Ba Thuseng ho Sebeletsa Hape
1 Ka ho lemoha kotsi ea moea e neng e ka ’na ea hlahela Bakreste-’moho le eena, moapostola Pauluse o ile a ngola: “E se e le hora ea hore le tsohe borokong, kaha joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli.” (Baroma 13:11) Pauluse o ne a amehile ka barab’abo ba neng ba otsela moeeng; o ne a laba-labela ho ba tsosolosa hore ba nchafatse tšebeletso ea bona.
2 Ka sebele ho ka boleloa hore bosiu ba lefatše lena la khale bo roalellane ’me mafube a lefatše le lecha a se a le haufi. (Baroma 13:12) Re na le lebaka le letle la hore re amehe ka barab’abo rōna ba khaolitseng ho kopanela le rōna e le baboleli ba litaba tse molemo. Selemong se fetileng sa tšebeletso, Afrika Boroa feela, ho ile ha tsosolosoa bahoeletsi ba fetang 1300. Re ka thusa ba bang ba sa tsoeng hore ba boele ba sebeletse Jehova joang?
3 Seo Baholo ba ka se Etsang: Boholo ba ba sa tsoeng ha boa lahla ’nete; ba mpa feela ba khaolitse ho bolela ka lebaka la ho nyahama, mathata a botho, lintho tse bonahalang, kapa matšoenyeho a mang a bophelo. (Luka 21:34-36) Haeba ho khoneha, ho molemo haholo ho ba thusa pele e e-ba ba sa tsoeng. Mongoli oa phutheho o lokela ho hlokomelisa mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho ha mohoeletsi e mong a sa tlalehe tšebeletso ea hae kamehla. Ho ka etsoa litokisetso bakeng sa leeto la bolisa. Ba lokela ho leka ho fumana sesosa sa bothata le hore na thuso e ka fanoa joang.—Bona Molula-Qhooa oa September 15, 1993, maqepheng a 20-3.
4 Kamoo ba Bang ba ka Thusang Kateng: Boholo ba rōna re tseba e mong ea seng a sa tsoe. E ka ’na ea e-ba motho ea neng a le haufi-ufi le rōna nakong e fetileng. Re ka etsa eng ho thusa? Ke hobane’ng ha re sa fapohele ka nako e khutšoanyane. Mo bolelle hore u hloloheloa botsoalle ba hae. E-ba ea hlasimollang le ea nang le boikutlo bo nepahetseng. Bontša ho ameha ha hao ka ntle le ho fana ka maikutlo a hore o kula moeeng. Pheta liphihlelo tse hahang kapa lintho tse ling tse molemo tse finyelloang ke phutheho. Ka cheseho mo bolelle ka Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” qetellong ea selemo ’me u mo khothaletse hore a be teng. Ho kopanela le phutheho hape ho ka ’na ha mo thusa ho feta ntho leha e le efe. Etsa tlhahiso ea hore u batla ho tsamaea le eena ho ea libokeng. Tsebisa baholo ka karabelo eo u e fumaneng.
5 Ha motho ea neng a sa tsoe a khutlela libokeng, ho ka etsahala hore a ikutloe a sa phutholoha ha a kopana le ba bang bao a neng a ba tseba nakong e fetileng. Se ke ua botsa, “U ne u ntse u le hokae?” Ho e-na le hoo, mo etse hore a ikutloe a amohelehile. Mo kenye moqoqong. Mo tsebise bao a sa ba tsebeng. Lula le eena nakong ea seboka, u etse bonnete ba hore o na le buka ea lipina le boitsebiso bo ithutoang. Mo khothaletse hore a khutle, ’me u ithaopele hore u tla mo thusa haeba ho hlokahala.
6 Ka ho ba le boikutlo bo mofuthu ho ba neng ba hlahlathetse, Jehova le Jesu baa thaba ha ba joalo ba hlaphoheloa moeeng. (Mal. 3:7; Mat. 18:12-14) Re ka ba le thabo e tšoanang haeba re atleha ho thusa ba bang ho sebeletsa Jehova hape.