Thusa ba se Nang Phihlelo Hore ba Utloisise
1 Ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa, re ruta ba bang seo Molimo a se hlokang ho bona. (Mat. 28:19, 20) Lipaki tse fetang limilione tse hlano li etsa boiteko bo boholo haholo lefatšeng ka bophara ho finyella seo. Katleho ha e lekanyetsoe ka lihora tse sebelitsoeng, libuka tse tsamaisitsoeng kapa lithuto tsa Bibele tse qaliloeng. Re finyella morero oa rōna ha batho ba utloisisa ’me ba nka bohato ka seo ba ithutang sona.
2 Ho thusa ba bang moeeng ho akarelletsa ho “nea lithoto kutloisiso.” (Pes. 119:130) Hafeela batho ba ‘utloisisa,’ ba angoa lipelo ’me ba susumelletsoa ketsong. (Mat. 15:10) Ha mosebetsi oa rōna o atoloha ’me o fumana matla, re lemoha haholoanyane hore hoa hlokahala hore re bolele le ho ruta ka bonolo. Ke ka lebaka leo Mokhatlo o ileng oa hatisa bukana e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? E fupere thupelo ea thuto e batsi e akaretsang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Lithuto tseo li khutšoanyane, mantsoe a bonolo, le taeo e bonolo ho utloisisoa, e leng ho etsang hore bukana eo e ipiletse haholo.
3 Ho tla buelloa bukana ena hammoho le nehelano ea peeletso khoeling ea April le ea May. Isa bukana ena bathong ba ileng ba amohela lingoliloeng habonolo nakong e fetileng. Hopola hore ho ka ba molemo ka ho khethehileng ho ruta bana, batho ba sa tsebeng ho bua puo ea sebaka ka seng, le ba sa tsebeng ho bala hantle.
4 Sebelisa Katamelo e Bonolo: Ha u nehelana ka bukana ea Seo a se Hlokang, leba leqepheng la 2, moo e hlalosang hore “bukana ena e reretsoe ho ba thupelo ea thuto ea Bibele.” Supa serapeng sa 3 leqepheng la 3 ho bontša hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba ithute Bibele. Tsosa thahasello ea hae ka tse ling tsa lihlooho tsa lithuto tse senolang linnete tsa Bibele tse bonolo. Mo bontše kamoo bukana ena e etsang hore ho ithuta e be ntho e thabisang kateng, ’me u etse tlhahiso ea hore u ka mo thusa ka bouena.
5 Khanna Thuto e Tsoelang Pele: Pakane ea rōna hase feela ho khanna lithuto—re batla ho etsa barutuoa bao e tlang ho ba batšehetsi ba tiileng ba borapeli ba ’nete. Bukana ena e ka qetoa ka nako ea libeke tse seng kae feela ’me e lokela ho lebisa thutong ea buka ea Tsebo. (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe leqepheng la 31.) Li sa tloha feela, thusa seithuti hore se khetholle mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 328-9.) Hatisa bohlokoa ba liboka tsa phutheho, ’me u hlalose hore ho ea ho tsona ho fana ka kutloisiso e batsi ea mokhoa oa ho sebelisa borapeli ba ’nete.—Baheb. 10:24, 25.
6 Ka sebele ho kopanela ka botlalo mosebetsing ona o khethehileng ka April le May ho tla re tlisetsa thabo e tsoaloang ke ho thusa ba tšepahalang hore ba “rue kutloisiso” e isang bophelong.—Liprov. 4:5.