoe: “Little drops of water make a mighty ocean.”
Mantsoe ana a bua ’nete. Boiteko bohle boo motho e mong le e mong a bo etsang ke ba bohlokoa le haeba bo fokola haholo. Ka 1974, Nigeria e ile ea e-ba naha ea pele e ileng ea hlahlama Amerika ka ho ba le bahoeletsi ba 100 000. Kannete mosebetsi oa rona o ile oa ba le litholoana tse ntle haholo.
Le hoja ntoa ea lehae e ne e ntse e kupa Nigeria ho tloha ka 1967 ho ea ho 1970, palo ea bahoeletsi eona e ne e ntse e eketseha. Barab’abo rona ba Biafran e ka mose ho Noka ea Niger, ba ile ba qeta likhoeli tse itseng ba sa khone ho buisana le barab’abo rona ba ofising ea lekala. Kahoo, re ne re lokela ho ba isetsa lingoliloeng. Joalokaha ke boletse qalong, re ne re tlameha ho tšela noka ena ka makhetlo ’me ho tšepa Jehova le ho mo rapela ho ile ha re thusa.
Ke hopola kamoo ho neng ho le kotsi kateng ho nka maeto a ho tšela Noka ea Niger moo masole a neng a ka re thunya neng kapa neng, ra kula kapa ra hlaheloa ke likotsi. Re ne re thulana le mathata a mangata ha re kopana le masole a ’muso empa ho ne ho e-ba thata le ho feta ha re fihla Biafran moo marabele a neng a ipatile teng. Bosiung bo bong, Noka ea Niger e ne e jele litlhokoa e bile e hoba ’me ke ne ke lokela ho e tšela ka seketsoana ke tsoa Asaba ke ea Onitsha moo ke neng ke il’o khothatsa baholo ba liphutheho tse Enugu. Ke ile ka boela ka matlafatsa baholo ba neng ba lula Aba, e leng sebaka seo batho ba teng ba neng ba sa lumelloa ho laeta mabone bosiu e le hore ba lireng ba se ke ba ba bona. Athe Port Harcourt teng, re ile ra tlameha ho khaotsa liboka ka lehare hobane masole a ile a kena Biafran moo marabele a neng a ipatile teng.
Liboka tseo e ne e le tsa bohlokoa hobane li ile tsa thusa bara le barali babo rona ho bona hore Jehova oa ba rata, tsa ba thusa ho momahana le hore ba se ke ba kena-kenana le lipolotiki. Bara le barali babo rona ba Nigeria ba ile ba atleha ho mamella mathata ao ’ohle. Lerato le ile la ba thusa hore ba lule ba momahane le hore ba se ke ba ba le khethollo ea morabe. Ke ile ka khothala haholo ha ke ntse ke oa ke tsoha le bona mathateng ao kaofela.
Ka 1969, ho ile ha e-ba le Kopano ea Machaba e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium Amerika, e nang le sehlooho se reng: “Khotso Lefatšeng.” Mor’abo rona Milton G. Henschel e ne e le molula-setulo, kaha ke ne ke le motlatsi oa hae, ke ile ka ithuta lintho tse ngata ho eena. Ntho eo e ile ea nthusa kaha ho ile ha e-ba le Kopano ea Machaba ka 1970 toropong ea Lagos Nigeria, e neng e e-na le sehlooho se reng: “Batho Bao a Khahloang ke Bona Lefatšeng.” Kaha moea oa ntoa ke hona o neng o ntse o kokobela, kopano ena e ile ea atleha feela ka matla a Jehova. E ile ea roba rekoto hobane e ile ea tšoaroa ka lipuo tse 17 ’me ho ile ha tla batho ba 121 128. Mor’abo rona Knorr le mor’abo Henschel le baeti ba bang ba ile ba fihla ka lifofane tse hirisitsoeng tse tsoang Amerika le Engelane. Ho ile hoa kolobetsoa batho ba 3 775 ’me e ne e le palo e kholo ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng ka mor’a Pentekonta. Ke ile ka phathahana hona hoo e le hore kopano ena e atlehe. Bahoeletsi ba Nigeria ba ne ba eketseha ka sekhahla se seholo.
Kopanong ea Machaba ea sehlooho se reng “Batho Bao a Khahloang ke Bona Lefatšeng,” ho ile ha e-ba le batho ba 121 128, ba buang lipuo tse 17 ho akarelletsa le ea Seibo
Lilemo tse ka holimo ho 30 tseo ke li qetileng ke le Nigeria, ke ile ka thabela ho ba molebeli oa potoloho ka nakoana le ho ba molebeli ea etelang makala Afrika e Bophirimela. Baromuoa ba ne ba thaba haholo ha re ba khothatsa le ho mamela maikutlo a bona. Ba ile ba khothala haholo ha re ba tiisetsa hore ha ba bang. Mosebetsi ona o ile oa nthusa ho bona hore bara le barali babo rona ba rata ho sebeletsa Jehova ebile ba lula ba momahane haeba re ela hloko litlhoko tsa bona.
Jehova o ile a re thusa ho mamella mathata ao re ileng ra ba le ’ona ka lebaka la ntoa ea lehae le ho kula. Re ne re lula re bona kamoo a re tšehelitseng kateng. Mohats’aka o ile a re:
“Re ile ra tšoaroa ke malaria ka makhetlo a ’maloa. Ka lekhetlo le leng, monna oa ka o ile a akheha eaba re mo isa sepetlele toropong ea Lagos. Ke ile ka bolelloa hore a ke ke a phela empa ka lehlohonolo o ile a phela. Ha a qala ho hlaphoheloa o ile a bolella mooki oa hae ka ’Muso oa Molimo. Hamorao, ’na le mochesi oa ka re ile ra khutlela ho mooki eo e leng ntate Nwambiwe, ho ea mo thusa ho ithuta Bibele. O ile a lumela ho ithuta Bibele ’me e se e le moholo. Le ’na ke ile ka atleha ho ruta batho ba bangata Bibele ho akarelletsa le Mamosleme. Empa re ile ra thaba haholo ha re e-ba le monyetla oa ho tseba bara le barali babo rona ba Nigeria, moetlo oa bona, setso sa bona le puo ea bona.”
Re ile ra ithuta ’nete ena ea bohlokoa ea hore, haeba re batla ho sebeletsa linaheng tse ling, re lokela ho rata bara le barali babo rona ho sa tsotellehe hore na meetlo ea bona e fapane hakae le ea rona.
RE FETOLA MAOA
Ka mor’a ho sebeletsa Bethele e Nigeria, ka 1987 re ile ra kopuoa hore re il’o ba baromuoa sehlekehlekeng se setle sa St. Lucia. Re ile ra thabela mofuta ona oa tšebeletso haholo empa o ne o e-na le liphephetso tsa teng. Ho fapana le Afrika, moo banna ba teng ba neng ba lumelletsoe ho nyala sethepu, mona St. Lucia bothata e ne e le hore monna le mosali ba ne ba ka lula ’moho ba sa nyalana. Empa kaha Lentsoe la Molimo le matla, le ile la thusa batho ba bangata ho etsa liphetoho bophelong ba bona.
Haesale ke rata mohats’aka ka lilemo tse 68 tseo re li phetseng ’moho
Butle-butle matla a rona a ne a ntse a fela ’me le botsofali bo re nanarela. Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa re kopa hore re ee ntlo-kholo e Brooklyn New York, ka 2005. Ke lula ke leboha Jehova ka hore ebe o ile a mpha Oris. Mosali enoa oa ka ea ratehang o ile a khaoletsoa ke lefu ka 2015 ’me ka linako tsohle ha ke mo hopola ke utloa bohloko. E ne e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo ’me a e-na le makhabane a matle. Haesale ke rata mohats’aka ka lilemo tse 68 tseo re li phetseng ’moho. Re ile ra ithuta hore e le hore re lule re thabile, ebang ke lenyalong kapa ka phuthehong, re lokela ho hlompha bohlooho, re tšoarelane ka bolokolohi, re ikokobetse re be re be le litholoana tsa moea.
Ha re ne re qakehile re sa tsebe hore na re nka eng re e kopanya le eng, re ne re kopa Jehova hore a re thuse re se ke ra khaotsa ho mo sebeletsa. Empa ha re tloaelana le maemo, lintho li ne li itsoella pele hantle ka linako tsohle.—Esa. 60:17; 2 Bakor. 13:11.
Hae koana Trinidad le Tobago, Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa batsoali ba ka le Bakreste-’moho le bona ka hore ebe batho ba 9 892 e ile ea e-ba barapeli ba hae. Haele Aruba, bara le barali babo rona ba ile ba sebetsa ka thata ho matlafatsa phutheho eo ke neng ke kopanela ho eona. Hona tjena ho na le liphutheho tse 14 sehlekehlekeng seo. Athe Nigeria teng, re na le letšoele le leholo la bahoeletsi ba 381 398. Ho boetse ho na le bahoeletsi ba 783 sehlekehlekeng sa St. Lucia.
Se ke le e chaba. Pesaleme ea 92:14 ha e bua ka batho ba holileng e re: “Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha.” Ke motlotlo hore ebe ke sebelelitse Jehova bophelo bohle ba ka. Ho holisoa ke batsoali ba Lipaki ho ile ha ntšusumelletsa hore ke batle ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba ka. Kaha Jehova o nthatile, o ile a nthusa hore ke ‘hlahise lithunthung.’—Pes. 92:13.
a Sheba Tsoha! ea Senyesemane ea March 8, 1972, maq. 24-26.