Lokisetsang Sehopotso
Na e mong le e mong, ho kopanyelletsa le sebui, ba se ba tsebisitsoe nako e tobileng le sebaka sa ketsahalo ena? Na sebui se hlokometse hore lenaneo ha lea lokela ho feta metsotso e 45?
Na ho na le motho ea abetsoeng ho batla litšoantšetso? (Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1990, maqepheng a 16-18.) Na litokisetso li se li entsoe bakeng sa hore tafole e tekoe ka lesela le hloekileng le palo e lekaneng ea likhalase le lipoleiti?
Na ho se ho entsoe litokisetso bakeng sa ho hloekisa Holo ea ’Muso pele le ka mor’a sona? Na bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba se ba fuoe likabelo tsa bona? Na ho se ho tšoeroe seboka le bona ho tšohla mesebetsi eo ba tla e etsa? Ho tla lateloa mokhoa ofe ho tiisa hore bohle ba fetiselitsoe litšoantšetso hantle?
Na ho se ho entsoe litokisetso bakeng sa ho thusa baena le bo-khaitseli ba hōlileng le ba kulang hore ba be teng? Haeba ho e-na le ba bang ba batlotsuoa bao ho ka etsahalang hore ebe ba sitoa ho ba teng, na ho entsoe litokisetso bakeng sa hore ba fuoe litšoantšetso?