Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/96 leq. 1
  • Mehla e Fetohile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehla e Fetohile
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molaetsa oo re Lokelang ho o Phatlalatsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Bolela ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Bolumeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Le ka Mohla U se Lebale Hore U Paki!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 4/96 leq. 1

Mehla e Fetohile

1 Bibele e re bolella hore “pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Bakor. 7:31) Seo ke ’nete hakaakang kajeno! Esita le nakong ea bophelo ba rōna, re bone liphetoho tse khōlō monahanong le boitšoarong ba batho maemong ’ohle a mokhatlo oa batho. Hore re tle re atlehe ho ba finyella ka molaetsa oa ’Muso, katamelo ea rōna e lokela ho iphaphatha le mehla e fetohang. Re batla ho nehelana ka litaba tse molemo ka tsela e tla thahasellisa batho le ho finyella lipelo tsa bona.

2 Lilemong tse fetileng, linaheng tse ngata mosebetsi oa bopaki o ne o fapane hobane boholo ba batho bo ne bo phela bophelo bo khutsitseng haholo, ’me ba ne ba ikutloa ba sireletsehile. Bolumeli e ne e le ba bohlokoa haholo bophelong ba bona. Bibele e ne e hlomphuoa haholo. Mehleng eo hangata bopaki bo ne bo akarelletsa ho hanyetsana ka litaba tsa bolumeli. Kajeno bophelo ba batho bo pherekanong e khōlō. Bolumeli boa songoa. Ke ba ’maloa ba nang le tumelo Bibeleng. ’Me ho ba bangata, khopolo ea ho iphetola ha lintho e sentse tumelo ho Molimo.

3 Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a hlokomela: “Hona joale, ho bonahala ho e-na le mathata le likhatello tse ngata bophelong ba batho hoo re tlamehang ho ba ruta mokhoa oa bophelo.” Lintho tseo batho ba amehileng ka tsona hona joale li akarelletsa se ba potolohileng, malapa a bona le matšoenyeho a bona. Tsena ke lintho tseo ba buang ka tsona haholo ha ba kopane. Re tlameha ho hopola seo mosebetsing oa rōna oa bopaki.

4 ’Muso oa Molimo ke Oona Feela Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bokamoso: Boholo ba batho bo na le tšepo e fokolang ’musong oa batho. Ba ikutloa hore ha ho tebello ea ho bona lefatše le molemo haholoanyane nakong ea bophelo ba bona. Bolumeli ba bohata bo hlōlehile ho ba neha motheo leha e le ofe oa tšepo. Ke ka lebaka leo tlhoko e khōlō ka ho fetisisa ea moloko oa batho e leng ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Bontša kamoo o tla qetella o nehelane ka tharollo mathateng ’ohle ao moloko oa batho o talimaneng le ’ona.

5 Bibele ke Eona Feela Mohloli o Tšepahalang oa Tataiso: Kajeno batho ba bangata ba khelositsoe ke baeta-pele ba tšepileng bohlale ba batho le lifilosofi tsa lefatše. Ke hona batho ba tla hlokomela hore “motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jer. 10:23) Thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ba ka ithutang eona ke hore ba tlameha ho ‘tšepa Jehova ka lipelo tsa bona tsohle le ho se tšepe bohlale ba bona.’ (Liprov. 3:5) Le hoja mehla e fetohile, Bibele eona ha e-ea fetoha. Kahoo, ha re le tšebeletsong, ka linako tsohle re tlameha ho buella Lentsoe la Molimo, ho ruta ba bang ho ananela tataiso ea lona e bululetsoeng le ea bomolimo. (2 Tim. 3:16, 17) Bakeng sa ho phethahatsa morero oo, re tlameha ho bontša batho bohlokoa ba Bibele ka ho e qotsa linehelanong tsa rōna, ho e sebelisa ho arabela lipotso tsa bona le ho buella bohlokoa ba ho ithuta eona le ho sebelisa bohlale ba eona bo sebetsang.

6 Esita le mehleng ea kajeno e fetohang, sepheo sa rōna tšebeletsong ha sea fetoha. Re lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re hahe kholiseho Lentsoeng la Molimo le ho thusa ba bang ho bona bohlokoa ba ho ithuta Bibele le rōna. Seo re se buang se tlameha ho amana le litlhoko tsa nakong ea joale tsa bao re ba pakelang. Ka ho etsa sena, re ka ba ba abelanang le ba bang litaba tse molemo le ho fumana batho ba bangata haholo.—1 Bakor. 9:19, 23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela