Ke Hobane’ng ha U Boloka Tlaleho ea Mahae a se Nang Batho?
1 Banyalani ba Lipaki ba ile ba ea tšebeletsong ea tšimo hoseng ka letsatsi le leng. Hamorao letsatsing lona leo, ba ile ba khutlela ho ea akaretsa mahae a neng a se na batho tšimong eo. Monna e mong o ile a ba mema hore ba kene ’me o ile a ba mamela ka hloko. O ile a nka buka ea Phela ka ho sa Feleng ’me a botsa hore na Lipaki tseo li tla khutla. Ho ne ho se mohla a kileng a buisana le Lipaki tsa Jehova pele ’me o ne a e-na le lipotso tse ngata tseo a neng a batla hore li arabeloe; ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Banyalani bana ba ile ba thaba haholo ho fumana motho ea joalo ea kang nku. Na le uena u ka thabela ho ba le phihlelo e joalo? Ho boloka tlaleho e ntle ea mahae a se nang batho le ho khutlela kapele ho ka u nolofalletsa ho etsa joalo.
2 Ka makhetlo a mangata re ile ra phehelloa ho boloka tlaleho e nepahetseng ea mahae a se nang batho le ho khutlela kapele-pele. Joalokaha phihlelo e ka holimo e bontša, ketelo e ’ngoe hona letsatsing leo e ka tlisa liphello tse molemo. Le hoja re ka ikemisetsa ho akaretsa tšimo eo re e abetsoeng, mohlomong ha re hlokolosi hakaalo ho boloka tlaleho ea batho ba sieo malapeng. Ba bang ba re: ‘Re sebetsa tšimo ea rōna libeke tse ling le tse ling tse peli kapa tse tharo; ha ho hlokahale hore re boloke tlaleho e joalo hobane re tla khutla kapele.’ Empa seo se boetse se re neha lebaka le eketsehileng la ho boloka tlaleho. Moo tšimo e akaretsoang khafetsa, ho khutlela mahaeng ao ho se nang batho ho ’ona ho re nolofalletsa ho ba ba hlokolosi ka ho eketsehileng ha re batla ba tšoanelehang. Joang?
3 Libakeng tse ngata, karolo ea 50 lekholong kapa ho feta ea baahi ha e eo malapeng motšehare. Ha e le hantle, re etsa hore ho be le tšimo e ngata ka ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng mahaeng ao ho ’ona ho se nang batho. Esita le haeba tšimo e sa sebetsoe kamehla, re ka ntlafatsa liphello ha ho etsoa boiteko ba ho finyella e mong le e mong pele re bontša hore tšimo eo e sebelitsoe.
4 Ho khutlela mahaeng a se nang batho hangata ho ka lokisetsoa bakeng sa letsatsi le leng, haholo-holo har’a beke. Ba bangata ba ho fumana ho le molemo ho khutlela ka letsatsi le nako tse fapaneng le ketelo ea pele. U ka khetha ho sebelisa e ’ngoe ea nako ka Moqebelo kapa ka Sontaha ho khutlela mahaeng ao ho ’ona ho neng ho se na batho har’a beke. Hape, liphutheho tse ngata li fumane hore ho etsa maeto a joalo lihoreng tsa pele tsa mantsiboea ho ile ha hlahisa litholoana. Li ka ’na tsa fumana karolo e fetang halofo ea baahi e le teng mahaeng.
5 U lokela ho ngola maeto a hao a ho boela litlalehong tsa hao tsa botho. Haeba u hlōleha ho khutlela moo u sa fumanang motho lapeng, tlaleho ea hao ea mahae a se nang batho e lokela ho fuoa mor’abo rōna ea etellang sehlopha pele tšebeletsong hore sehlopha se latelang ha se il’o sebetsa tšimo eo se sebelise tlaleho ea hao.
6 Ho falimehela tšobotsi ena ea tšebeletso ea rōna haholoanyane ho ka eketsa litholoana tseo re li hlahisang esita le thabo ea rōna. Ho ka re neha khotsofalo e tlang ka lebaka la ho tseba hore re bile hlokolosi ho batla le ho hlokomela batho ba kang linku.—Ezek. 34:11-14.